Mangolo a halalelang
Alma


Mantsoe a Alma, le mantsoe a Amuleke, ao a ileng a phatlalatsoa ho batho ba neng ba le lefats’eng la Ammoniha. ’Me hape ba lahleloa chankaneng, ’me ba lopolloa ka matla a mohlolo a Molimo a neng a le ka ho bona, ho latela lingoliloeng tsa Alma.

Ho kenyeletsa Likhaolo tsa 9 ho isa ho 14.

Khaolo ea 9

Alma o laela batho ba Ammoniha ho baka—Morena o tla hauhela Ba-Lamane matsatsing a ho qetela—Haeba Ba-Nefi ba ka furalla khanya, ba tla timetsoa ke Ba-Lamane—Mora oa Molimo o tla tla haufi—O tla lopolla ba bakang, ba kolobetsoa, le ho ba le tumelo lebitsong la hae. Ka bo 82 B.C.

1 ’Me hape, ’na Alma, ke ne ke laetsoe ke Molimo hore ke tle ke nke Amulek ’me ke tsamaee ho ea ruta hape batho bana, kapa batho ba neng ba le motseng oa Ammoniha, ho ile ha etsahala hore joaloka ha ke qala ho ba ruta, ba qala ho loana le ’na, ba re:

2 U mang uena? U nahana hore re tla lumela bopaki ba monna a le mong, le ha a ka re ruta hore lefats’e le tla timela?

3 Joale ba ne ba sa utloisisi mantsoe ao ba a bolelang; hobane ba ne ba sa tsebe hore lefats’e le tla timela.

4 ’Me ba ile ba re hape: Re keke ra lumela mantsoe a hau haeba u tla porofeta hore motse ona o moholo o tla timetsoa ka letsatsi le leng.

5 Joale ba ne ba sa tsebe hore Molimo a ka etsa mesebetsi e tsotehang hakaalo, hobane e ne e le batho ba thatafetseng lipelo le batho ba melala e sataletseng.

6 ’Me ba ile ba re: Molimo ke mang, ea sa romeleng tokelo ea ho feta motho a le mong har’a batho bana, ho phatlalatsa ho bona ’nete ea lintho tse kholo le tse makatsang joalo?

7 ’Me ba ile ba ema ka pele ho mpeha matsoho a bona; empa bonang, ha ba ka ba etsa. ’Me ke ile ka ema ka sebete ho phatlalatsa ho bona, ee, ke ile ka paka ka sebete ho bona, ke re:

8 Bonang, Oho lona moloko o khopo ’me o khelohileng, ke joang le lebetseng moetlo oa bo ntat’a lona; ee, ke kapele joang le lebetseng litaelo tsa Molimo.

9 Na ha le hopole hore ntat’a rona, Lehi, o ile a tlisoa ho tsoa Jerusalema ke letsoho la Molimo? Na ha le hopole hore kaofela ba ile ba etelloa ke eena har’a lefella?

10 ’Me na le lebetse kapele hakaalo linako tse ngata tseo a lopollotseng bo ntat’a rona ho tsoa matsohong a lira tsa bona, ’me a ba boloka khahlanong le ho timetsoa, esita le ka matsoho a ba habo bona?

11 Ee, ’me haeba e ne e sa ka ea e ba ka matla a hae a sa lekanngoeng le mohau oa hae, le mamello ea hae malebana le rona, e ne e tla ba ntle le ho qobeha re ka be re khahotsoe ho tsoa sefahlehong sa lefats’e khale pele ho karolo ene ea nako, ’me mohlomong re ka be re rometsoe boemong ba tlokotsi le bomalimabe bo sa feleleng.

12 Bonang, joale ke re ho lona o le laetse hore le bake; ’me ntle le hore le bake, ha hona kamoo le ka jang lefa ’muso oa Molimo. Empa bonang; sena ha se phetho—o le laetse hore le bake, kapa o tla le timetsa ka botlalo ho tloha holim’a sefahleho sa lefats’e; ee, o tla le etela ka khalefo ea hae, ’me ka bohale ba khalefo ea hae a keke a furalla.

