Mangolo a halalelang
Alma


Mantsoe ao Alma, Moprista e moholo ho latela mokhoa o halalelang oa Molimo, a builoeng ho batho metseng le metsaneng hohle lefats’eng leo.

Ho qala ka khaolo ea 5.

Khaolo ea 5

Ho fumana poloko, batho ba tlameha ho baka le ho boloka litaelo, ba tsoaloe la bobeli, ba hloekise liaparo tsa bona ka mali a Kreste, ba ikokobetse ’me ba hlobole boikhohomoso le mohono, ’me ba etse mesebetsi ea ho loka—Molisa ea molemo o bitsa batho ba hae—Ba etsang mesebetsi e mebe ke bana ba diabolose—Alma o pakahatsa ka ’nete ea thuto ea hae ea tumelo ’me o laela batho ho baka—Mabitso a ba lokileng a tla ngoloa bukeng ea bophelo. Ka bo 83 B.C.

1 Joale ho ile ha etsahala hore Alma a qale ho bolela lentsoe la Molimo ho sechaba, pele lefats’eng la Zarahemla, ’me ho tloha moo ho ea hohle lefats’eng leo lohle.

2 ’Me ana ke mantsoe ao a ileng a a bua ho batho kerekeng e neng e theuoe motseng oa Zarahemla, ho latela lingoliloeng tsa hae, a re:

3 ’Na, Alma, ka ha ke tlotsitsoe ke ntate, Alma, ho ba moprista e moholo holima kereke ea Molimo, eena ka ha a ne a na le matla le tokelo ho tsoa ho Molimo e etsa ntho tsena, bonang, ke re ho lona o ile a qala ho theha kereke lefats’eng leo le neng le le meeling ea Nefi; ee, lefats’e le bitsoang lefats’e la Mormone; ee, ’me o ile a kolobetsa ba habo metsing a Mormone.

4 ’Me bonang, ke re ho lona, ba ile ba lopolloa ho tsoa matsohong a batho ba morena Noe, ka mohau le matla a Molimo.

5 ’Me bonang, kamorao ho moo, ba ile ba tlisoa litlamong ka matsoho a Ba-Lamane lefelleng; ee, ke re ho lona, e e ne e le bats’oaruoa, ’me hape Morena o ile a ba lopolla litlamong ka matla a lentsoe la hae; ’me re ile ra tlisoa lefats’eng lena, ’me mona ra qala ho theha kereke ea Molimo hohle lefats’eng lena hape.

6 ’Me joale bonang, ke re ho lona, bana beso, lona ba kenang kereke, na le lekantse ho boloka mehopolong ea lona bots’oaruoa ba bo ntat’a lona? Ee, ’me na le lekantse ho boloka mehopolong mohau oa hae le mamello e telele malebana le bona? ’Me ho feta moo, na le lekantse ho boloka mehopolong hore o lopollotse meea ea bona liheleng?

7 Bonang, o fetotse lipelo tsa bona; ee, o ba tsositse borokong bo tebileng, ’me ba tsohela ho Molimo. Bonang, ba ne ba le har’a lefifi, le ha ho le joalo, meea ea bona e ne e khants’itsoe ka khanya ea lentsoe le sa feleng, ee, ba ne ba fasitsoe ka litlamo tsa lefu, le liketane tsa lihele, ’me ts’enyeho e sa feleng e ne e ba emetse.

8 ’Me joale kea le botsa, bana beso, na ha ba ka ba timetsoa? Bonang, ke re ho lona, Che, ha ho ea ba joalo.

9 ’Me hape kea botsa, na litlamo tsa lefu ha li ea ka tsa khaoloa, le liketane tsa lihele tse neng li ba fasitse, na ha lia ka tsa fasolloa? Ke re ho lona, Ee, li ile tsa fasolloa, ’me meea ea bona e ile ea atoloha, ’me ba ile ba bina lerato le lopollang. ’Me ke re ho lona hore ba pholositsoe.

10 ’Me joale kea le botsa hore na ke ka maemo a feng ba pholositsoeng? Ee, ba ne ba na le mabaka a feng ho ba le ts’epo ea pholoso? Ke eng se entseng hore ba fasolloe litlamong tsa lefu, ee, ’me hape le liketaneng tsa lihele?

