Mangolo a halalelang
Alma 19


Khaolo ea 19

Lamoni o amohela khanya ea bophelo bo sa feleng ’me o bona Molopolli—Ba ntlo ea hae ba ea ilibana, ’me ba bangata ba bona mangeloi—Ammone o bolokeha ka mohlolo—o kolobetsa ba bangata le ho theha kereke har’a bona. Ka bo 90 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a matsatsi a mabeli le masiu a mabeli ba ne ba le makhatheng a ho nka ’mele oa hae ’me ba o robatse lebitleng, leo ba neng ba le entse bakeng sa morero oa ho boloka bafu ba bona.

2 Joale mofumahali ka ho utloa ka setumo sa Ammone, ka baka leo o ile a laetsa le ho lakatsa hore a tle a tle ho eena.

3 ’Me ho ile ha etsahala hore Ammone o ile a etsa kamoo a laetsoeng, ’me a tla ho mofumahali, ’me a lakatsa ho tseba seo a lakatsang hore a se etse.

4 ’Me o ile a re ho eena: Bahlanka ba monna oa ka ba entse hore ho tsebahale ho ’na hore u moporofeta oa Molimo ea halalelang, le hore u na le matla a ho etsa mesebetsi e mengata e meholo ka lebitso la hae;

5 Ka baka leo, haeba ho joalo, ke lakatsa hore u tle u tsamaee ’me o lo bona monna oa ka, hobane esale a robalitsoe holima bethe ea hae bakeng sa matsatsi a mabeli le masiu a mabeli; ’me ba bang ba re ha a shoa, empa ba bang ba re o shoele le hore o oa nkha, le hore o tlameha ho behoa lebitleng; empa ha e le bakeng sa ka, ho ’na ha a nkhe.

6 Joale, sena ke seo Ammone a neng a se lakatsa, hobane o ne a tseba hore morena Lamoni o ne a le tlasa matla a Molimo; o ne a tseba hore lesira le lefifi la ho se lumele le ne le ntse le lahleloa hole ho tsoa kelellong ea hae, ’me khanya e neng e khants’a kelello ea hae, eo e leng khanya ea khanya ea Molimo, e neng e le khanya e tsotehang ea molemo oa hae—ee, khanya ena e tlatsitse nyakallo e joang moeeng oa hae, leru la lefifi le se le tlositsoe, ’me khanya eo ea bophelo bo sa feleng e khants’itse moea oa hae, ee, o ne a tseba hore sena se hlotse ’mele oa hae oa tlholeho, ’me o na nketsoe hole ho Molimo—

7 Ka baka leo, seo mofamahali a neng a se lakatsa ho eena e ne e le takatso ea hae e ngoe feela. Ka baka leo, o ile a kena ho ea bona morena ho latela joaloka ha mofumahali a ne a lakalitse; ’me o ile a bona morena, ’me o ne a tseba hore ha a shoa.

8 ’Me o ile a re ho mofumahali; ha a shoa, empa o robetse ho Molimo, ’me ka hosane o tla tsoha hape, ka baka leo le se mo epele.

9 ’Me Ammone o ile a re ho eena: Na se u ua se lumela? ’Me o ile a re ho eena: Ha ke na bopaki ntle le lentsoe la hau le lentsoe la bahlanka ba rona; le ha ho le joalo kea lumela hore ho tla e ba ho latela joaloka ha u boletse.

10 ’Me Ammone a re ho eena: U lehlohonolo ka lebaka la tumelo ea hau e fetisisang; ke re ho uena, mosali, ha ho so be le tumelo e kholo hakana har’a batho bohle ba Ba-Nefi.

11 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a hlokomela bethe ea monna oa hae, ho tloha nakong eo esita le nakong eo ka hosane eo Ammone a neng a e supile hore o tla tsoha.

12 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a tsoha, ho latela mantsoe a Ammone; ’me ha a tsoha, o ile a otlollela letsoho la hae ho mosali, ’me a re: Ho bokoe lebitso la Molimo, ’me ea lehlohonolo ke uena.

13 Hobane joaloka ha bonnete u phela, bona, ke bone molopolli oa ka; ’me o tla tla, ’me a tsoaloe ke mosali, ’me o tla lopolla batho bohle ba lumelang lebitsong la hae. Joale, ha a se a buile mantsoe a na, pelo ea hae e ne e tletse ka har’e ho eena, ’me o ile a oela hape ke nyakallo; ’me le mofumahali le eena a oela tlase, ke ho hlolloa ke Moea.