13 Bonang, na ha le hopole mantsoe ao a ileng a a bua ho Lehi, a bolela hore: ka moo joaloka le tlang ho boloka litaelo tsa ka, le tla atleha lefats’eng leo? ’Me hape ho boletsoe hore: ka moo joaloka ha le keke la boloka litaelo tsa ka le tla khaholoa ho tsoa ponts’eng ea Morena.

14 Joale ke lakatsa hore le tle le hopole, hore ka moo joaloka ha Ba-Lamane ba sa boloka litaelo tsa Molimo, ba khahotsoe ho tsoa ponts’eng ea Morena. Joale rea bona hore lentsoe la Morena le netefalitsoe nthong ena, ’me Ba-Lamane ba khahotsoe ho tsoa ponts’eng ea hae, ho tloha qalong ea litlolo tsa bona lefats’eng leo.

15 Le ha ho le joalo ke re ho lona, ho tla mamelleha ho feta bakeng sa bona ka letsasi leo la kahlolo ho le feta, haeba le sala libeng tsa lona, ee, esita le ho mamelleha ho feta bakeng sa bona bophelong bona le ho feta bakeng sa lona, ntle le hore le bake.

16 Hobane li ngata lits’episo tse fanoeng ho Ba-Lamane; hobane ke ka lebaka la meetlo ea bo ntat’a bona e ba entseng hore ba sale boemong ba bona ba ho hloka tsebo; ka baka leo Morena o tla ba hauhela ’me a lelefatse boteng ba bona lefats’eng leo.

17 ’Me ka karolo ea nako e ’ngoe ba tla tlisetsoa ho lumela lentsoeng la hae, le ho tseba ka ho se nepahale ha meetlo ea bo ntat’a bona; ’me ba bangata ba bona ba tla pholosoa, hobane Morena o tla hauhela bohle ba bitsang lebitso la hae.

18 Empa bonang, ke re ho lona haeba le phehella bokhopong ba lona matsatsi a lona ha a na ho lelefatsoa lefats’eng leo, hobane Ba-Lamane ba tla romeloa holim’a lona; ’me haeba le sa bake ba tla tla ka nako eo le sa e tsebeng, ’me le tla eteloa ka timelo e tletseng, ’me e tla ba ho latela bohale ba khalefo ea Morena.

19 Hobane a keke a le lumella hore le phele bokhopong ba lona, ho timetsa batho ba hae. Ke re ho lona, Che; a ka mpa a mamella hore Ba-Lamane ba ke ba timetse batho ba hae ba bitsoang batho ba Nefi, haeba ho ne ho khoneha hore ba ka oela libeng le litlolong, kamor’a ho ba le khanya e ngata hakaalo le tsebo e ngata hakaalo eo ba e filoeng ke Morena Molimo oa bona;

20 Ee, kamor’a ho ba batho ba khethehetseng holimo ba Morena; ee, kamor’a ho khetheha holim’a sechaba se seng le se seng, maloko, maleme, kapa batho; kamora hore ba be le hore lintho tsohle li etsoe hore li tsebahale ho bona, ho latela litakatso tsa bona, le tumelo ea bona, le lithapelo, tsa tseo li bileng, le tseo e leng, le tseo tse tlang;

21 Ba bile le ho eteloa ke Moea oa Molimo; ba bile le ho bua le mangeloi, ’me ba bile le ho buisoa ke lentsoe la Morena; ’me ba bile le moea oa boporofeta, le moea oa ts’enolo, ’me hape le limpho tse ngata, mpho ea ho bua ka maleme, le mpho ea ho ruta, le mpho ea Moea o Halalelang, le mpho ea phetolelo;

