Mangolo a halalelang
Alma 13


Khaolo ea 13

Batho ba bitsoa e le baprista ba baholo ka lebaka la tumelo ea bona e fetisisang le mesebetsi e metle—Ba tla ruta ka litaelo—Ka ho loka ba ea halaletsoa ’me ba kena phomolong ea Morena—Melkisedeke e ne e le e mong oa bana—Mangeloi a phatlalatsa litaba tse molemo hohle lefats’eng leo—Ba tla phatlalatsa ho tla ha Kreste ka sebele. Ka bo 82 B.C.

1 ’Me hape, bana beso, ke lakatsa ho qotsetsa likelello tsa lona pele nakong ea ha Morena Molimo a fana ka litaelo tsena ho bana ba hae; ’Me ke lakatsa hore le tle le hopole hore Morena Molimo o ile a beha matsoho baprista, ka mokhoa oa hae o halalelang, oo e neng e le ka mokhoa oa Mora oa hae, ho ruta lintho tsena ho batho bao.

2 ’Me baprista bao ba ne ba behiloe matsoho ka mokhoa oa mora oa hae, ka mokhoa oo ka ona batho ba ka tsebang na ke ka mokhoa o joang ba ka shebelang pele topollo ea Mora oa hae.

3 ’Me ke oona mokhoa oo ba ileng ba behoa matsoho ka ona—ba ne ba bitsitsoe le ho lokisoa ho tsoa motheong oa lefats’e ho latela tsebo ea esale pele ea Molimo, ka lebaka la tumelo ea bona e fetisisang le mesebetsi e metle; sebakeng sa pele ba ne ba ile ba tloheloa ho khetha botle kapa bobe; ka baka leo bona ba ne ba khethile botle, le ho sebelisa tumelo e kholo bo fetisisang, ba bitsoa ka pitso e halalelang, ee, ka pitso eo e halalelang e ileng ea lokisoa ka, le ho latela, topollo ea boitokisetso bo joalo.

4 ’Me ke joana ba ileng ba bitsetsoa pitsong ena e halalelang ka lebaka la tumelo ea bona, ha ba bang ba ne ba latola Moea oa Molimo ka lebaka la ho thatafala ha lipelo tsa bona le ho foufala ha likelello tsa bona, nakong eo, haeba e ne e se ka sena ba ke be ba ile ba eba le monyetla o moholo joalo ka bana ba bo bona.

5 Kapa qetellong, sebakeng sa pele ba ne ba le maemomong a ts’oanang le bana ba bo bona; ke joana pitso ena e halalelang e lokisitsoeng ho tsoa motheong oa lefats’e bakeng sa ba joaloka bao ba kekeng ba thatafatsa lipelo tsa bona, e leng ho le ka topollo ea Mora ea tsoetsoeng a ’Nots’i, ea ileng a lokisetsoa—

6 ’Me joana ba bitsoang ka pitso ea hae e halalelang, ’me ba behoa matsoho ho boprista ba holimo ba mokhoa o halalelang oa Molimo, ho ruta litaelo tsa hae ho bana ba batho, hore le bona ba tle ba kene phomolong ea hae—

7 Boprista bona bo boholo bo le ka mokhoa oa mora oa hae, mokhoa oo o neng e le o tsoang motheong oa lefats’e; kapa ka mantsoe a mang, bo sena ts’imoloho ea matsatsi kapa pheletso ea lilemo, bo lokisitsoe ho tsoa ho bosafeleng ho isa bosafeleng bohle, ho latela tsebo ea esale pele ea hae ea lintho tsohle-

8 Joale ba ile ba behoa matsoho ka mokhoa ona—ba ne ba bitsitsoe ka pitso e halalelang, ’me ba behiloe matsoho ka ts’ebeletso e halalelang, le ho inkela ho bona boprista bo boholo ba mokhoa o halalelang, pitso eo, le ts’ebeletso, le boprista bo boholo, bo se nang le qalo kapa pheletso-

9 Ke joana ba fetohang baprista ba baholo ka ho sa feleng, ho latela mokhoa oa Mora, oa Ntate Ea Tsoetsoeng a ’Nots’i, ea se nang ts’imoloho ea matsatsi kapa pheletso ea lilemo, ea tletseng mohau, tekano, le ’nete. ’Me ke joana ho leng joalo. Amen.

10 Joale, joaloka ha ke boletse malebana le mokhoa o halalelang, kapa boprista boo bo boholo, ho bile le ba bangata ba ileng ba behoa matsoho ’me ba fetoha baprista ba baholo ba Molimo; ’Me e ne e le ka lebaka la tumelo ea bona e fetisisang le pako, le ho loka ha bona ka pele ho Molimo, bona ba khethile ho baka le ho sebetsa ka ho loka ho ena le ho timela;

11 Ka baka leo ba ile ba bitsoa ka mokhoa ona o halalelang, ’me ba halaletsoa, le liaparo tsa bona li ne li hlatsuoe hore li soeufale ka mali a konyana.

12 Joale bona, kamor’a ho halaletsoa ke Moea o Halalelang, liaparo tsa bona li soeufalitsoe, ba hloekile ba se na letheba ka pele ho Molimo, ba ne ba sitoa ho sheba sebe ntle le ka ho nyonya, ’me ba ne ba le bangata, ba bangata haholo ka ho fetisa ba ileng ba etsoa hore ba hloeke ’me ba kene phomolong ea Morena Molimo oa bona.

13 ’Me joale, bana beso, ke lakatsa hore le tle le ikokobetse ka pele ho Molimo, ’me le tlise litholoana tse lokelang pako, hore le tle le kene phomolong eo.