11 Bonang, nka le bolella—na ntate Alma ha a ka a lumela mantsoe a boletsoeng ka molomo oa Abinadi? ’Me na e ne e se moporofeta ea halalelang? Na ha a ka a bua mantsoe a Molimo, ’me ntate Alma a a lumela?

12 ’Me ho latela tumelo ea hae ho ile ha sebetsa phetoho e kholo pelong ea hae. Bonang ke re ho lona hore sena sohle ke ’nete.

13 ’Me bonang, o rutile lentsoe ho bo ntat’a rona, ’me phetoho e kholo e ile ea sebetsa lipelong tsa bona, ’me ba ile ba ikokobetsa ’me ba beha ts’epo ea bona ho Molimo oa ’nete ea phelang. ’Me bonang, ba ile ba ts’epahala ho fihlela qetellong; ka baka leo ba ile ba pholosoa.

14 ’Me joale kea le botsa, bana beso ba kereke, na moeeng le tsoetsoe ke Molimo? Na le amohetse sets’oants’o sa hae lifahlehong tsa lona? Na le fihletse phetoho ee e kholo lipelong tsa lona?

15 Na le sebelisa tumelo topollong ea eo a le bopileng? Na le shebela pele ka leihlo la tumelo, ’me le bona mmele o o shoang o tsosetsoa ho bophelo bo sa feleng, le sebolu se se tsosetsoa bophelo, le ho ema ka pele ho Molimo ho ahloloa ho latela liketso tse entsoeng ka ’mele o shoang?

16 Ke re ho lona, na le ka inahanela le se le utloa lentsoe la Morena, le re ho lona, ka letsatsi leo: Tlohong ho ’na lona ba lehlohonolo, hobane bonang, mesebetsi ea lona ebile mesebetsi ea ho loka holim’a sefahleho sa lefats’e?

17 Kapa le inahanela hore le ka thetsa Morena ka letsatsi leo, ’me le re—Morena, mesebetsi ea rona e bile mesebetsi ea ho loka holim’a sefahleho sa lefats’e—le hore o tla le pholosa?

18 Kapa ho seng joalo, na le ka inahanela le se le tlisoa ka pele ho lekhotla la Molimo ka meea ea lona e tletse melato le ts’oabo, le na le khopotso ea melato eohle ea lona, ee, khopotso e phethahetseng oa bokhopo bohle ba lona, ee, khopotso ea hore ha lea natsa ka tello litaelo tsa Molimo?

19 Ke re ho lona, na le ka sheba holimo ho Molimo ka letsatsi leo ka pelo e hloekileng le matsoho a sa silafalang? Ke re ho lona, na le ka sheba holimo, le na le sets’oants’o sa Molimo se ngotsoe lifahlehong tsa lona?

20 Ke re ho lona, na le ka nahana ka ho pholosoa ha le inehetse bo lona ho fetoha bafo ba diabolose?

21 Ke re ho lona, le tla tseba ka letsatsi leo hore le tla sitoa ho pholosoa; hobane ha ho keke ha eba le motho a ka pholosoang ntle le hore liaporo tsa hae li hlatsuoe li soeufale; ee, liaparo tsa hae li tlameha li hloekisoe hofihlela li hloekisitsoe lohle letheba, ka mali a hae eo ho boletsoeng ke bo ntat’a rona, ea tla tla ho tla lopolla batho ba hae libeng tsa bona.

22 ’Me joale kea le botsa, bana beso, e mong le emong oa lona o tla ikutloa joang, haeba le tla ema ka pele ho tulo ea kahlolo ea Molimo, liaparo tsa lona li silafetse ka mali le mekhoa eohle ea lits’ila? Bonang, lintho tse li tla paka eng khahlanong le lona?

23 Bonang, na ha li na ho paka hore le babolai, ee, ’me hape le hore le molato oa mekhoa eohle ea bokhopo?

24 Bonang, bana beso, na le lekanya hore ea mong ea joalo a ka ba le sebaka sa ho lula fats’e ’musong oa Molimo, le Abrahama, le Isaaka, ’me le Jakobo, ’me hape le bohle baporofeta ba halalelang, bao liaparo tsa bona li hloekisitsoeng ’me ha li na le letheba, li hloekile ’me li soeufetse?