14 Joale Ammone ha a bona Moea oa Morena o ts’olloa ho latela lithapelo tsa hae holima Ba-Lamane, bana babo, bao e bileng lebaka la ho lla ho ho ngata har’a Ba-Nefi, kapa har’a batho bohle ba Molimo ka lebaka la bokhopo ba bona le meetlo ea bona, o ile a oela mangoeleng a hae, ’me a qala ho ts’ollela moea oa hae ka thapelo le ho fana ka teboho ho Molimo ka seo a se entseng bakeng sa bana babo; ’me le eena o ile a hlolloa ke nyakallo; ’me ke joana boraro bohle bo ileng ba oela ho lefats’e.

15 Jaoale, ha bahlanka ba morena ba se ba bone hore ba oetse, le bona ba ile ba qala ho llela ho Molimo, hobane ts’abo ea Morena e ile ea tla holim’a bona le bona, hobane e ne e le bona ba ile ba ema ka pele ho morena ’me ba paka ho eena malebana le matla a maholo a Ammone.

16 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba hoeletsa ho lebitso la Morena, ka matla a bona, esita le ho fihlela bohle ba oetse ho lefats’e, ntle le ea mong oa basali ba Ba-Lamane, eo lebitso la hae e neng e le Abishe, eena a ne a ile a sokolohela ho Morena bakeng sa lilemo tse ngata, ka lebaka la pono e tsotehang ea ntat’e—

17 Joana, ka ha a ne a sokolohetse ho Morena, ’me a so ka a hlola a entse hore ho tsebahale, ka baka leo, ha a bona hore bahlanka bohle ba Lamoni ba oetse ho lefats’e, hape le mong’a hae, mofumahali, le morena, le Ammone ba paqame holim’a lefats’e, o ne a tseba hore hoo e ne e le matla a Molimo, ’me ka ho nahana hore ke monyetla hona, ka ho etsa hore ho tsebahale ho batho bao se etsahetseng har’a bona, hore ka ho bona ketsahalo ena ho tla ba etsa hore ba lumele ho matla a Molimo, ka baka leo o ile a mathela ntlo le ntlo, a ntse a etsa hore ho tsebahale ho sechaba seo.

18 ’Me ba ile ba qala ho ipokella hammoho ntlong ea morena. ’Me ho ile ha tla bongata, ’me ho makaleng ha bona, ba ile ba bona morena, le mofumahali, le bahlanka ba bona ba paqame holim’a lefats’e, ’me bohle ba ne ba robetse joaloka ha eka ba shoele; ’me hape ba ile ba bona Ammone, ’me bonang, e ne e le Mo-Nefi.

19 ’Me joale sechaba seo sa qala ho tletleba har’a bona; ba bang ba re e ne e le bobe bo boholo bo tlileng holim’a bona, kapa holim’a morena le ntlo ea hae, hobane o ile a lumella hore Mo-Nefi a sale lefats’eng leo.

20 Empa ba bang ba ile ba ba nyatsa, ba re: Morena o tlisitse bobe bona holim’a ntlo ea hae, hobane o balaile bahlanka ba hae ba ileng ba ba le hore mehlape ea bona e hasane metsing a Sebuse.

21 ’Me le bona ba ile ba nyatsuoa ke banna bao ba ileng ba ema metsing a Sebuse ’me ba hasanya mehlape eo e neng e le ea morena, hobane ba ne ba halefetse Ammone ka lebaka la palo eo a neng a e bolaile ea bana ba bo bona metsing a Sebuse, ha a ne a sireletsa mehlape ea morena.

22 Joale e mong oa bona, eo ngoana’bo a ileng a bolaoa ka sabalole ea Ammone, a ne a halefetse Ammone ka ho fetisisa, o ile a hula sabole ea hae ’me a ea pele hore a tle a e lihele holim’a Ammone, ho mo bolaea; ’me ea re ha a phahamisa sabole ea hae ho mo otla, bonang, o ile a oa a shoele.

23 Joale rea bona hore Ammone o ne a sitoa ho balaoa, hobane Morena o ne a itse ho Mosaia, ntata’e: Ke tla mo qenehela, ’me e tla ba ho eena ho latela tumelo ea hau—ka baka leo, Mosaia o ile a mo beha ho Morena.

