Mangolo a halalelang
Alma 51


Khaolo ea 51

Batho ba borena ba batla ho fetola molao le ho beha Morena—Pahorane le banna ba lokolohileng ba ts’ehetsoa ke lentsoe la sechaba—Moroni o qobella batho ba borena ho ts’ireletsa naha ea bo bona kapa ba bolaoe—Amalickia le Ba-Lamane ba hapa metse e mengata e matlafalitsoeng—Teankame o tebela tlhaselo ea Ba-Lamane ’me o bolaela Amalickia ka tenteng ea hae. Ka bo 67–66 B.C.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore qalong ea selemo sa mashome a mabeli a metso e mehlano sa puso ea baahloli holim’a sechaba sa Nefi, bona ba ne ba thehile khotso pakeng tsa sechaba sa Lehi le sechaba sa Moriantone malebana le mafats’e a bona, ’me ba ne ba qalile selemo sa mashome a mabeli a metso e mehlano ka khotso;

2 Le ha ho le joalo, ha e eaba ka nako e telele ba ileng ba boloka khotso e feletseng lefats’eng leo, hobane ho ile ha qala ho ba le khang har’a sechaba malebana le moahloli e moholo Pahorane; hobane bonang, ho ne ho ena le karolo ea sechaba e neng e lakatsa hore lintlha tse fokolang tsa molao li fetoloe.

3 Empa bonang, Pahorane o ne a keke a fetola kapa ho lumela hore molao o fetoloe; ka baka leo, ha a ka a mamela bao ba neng ba rometsoe e le lentsoe ka likopo tsa bona malebana le ho fetoloa ha molao.

4 Ka baka leo, ba neng ba lakatsa hore molao o fetoloe ba ne ba mo halefetse, ’me ba lakatsa hore a se hlole e ba moahloli e moholo holima lefats’e leo; ka baka leo ho ile ha tsoha khang e futhumetseng malebana le taba eo, empa e seng e isang ts’ollong ea mali.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore ba neng ba lakatsa hore Pahorane a theoloe setulong sa kahlolo ba ne ba bitsoa batho ba borena, hobane ba ne ba lakatsa hore molao o fetoloe ka mokhoa oa ho liela ’muso oa bolokolohi le ho beha morena holima lefats’e leo.

6 ’Me ba neng ba lakatsa hore Pahorane a sale e ntse e le moahloli e moholo holim’a lefats’e leo ba ile ba inkela ho bona lebitso la batho ba tokollo; ’me ke joana ho bileng le karohano har’a bona, hobane batho ba tokollo ba ne ba ikanne kapa ba entse selekane ho boloka litokelo le melemo ea bolumeli ba bona ka ’muso o lokolohileng.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore taba ena ea khang ea bona e ile ea rarolloa ka lentsoe la sechaba. ’Me ho ile ha etsahala hore lentsoe la sechaba le ile la eba ka lehlakoreng la batho ba tokollo, ’me Pahorane a boloka setulo sa kahlolo, hoo ho ileng ha baka nyakallo e kholo har’a ba habo Pahorane hape le ho batho ba bangata ba tokoloho, bao hape ba ileng ba beha batho ba borena khutsong, hore ba se qeke ho hanyetsa empa ba ba ile qobelleha ho ts’ehetsa sesosa sa bolokolohi.

8 Joale ba neng ba le mohaung oa marena e ne e le bao ba tsoalo e phahameng, ’me ba ne ba batla ho ba marena; ’me ba ne ba ts’ehetsoa ke bao ba neng ba batla matla le tokelo holim’a sechaba seo.

9 Empa bonang, ena e ne e le nako e hlokololosi bakeng sa likhang tse joalo ho ba har’a sechaba sa Nefi; hobane bonang, Amalickia hape o ne a hlohlelelitse lipelo tsa sechaba sa Ba-Lamane khahlanong le sechaba sa Ba-Nefi, ’me o ne a ntse a bokella masole ho tsoa likarolong tsohle tsa lefats’e la hae, ’me a ba hlomella, le ho lokisetsa ntoa ka mafolofolo oohle; hobane o ne a ikanetse ho noa mali a Moroni.