25 Ke re ho lona, Che; ntle le haeba le fetola ’Mopi oa rona ea leshano ho tloha ts’imolohong, kapa le nahana hore eena ke ea leshano ho tloha ts’imolohong, le ke ke la nahana hore ea joalo a ka ba le sebaka ’musong oa maholimo; empa ba tla lahleloa ka ntle hobane bona ke bana ba ’muso oa diabolose.

26 ’Me joale bonang, ke re ho lona, bana beso, haeba le fihletse phetoho ea pelo, ’me haeba le ikutloile ho bina pina ea lerato le lopollang, ke tla botsa, na le ka ikutloa joalo ha joale?

27 Na le tsamaile, le ipoloketse ho hloka molato ka pele ho Molimo? Na le ka re, haeba le bitsetsoa ho shoa ka eona nako ee, ka ho lona, hore le ikokobelitse ho lekana? Hore liaparo tsa lona li hloekisitsoe le ho soeufatsoa ka mali a Kreste, ea tla tla ho tla lopolla batho ba hae libeng tsa bona?

28 Bonang, na le tlositsoe boikhohomoso? Ke re ho lona, haeba ha ho joalo ha le ea itlhophisetsa ho kopana le Molimo. Bonang le tlameha ho hlophisa kapele; hobane ’muso oa maholimo haufi oa atamela, ’me e mong ea joalo ha a na bophelo ba bosafeleng.

29 Bonang, ke re, na ho na le e mong har’a lona ea sa tlosoang mohono? Ke re ho lona e mong ea joalo ha a hlopheha; ’me nka re a hlophise kapele, hobane hora e atametse, ’me ha a tsebe na nako e tla fihla neng; hobane ea joalo ha a fumanoe a sena molato.

30 ’Me hape ke re ho lona, na ho na le e mong har’a lona ea etsang ts’otlo ka ngoan’abo, kapa ea etsang qubu ea lihloriso holim’a hae?

31 Ho malimabe e mong ea joalo, hobane ha a itlhopha, ’me nako e atametse hore o tlameha ho baka kapa o tla sitoa ho pholosoa!

32 Ee, esita le ho malimabe lona basebetsi bohle ba bokhopo; bakang, bakang, hobane Morena Molimo o boletse!

33 Bonang, o rometse memo ho batho bohle, hobane matsoho a mohau a otlolotsoe ho lebana le bona, ’me o re: Bakang, ’me ke tla le amohela.

34 Ee, o re: Tlohong ho ’na ’me le tla ja tholoana ea sefate sa bophelo; ee, le tla ja le noe bohobe le metsi a bophelo ka bolokolohi;

35 Ee, tlohong ho ’na ’me le tlise mesebetsi ea ho loka, ’me ha le keke la rengoa le ho akheloa mollong—

36 Hobane bonang, nako e tametse hore mang le mang ea sa hlahiseng tholoana e molemo, kapa mang le mang ea sa etseng mesebetsi ea ho loka, ea joalo o na le lebaka la ho bokolla le ho lla.

37 Oho lona baetsi ba bokhopo; lona ba ikhants’ang ka lintho tsa lefeela tsa lefats’e, lona ba ipoletseng le tsebile litsela tsa ho loka le ha ho le joalo le khelohile, joaloka linku tse se nang molisa, ho sa tsotellehe hore molisa o le bitsitse ’me o ntse a le bitsa, empa ha le mamele lentsoe la hae!

38 Bonang, ke re ho lona, molisa ea molemo o oa le bitsa; ee, ’me ke ka lebitso la hae a le bitsang, e leng lebitso la Kreste; ’me haeba le keke la mamela lentsoe la molisa ea molemo, ho lebitso leo le bitsoang ka lona, bonang, ha le linku tsa molisa ea molemo.

