Mangolo a halalelang
Alma 48


Khaolo ea 48

Amalickia o hlohlelletsa Ba-Lamane khahlanong le Ba-Nefi—Moroni o lokisetsa sechaba sa habo ho sireletsa lebaka la Bakreste—O nyakallela tokolohong le bolokolohi ’me ke monna ea matla oa Molimo. Ka bo 72 B.C.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore, hang joaloka ha Amalickia a se a fumane ’muso o ile a qala ho susumetsa lipelo tsa Ba-Lamane khahlanong le sechaba sa Nefi; ee, o ile a khetha banna ho bua le Ba-Lamane ho tloha litoreng tsa bona, khahlanong le Ba-Nefi.

2 ’Me ke joana a ileng a susumetsa lipelo tsa bona khahlanong le Ba-Nefi, haholo hore morao pheletsong ea selemo sa bo-mashome a robong a puso ea baahloli, eena a ne a fihletse litakatso tsa hae hofihlela joana, ee, a se a entsoe morena holim’a Ba-Lamane, o ne a batla ho busa holim’a lefats’e leo lohle, ee, ’me le batho bohle ba neng ba le lefats’eng leo, Ba-Nefi ’moho le Ba-Lamane.

3 Ka baka leo o ne a fihletse morero oa hae, hobane o ne a thatafalitse lipelo tsa Ba-Lamane le ho foufatsa likelello tsa bona, le ho ba hlohlelletsa ho halefa, haholo hore o ne a bokelletse hammoho bongata ba lipalo tse kholo ho tsamaea ho ea loana khahlanong le Ba-Nefi.

4 hobane o ne a ikemiselitse, ka lebaka la boholo ba palo ea sechaba sa hae, ho hlola Ba-Nefi ho ba tlisa litlamong.

5 ’Me ke joana a ileng a khetha balaoli ba baholo ba Ba-Zorame, bona ba neng ba tloahelane ka hofetisisa le matla a Ba-Nefi, le libaka tsa bona tsa phomolo, le likarolo tse nang le bofokoli haholo tsa metse ea bona; ka baka leo o ile a khetha bona ho ba balaoli ba baholo holim’a mabotho a hae.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba nka kampo ea bona, ’me ba ea pele ho leba lefats’eng la Zarahemla lefelleng.

7 Joale ho ile ha etsahala hore ha Amalickia joana a ntseng a fumana matla ka boqhekanyetsi le ho thetsa, Moroni, ka letsohong le leng, o ne a ntse a lokisa likelello tsa sechaba ho ts’epahalla ho Morena Molimo oa bona.

8 Ee, o ne a ntse a matlafatsa mabotho a Ba-Nefi, le ho nyolla liqhobosheane tse nyane, kapa libaka tsa phomolo, ho lahlela holimo mabopo a mobu ho potoloha hohle ho koalla mabotho a hae, ’me hape ho aha mabota a lejoe ho ba potapota, ho potoloha metse ea bona le meeli ea mafats’e a bona; ee, hohle hopotoloha lefats’eng leo.

9 ’Me liqhobosheneng tsa bona tse nang le bofokoli o ile a beha palo e kholo ho feta ea banna; ’me ke joana a ileng a ntlafatsa le ho matlafatsa lefats’e le neng le ruuoe ke Ba-Nefi.

10 ’Me ke joana a neng a lokisetsa ho ts’ehetsa tokoloho ea bona, mafats’e a bona, basali ba bona, le bana ba bona, le khotso ea bona, le hore ba ke ba phelele ho Morena Molimo oa bona, le hore ba tle ba boloke seo se neng se bitsoa ke lira tsa bona lebaka la Bakreste.

11 ’Me Moroni e ne e le monna ea koenneng ea matla haholo; e ne e le monna oa kutloisiso e phethehileng; ee, monna ea neng a sa thabele ts’ollo ea mali; monna eo moea oa hae o neng o nyakallela tokolohong le bolokolohing ba naha ea habo, le ho ba habo ho tsoa litlamong le bokhobeng.

12 Ee, monna eo pelo ea hae e neng e kokomoha ka ho fana ka liteboho ho Molimo oa hae, bakeng sa menyetla e mengata le lihlohonolofatso tseo a li fang batho ba hae; monna ea neng a sebetsa ka hofetisisa bakeng sa boiketlo le polokeho ea sechaba sa habo.

13 Ee, e ne e le monna ea tiileng tumelong ea Kreste, ’me o ne a ikanne ka kano ho sireletsa sechaba sa habo, litokelo tsa hae, le naha ea habo, le bolumeli ba hae, esita le ho isa tahlehelong ea Mali a hae.