22 Ee, kamor’a ho lopolloa ke Molimo ho tsoa lefats’eng la Jerusalema, ke letsoho la Morena; ba bile le ho pholosoa tlaleng, le bokulong, le mekhoeng eohle ea maloetse a mefuta eohle; ’me bona ba bile matla ntoeng, hore ba se ke ba timetsoa, ba tlisitsoe ho tsoa litlamong kamor’a nako le nako, ’me ba bolokiloe le ho baballoa hofihlela joale; ’me ba atlehisitsoe hofihlela ba ruile ka mokhoa oa lintho tsohle—

23 ’Me joale bonang ke re ho lona, haeba batho bana, ba amohetseng lihlohonolofatso tse ngata hakana ho tsoa letsohong la Morena, ba tla tlola khahlanong le khanya le tsebo eo ba nang le eona, ke re ho lona haeba ena e le eona taba, hore ba oele tlolong, ho tla mamelleha ho feta bakeng sa Ba-Lamane ho feta bakeng sa bona.

24 Hobane bonang, lits’episo tsa Morena li fanoe ho Ba-Lamane, empa ha lia fanoa ho lona haeba le tlola; hobane na Morena ha a ts’episa ka ho hlaka le ho laela ka thata, hore haeba le tla fetoha khahlanong le eena hore le tla timetsoa ka botlalo ho tloha ho sefahleho sa lefats’e?

25 ’Me joale ka lebaka lena, hore le tle le se ke la timetsoa, Morena o rometse lengeloi la hae ho etela ba bangata ba batho ba hae, a phatlalatsa ho bona hore ba tsamaee ’me ba hoelehetse haholo ho batho ba hae, ba re: Bakang lona, hobane ’muso oa maholimo o haufi o atametse;

26 ’Me matsatsi a seng mangata ho tloha joale Mora oa Molimo o tla tla ka khanya ea hae; ’me khanya ea hae e tla ba khanya ea mora a ’Nots’i oa Ntate, ea tletseng mohau, tekano, le ’nete, ea tletseng mamello, lereko, le ho mamella, ho phakisa ho utloa lillo tsa batho ba hae le ho araba lithapelo tsa bona.

27 ’Me bonang, o tla ho tla lopolla bao ba tlang ho kolobeletsoa pako, ka tumelo lebitsong la hae.

28 Ka baka leo, hlekang tsela ea Morena, hobane nako e atametse hore batho bohle ba tla kotula moputso oa mesebetsi ea bona, ho latela seo e bileng eona—haeba e bile e lokileng ba tla kotula polokeho ea meea ea bona, ho latela matla le topollo ea Jesu Kreste; ’me haeba e bile mebe ba tla kotula tsuo ea meea ea bona, ho latela matla le litlamo tsa diabolose.

29 Joale bonang, lena ke lentsoe la lengeloi, le hoelehetsang ho batho bao.

30 ’Me joale, bana beso ba ratoang, hobane le bana beso, ’me le lokeloa ho ba ba ratoang, me le lokela ho hlahisa mesebetsi e amohelehileng bakeng sa pako, ho ea bonahala hore lipelo tsa lona li thatafetse haholo khahlanong le lentsoe la Molimo, ’me ho ea bonahala hore le batho ba lahlehileng ’me ba oeleng.

31 Joale ho ile ha etsahala hore ha ’na, Alma ke se ke buile mantsoe ana, bonang, batho bao ba ne ba nkhalefetse hobane ke itse ho bana e ne e le batho ba thatafetseng lipelo le batho ba melala e sataletseng.

32 ’Me hape hobane ke itse ho bona hore e ne e le batho ba lahlehileng ba oeleng ba ne ba nkhalefetse, ’me ba batla ho mpeha matsoho a bona, hore ba tle ba ntahlele chankaneng.

33 Empa ho ile ha etsahala hore Morena ha a ka a ba lumella hore ba tle ba nkuke ka nako eo ’me ba ntahlele chankaneng.

34 ’Me ho ile ha etsahala hore Amuleke o ile a tsamaea ’me a ema pele, ’me a qala ho ba ruta le eena. ’Me joale mantsoe a Amuleke ha a ngoloa kaofela, le ha ho le joalo karolo ea mantsoe a hae e ngotse ka bukeng ena.

Hatisa