39 ’Me joale haeba ha le linku tsa molisa ea molemo, le ba mohlape o fe? Bonang, ke re ho lona, diabolose ke eena molisa oa lona, ’me le ba mohlape oa hae; ’me joale, ke mang ea ka latolang se? Bonang ke re ho lona, mang le mang ea hanang sena ke ea leshano ’me ke ngoan’a diabolose.

40 Hobane ke re ho lona eng kapa eng e molemo e tsoa ho Molimo, ’me eng kapa eng e mpe e tsoa ho diabolose.

41 Ka baka leo, haeba motho a hlasisa mesebetsi e molemo o mamela lentsoe la molisa ea molemo, ’me o oa mo latela; empa mang le mang ea hlahisang mesebetsi e mebe, ea joalo o fetoha ngoan’a diabolose, hobane o mamela lentsoe la hae, ’me o oa mo latela.

42 ’Me mang le mang ea etsang sena o tlameha ho fumana moputso oa hae; ka baka leo, bakeng sa moputso oa hae o fumana lefu, joaloka lintho tse amanang le ho loka, o oa shoa mesebetsing eohle e molemo.

43 ’Me joale bana beso, ke lakatsa hore le ke le nkutloe, hobane ke bua ka matla a moea oa ka; hobane bonang, ke buile ho lona ka ho hlaka hore le sitoe ho fosa, kapa ke buile ho latela litaeleo tsa Molimo.

44 Hobane ke bitselitsoe ho bua ka mokhoa ona, ho latela mokhoa o halalelang oa Molimo, o ka ho Kreste Jesu; ee, ke laetsoe ho ema le ho paka ho batho bana lintho tse builoeng ke bo ntat’a rona malebana le lintho tse tlang ho tla.

45 ’Me sena ha se phetho. Na ha le nahane hore kea tseba ka lintho tse ka bo ’na? Bonang, ke paka ho lona hore kea tseba hore lintho tsena tseo ke li buileng ke ’nete. ’Me joale ke joang le nahanang hore ke tseba bonnete ba tsona?

46 Bonang, ke re ho lona li entsoe hore li tsebahale ho ’na ke Moea o Halalelang oa Molimo. Bonang, ke ile ka itima le ho rapela matsatsi a mangata hore ke tle ke tsebe lintho tsena ka bo ’na. ’Me joale kea tseba ka bo ’na hore ke ’nete; hobane Morena Molimo o li senotse ho ’na ka Moea oa hae o Halalelang; ’me ona ke moea oa ts’enolo o ka ho ’na.

47 ’Me ho feta moo, ke re ho lona ke joana ho senotsoeng ho ’na, hore mantsoe a builoeng ke bo ntat’a rona ke ’nete, esita le ho latela moea oa boporofeta o ka ho ’na, oo hape e leng ka ts’enolo ea Moea oa Molimo.

48 Ke re ho lona, hore kea tseba ka bo ’na hore eng kapa eng eo ke tlang ho e bolela ho lona, malebana le seo se tlang ho tla, ke ’nete; ’me ke re ho lona, hore kea tseba hore Jesu Kreste o tla tla, ee, Mora, Mora a ’Nots’i oa Ntate, ea tletseng lereko, le mohau, le ’nete. ’Me bonang, ke eena ea tlang ho tla tlosa libe tsa lefats’e, ee, libe tsa motho e mong le e mong ea tsitsitseng ka ho lumela lebitsong la hae.

49 ’Me joale ke re ho lona ona ke oona mokhoa oo ke bitsitsoeng ka ona, ee, ho ruta bana beso ba ratoang, ee, ’me esita le e mong le e mong ea lulang lefats’eng leo; ee, ho ruta bohle, bobeli ba baholo le ba banyenyane, bobeli ba litlamong le ba lokolohileng, ee, ke re ho lona ba holileng, ’me hape le ba lilemo li mahareng, le moloko o holang; ee, ho llela ho bona hore ba tlameha ho baka.

50 Ee, ke joana ho bolelang Moea: Bakang, lona bohle lipheletso tsa lefats’e, hobane ’muso oa maholimo haufi o oa atamela; ee, Mora oa Molimo o tla ka khanya ea hae, ka matla a hae, boholo, le matla a puso. Ee, bana beso ba ratoang, ke re ho lona, hore Moea o re: Bonang khanya ea Morena oa lefats’e lohle; le hape Morena oa maholimo haufi o tla khanya har’a bohle bana ba batho.