14 Joale Ba-Nefi ba ne ba rutiloe ho its’ireletsa khahlanong le lira tsa bona, esita le ho isa ts’ollong ea mali haeba ho ne ho hlokeha; ee, ’me hape ba ne ba rutiloe ho se fane ka khopiso le ka mohla, ee, le ho se phahamise sabole le ka mohla ntle le ha e le khahlanong le sera, ntle le ho boloka maphelo a bona.

15 ’Me ena e ne e le eona tumelo ea bona, hore ka ho etsa joalo Molimo o tla ba atlehisa lefats’eng leo, kapa ka mantsoe a mang, haeba ba ts’epahalla ho boloka litaelo tsa Molimo hore o tla ba atlehisa lefats’eng leo; ee, ho ba lemosa ho baleha, kapa ho lokisetsa ntoa, ho latela kotsi ea bona.

16 ’Me hape, hore Molimo o tla etsa hore ho tsebahale ho bona hore na ba tle ba tsamaee ho ea its’ireletsa khahlanong le lira tsa bona, ’me ka ho etsa joalo, Morena o tla ba lopolla; ’me ena e ne e le tumelo ea Moroni, ’me pelo ea hae e ne e thabela ho eona; e seng ho ts’olleng mali empa ho etseng botle, ho bolokeng sechaba sa habo, ee, ho bolokeng litaelo tsa Molimo, ee, le ho thibela bokhopo.

17 Ee, kannete, nete ke re ho lona, haeba batho bohle ba ne ba bile, le hoba, le ka ho sa feleng ba ne ba, ts’oana le Moroni, bonang, matla ona a lihele a ne a tla be a sisintsoe ka ho sa feleng; ee, diabolose o ne a keke a hlola a eba le matla holim’a lipelo tsa bana ba batho.

18 Bonang, e ne e le monna ea ts’oanang le Ammone, Mora oa Mosaia, ee, ’me esita le bara ba bang ba Mosaia, ee, ’me hape le Alma le bara ba hae, hobane kaofela e ne e le banna ba Molimo.

19 Joale bonang, Helamane le bana babo bosebeletsi ba bona bo ne bo se tlase sechabeng ho feta ba Moroni; hobane ba ile ba ruta lentsoe la Molimo, ’me ba ile ba kolobelletsa pako batho bohle ba neng ba mamela mantsoe a bona.

20 ’Me ke joana ba ileng ba tsamaea, ’me batho ba ile ba ikokobetsa ka lebaka la mantsoe a bona, haholo hore e be ba ile ba ratoa haholo ke Morena, ’me ke joana ba neng ba lokolohile ho tsoa lintoeng le likhang har’a bona, ee, esita le bakeng sa sebaka sa lilemo tse nne.

21 Empa, joaloka ha ke boletse, moraong oa pheletso ea selemo sa bo-mashome a robong, ee, ho sa natsehe khotso ea bona har’a bona, ba ile ba qobelleha ka lesisitheho ho loana le ba habo bona, Ba-Lamane.

22 Ee, ’me ha ke phethela, lintoa tsa bona ha lia ka tsa hlola li emisa bakeng sa sebaka sa lilemo tse ngata le Ba-Lamane, ho sa natsehe lesisitheho la bona le lengata.

23 Joale, ba ne ba le masoabi ho nka lihlomo khahlanong le Ba-Lamane, hobane ba ne ba sa thabele ts’ollo ea mali; ee, ’me sena e ne e se phetho—ba ne ba le masoabi ho ona mokhoa oa ho romela ba bangata hakaalo ba habo bona ho tsoa lefats’eng lena ho kena lefats’eng la bosafeleng, ba sa itokisetsa ho kopana le Molimo oa bona.

24 Le ha ho le joalo, ba ne ba keke ba lumella ho rapalatsa maphelo a bona, hore basali ba bona, le bana ba bona ba tle ba bolaoe ka bokhopo bo sehlooho ba bao e kileng ea eba bana babo bona, ee, ’me ba ne ba ikhaohantse le kerekeng ea bona, ’me ba ba siile le ho tsamaela ho ea ba timetsa ka ho kopana le Ba-Lamane.

25 Ee, ba ne ba sitoa ho mamella hore ba habo bona ba nyakalle holim’a mali a Ba-Nefi, ha feela ho ntse ho ena le mang kapa mang ea tlang ho boloka litaelo tsa Molimo, hobane ts’episo ea Morena e ne e le hore, haeba ba tla boloka litaelo tsa hae ba tla atleha lefats’eng leo.