24 ’Me ho ile ha etsahala hore ha bongata boo bo bona hore monna eo o ile a oa a shoele, eo a ileng a phahamisa sabole ho bolaea Ammone, ts’abo e ile ea ba tlela kaofela, ’me ba ne ba sa qeke ho isa matsoho a bona pele ho mo ts’oara kapa mang kapa mang ea neng a oetse; ’me ba ile ba qala ho hlolloa hape har’a bona hore e ka ba eng sesosa sa matla a na a maholo, kapa hore na lintho tsena tsohle e ka ba li bolelang.

25 ’Me ho ile ha etsahala hore ho ne ho ena le ba bangata har’a bona ba ileng ba re Ammone e ne e le Moea o Moholo, ’me ba bang ba re o ne a rometsoe ke Moea o Moholo;

26 Empa ba bang ba ile ba banyatsa kaofela, ba re e ne e le sets’osa, se neng se rometsoe ho tsoa ho Ba-Nefi ho ba hlokofatsa.

27 ’Me ho ne ho ena le ba bang ba neng ba re Ammone o ne a rometsoe ke Moea o Moholo ho tla ba hlokofatsa ka lebaka le bokhopo ba bona, le hore e ne e le Moea oo o Moholo oo esale o hlokometse Ba-Nefi, oo esale o ba lopolla ho tsoa liatleng tsa bona, ’me ba ile ba re e ne e le Moea ona o Moholo o ileng oa timetsa ba bangata ba bana ba bo bona, Ba-Lamane.

28 ’Me ke joana likhang li ileng tsa qala ho hlaka ka ho fetisisa har’a bona. ’Me itse ha ba sa loants’ana joana, mohlanka oa mosali eo a ileng a etsa hore bongata boo bo bokellehe hammoho o ile a tla, ’me ha a bona ho loants’ana hoo ho neng ho le har’a bongata boo o ne a le masoabi ka ho fetisisa, esita le ho isa likhapheng.

29 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a tsamaea ’me a nka mofumahali ka letsoho, hore mohlomong a tle a mo tsose fats’e; ’me hang ha a thetsa letsoho la hae o ile a tsoha ’me a ema ka maoto a hae, ’me a hoelehetsa ka lentsoe le lerata, a re: Oho Jesu ea bokoang, ea mpholositseng ho tsoa liheleng tse ts’abehang! Oho Molimo ea bokoang, e ba le mohau ho sechaba sena!

30 ’Me ha se a boletse sena, o ile a phutha matsoho a hae, a ne a tletse ka nyakallo, a bua mantsoe a mangata a neng a sa utloisisoe; ’me ha a se a qetile sena, o ile a nka morena, Lamoni, ka letsoho, ’me bonang o ile a tsoha ’me a ema ka maoto a hae.

31 ’Me eena, hanghang, ka ho bona ho loants’ana ho neng ho le har’a sechaba sa hae, o ile a ea pele ho ea ba nyatsa, le ho ba ruta mantsoe ao a ileng a a utloa ho tsoa molomong oa Ammone; ’me ba bangata joaloka ba ileng ba utloa mantsoe a ha ba ile ba lumela, ’me ba sokolohela ho Morena.

32 Empa ho ne ho ena le ba bangata har’a bona ba neng ba sa batle ho utloa mantsoe a hae; ka baka leo ba ile ba itsamaela ka tsela ea bona.

33 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Ammone a tsoha le eena o ile a fana ka thuso ho bona, ’me hape le ho bahlanka bohle ba Lamoni; ’me kaofela ba ile ba phatlalletsa sechaba seo ntho e ts’oanang—hore lipelo tsa bona li ne li fetohile; hore ba ne ba se ba se na takatso ea ho etsa bobe.

34 ’Me bonang, ba bangata ba ile ba phatlalatsa ho sechaba seo hore ba bone mangeloi ’me a buile le bona; ’me ke joana ba ileng ba ba bolella lintho tsa Molimo, le ho loka ha hae.

35 ’Me ho ile ha etsahala hore ho be le ba bangata ba lumelang mantsoeng a bona; ’me ba bangata joaloka ba neng ba lumela ba ile ba kolobetsoa; ’me ba ile ba fetoha batho ba lokileng, ’me ba ile ba theha kereke har’a bona.

36 ’Me ke joana mosebetsi oa Morena o ileng oa qala har’a Ba-Lamane; ke joana Morena a ileng a qala ho ts’ollela Moea oa hae holim’a bona; ’me rea bona hore letsoho la hae le otlolletsoe batho bohle ba tla baka le ho lumela lebitsong la hae.