14 Ee, le ikokobetse joaloka batho ba matsatsing a Melkisedeke, eo hape e neng e le moprista e moholo ho latela mokhoa ona o ts’oanang oo ke buileng ka ona, eo hape a inketseng ho eena boprista ka ho sa feleng.

15 ’Me e ne e le Melkisedeke ea ts’oanang eo Abrahama a patetseng boshome ho eena; ee, esita le ntat’a rona Abrahama o patetse boshome ba hae ba karolo ea ’ngoe leshomeng ea sohle seo a se ruileng.

16 Joale lits’ebeletso tsena li fanoe ka mokhoa o joalo, hore ka hona batho ba ke ba shebele pele ho Mora oa Molimo, e le ponts’o ea mokhoa oa hae, kapa e le mokhoa oa hae, ’me hona hore ba ke ba shebele pele ho eena bakeng sa ts’oarelo ea libe tsa bona, hore ba tle ba kene phomolong ea Morena.

17 Joale Melkisedeke enoa e ne e le morena holim’a lefats’e la Saleme; ’me sechaba sa hae se ne se holile ka matla bokhopong le manyala; ee, kaofela ba ne ba khelohile; ba ne ba tletse mekhoa eohle ea bokhopo;

18 Empa Melkisedeke ka ha a ne a sebelisitse tumelo e kholo, ’me a amohetse ofisi ea boprista bo boholo ho latela mokhoa o halalelang oa Molimo, o ile a ruta pako ho sechaba sa hae. ’Me bonang, ba ile ba baka, ’me Melkisedeke o ile a theha khotso lefats’eng leo matsatsing a hae; ka baka leo o ne a bitsoa khosana ea khotso, hobane e ne e le morena oa Saleme; me o ile a busa tlas’a ntat’ae.

19 Joale, ho bile le ba bangata pele ho eena, ’me hape ho bile le ba bangata kamorao, empa hahona ea neng a le moholo; ka baka leo, ka eena ba boletse ka ho khetholoha ho eketsehileng.

20 Joale ha ke hloke ho hlakisa taba eo; seo ke se boletseng se ka lekana. Bonang, mangolo a halalelang a ka pele ho lona; haeba le a sotha e tla ba ho isa timelong ea lona.

21 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha Alma a se a boletse mantsoe a na ho bona, a otlollela pele letsoho la hae ho bona ’me a hoelehetsa ka lentsoe le matla, a re: Joale ke nako ea ho baka, hobane letsatsi la poloko lea atamela;

22 Ee, ’me lentsoe la Morena, ka molomo oa mangeloi, le e phatlalatsa ho lichaba tsohle; ee, o phatlalatsa hore ba tle ba be le litaba tse molemo tsa nyakallo e kholo; ee, ’me o phatlalatsa litaba tsena tse molemo har’a batho bohle ba hae, ee, esita le ho bona ba qhalaneng hole holima sefahleho sa lefats’e; ka baka leo ba tlile ho rona.

23 ’Me li entsoe hore li tsebahale ho rona ka lipehelo tse hlakileng, hore re ke re utloisise, hore re sitoe ho fosa; ’me sena ka lebaka la ho ba baleleri ha rona lefats’eng le makatsang; ka baka leo, ke joana re hauhetsoeng haholo, hobane re na le litaba tsena tse molemo tse phatlalletsoeng rona likarolong tsohle tsa ts’imo ea rona ea morara.

24 Hobane bonang, mangeloi a e phatlalatsa ho ba bangata ka nako ena lefats’eng la rona; ’me sena ke bakeng sa morero oa ho lokisetsa lipelo tsa bana ba batho ho amohela lentsoe la hae ka nako ea ho tla ha hae ka khanya.

25 ’Me joale, re emela feela ho utloa litaba tse tletseng nyakallo tseo re li phatlalletsoang ke mangeloi, ka ho tla ha hae; hobane nako e ea tla, ha re tsebe hore na haufinyane hakae. Ke lakatsa ho Molimo hore e ke e be ka letsatsi la ka; empa e re e be haufinyane kapa khale, ka lona ke tla nyakalla.

26 ’Me ho tla etsoa hore ho tsebahale ho banna ba lokileng ba halalelang, ke molomo ea mangeloi, ka nako ea ho tla ha hae, hore mantsoe a bo ntat’a rona a tle a phethahale, ho latela seo ba ileng ba se bolela malebana le eena, e leng ho latela moea oa boporofeta o neng o le ka ho bona.

27 ’Me joale bana beso, ke lakatsa ho tloha botebong ba pelo eaka, ee, ka mats’oenyeho a maholo esita le ho isa bohlokong, hore le tle le mamele mantsoe a ka, ’me le lahle libe tsa lona, ’me le se ke la chechisa letsatsi la ho baka ha lona;

28 Empa hore le tle le ikokobetse ka pele ho Morena, ’me le bitse ho lebitso la hae le halalelang, ’me le shebe le ho rapela ka ho tsoelepele, hore le ke le se ke la lekoa ho feta seo le ka se mamellang, ’me joana le etelloe ke Moea o Halalelang, le fetoha ba ikokobelitseng, ba mosa, ba bonolo, ba nang le mamello, ba tletseng lerato le ho mamella;

29 Le na le tumelo ho Morena; le na le ts’epo hore le tla amohela bophelo ba bosafeleng; le na le lerato la Molimo kamehla ka lipelong tsa lona, hore le tle le phahamisoe ka letsatsi la ho qetela ’me le kene phomolong ea hae.

30 ’Me e ke Morena a ka le fa pako, hore le tle le se ke la tlisa khalefo ea hae holim’a lona, hore le tle le se ke la tlameloa fats’e ke liketane tsa lihele, hore le tle le se ke la mamella lefu la bobeli.

31 ’Me Alma o ile a bua mantsoe a mang a mangata ho feta ho batho bao, a sa ngoloang ka bukeng ena.