51 ’Me hape Moea o itse ho ’na, ee, llela ho ’na ka lentsoe le leholo, u re: Tsamaea ’me u re ho sechaba sena—Bakang, hobane ntle le hore le bake ha ho ka moo le ka ruoang ’muso oa maholimo.

52 ’Me hape ke re ho lona, Moea o itse: Bonang, selepe se behiloe mothapong oa sefate; ka baka leo sefate se seng le se seng se sa hlahiseng tholoana e molemo se tla rengoa se akheloe mollong, ee, mollo o ke keng oa tingoa, esita le mollo o sa timeng. Bonang, ’me lehopole hore, ea Halalelang o boletse.

53 ’Me joale bana beso ba ratoang, ke re ho lona, na le ka hanyetsa lipolelo tse; ee, na le ka behella lintho tse ka thoko, ’me le hatikele ea Halalelang tlas’a maoto a lona; ee, na le ka ikhants’etsa boikhohomosong ba lipelo tsa lona; ee, na le tla pheella ho apara liaparo tsa theko e holimo le behile lipelo tsa lona linthong tsa lefeela tsa lefats’e, holima maruo a lona?

54 Ee, na le tla pheella ho nahana hore le betere e mong ho feta e mong; ee, na le tla pheella lihlorisong ho ba habo lona, ba ikokobetsang le ho tsamaea kamora mokhoa o halalelang oa Molimo, ona oo ka oona ba tlisitsoeng ho ena kereke, ba halalelitsoe ke Moea o Halalelang, ’me ba etsa mesebetsi e amohelehileng bakeng sa pako—

55 Ee, ’me na le tla phehella ho furalla mafutsana, le bahloki, ’me le ba hanela ka maruo a lona?

56 ’Me qetellong, lona bohle ba tla phehella bokhopong ba lona, ke re ho lona bana ke bona ba tla rengoa ba akheloe mollong ntle le hore ba bake kapele.

57 ’Me joale ke re ho lona, lona bohle ba lakatsang ho latela lentsoe la molisa ea molemo, tsoahang ho ba khopo, ’me le ikarole, ’me le se ke la thetsa lintho tsa bona tse sa hloekang; ’me bonang, mabitso a bona a tla hlakoloa, hore mabitso a ba khopo ha a na ho baloa har’a mabitso a ba lokileng, hore lentsoe la Molimo le tle le phethahale, le reng: Mabitso a ba khopo a keke a kopangoa le mabitso a batho ba ka;

58 Hobane mabitso a ba lokileng a tla ngoloa bukeng ea bophelo, ’me ke tla ba fa bojalefa letsohong la ka le letona. ’Me joale, bana beso, ke eng seo le ka se buang khahlanong le se? Ke re ho lona, haeba le bua khahlonong le eona, ha hona lebaka, hobane lentsoe la Molimo le tlameha ho phethahala.

59 Hobane ke molisa ea joang har’a lona a nang le linku tse ngata e be ha a li hlokomele, hore liphiri ha li kene ho harola mohlape oa hae? ’Me bonang, haeba phiri e kena mohlapeng oa hae na ha a e khannele kantle? Ee, ’me qetellong, haeba a khona, o tla e timetsa.

60 ’Me joale ke re ho lona molisa ea molemo o oa le bitsa; ’me haeba le tla mamela lentsoe la hae o tla le kenya mohlapeng oa hae, ’me le linku tsa hae; ’me o le laela hore le se lumelle hore ho be le phiri e harolang e tla kena har’a lona, hore le se ke la timetsoa.

61 ’Me joale ’na, Alma, ke le laela ka puo ea eo a ntaetseng, hore le hlokomele ho etsa mantsoe ao kea buileng ho lona.

62 Ke bua ka tsela ea taelo ho lona ba kenang kereke; ’me ho ba sa keneng kereke ke bua ka tsela ea memo, ke re: Tlohong ’me le kolobelletsoe pako, hore le lona le tle le be baji ba tholoana ea sefate sa bophelo.

Hatisa