10 Empa bonang, re tla bona hore ts’episo eo a neng a e entse e ne e se na boikarabelo; le ha ho le joalo, o ile a itokisa le mabotho a hae ho tla loana khahlanong le Ba-Nefi.

11 Joale mabotho a hae a ne a se maholo joaloka ha hofihlela joale a kileng a eba, ka lebaka la likete tse ngata tse ileng tsa bolaoa ka letsoho la Ba-Nefi; empa ho sa natsehe tahlehelo ea bona e kholo, Amalickia o ne a bokelletse hammoho lebotho le babatsehang ka boholo, haholo hoo a neng a sa ts’abe ho tla tlase lefats’eng la Zarahemla.

12 Ee, esita le Amalickia ka bo eena o ile a tla tlase, ka hloohong ea Ba-Lamane. ’Me e ne e le selemo sa mashome a mabeli a metso e mehlano sa puso ea baahloli; ’me e ne e le ka nako e ts’oanang hore ba ne ba qalile ho rarolla mabaka a likhang tsa bona malebana le moahloli e moholo, Pahorane.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore ha banna ba neng ba bitsoa batho ba borena ba se ba utloile hore Ba-Lamane ba ne ba tla tlase ho tla loana khahlanong le bona, ba ne ba thabile ka lipelong tsa bona; ’me ba ile ba hana ho nka lihlomo, hobane ba ne ba halefetse moahloli e moholo hoo; ’me le sechaba sa tokoloho, hore e be ba ne ba sa batle ho nka lihlomo ho sireletsa naha ea bona.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Moroni a bona sena, ’me hape a bona hore Ba-Lamane ba ne ba kena meeling ea lefats’e leo, o ne a halefile ka ho fetisisa ka lebaka la manganga a batho bao a sebelitseng ka mafolofolo a makaalo ho ba boloka; ee, o ne a halefile ka ho fetisisa; moea oa hae o ne o tletse ka khalefo khahlanong le bona.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a romela kopo e ngotsoeng, ka lentsoe la sechaba, ho ’musi oa lefats’e leo, a lakatsa hore a e bale, ’me a mo (Moroni) fe matla a ho qobella baikarohanyi bao ho sireletsa naha ea bona kapa ba bolaoe.

16 Hobane e ne ele taba ea hae ea pele ho beha pheletsong likhang tse joalo har’a sechaba; hobane bonang, sena hofihlela mona e ne e bile sesosa sa ho timela hohle ha bona. ’Me ho ile ha etsahala hore ho ile ha fanoa ho latela lentsoe la sechaba.

17 ’Me ho ile ha etsahala hore Moroni o ile a laela hore lebotho la hae le ee khahlanong le bao batho ba borena, ho hulela tlase boikhohomoso ba bona le ho ikutloa bohlokoa ’me ba ba lekanye le lefats’e, kapa ba nke lihlomo ’me ba ts’ehetse lebaka la tokoloho.

18 ’Me ho ile ha etsahala hore mabotho a ile a hoantela pele khahlanong le bona; ’me ba ile ba hulela tlase boikhohomoso ba bona le ho ikutloa bohlokoa ha bona, haholo hoo hore ha ba phahamisa libetsa tsa bona tsa ntoa ho loana khahlanong le banna ba Moroni ba ne ba betleloa fats’e ’me ba lekanngoa le lefats’e.

19 ’Me ho ile ha etsahala hore e ne e le ba likete li nne ba baikarohanyi baa ba ileng ba betleloa fats’e ka sabole; ’me bao ba baetapele ba bona ba neng ba sa bolaeloa ntoeng ba ile ba nkoa ’me ba lahleloa chankaneng, hobane ho ne ho se na nako ea linyeoe tsa bona ka nako ena.

20 ’Me karolo e setseng ea baikarohanyi bao, ho ena le ho otleloa tlase ho ea fats’e ka sabole, ba ile ba lumela maemo a tokoloho, ’me ba ile ba qobelloa ho phahamisa folakha ea tokoloho holim’a litora tsa bona, le metseng ea bona, le ho nkela lihlomo ts’ireletsong ea naha ea bona.

21 ’Me ke joana Moroni a ileng a beha pheletsong bao batho ba borena, hore e be ho ne ho se mang ea tsejoang ka tlhaloso ea batho ba borena; ’me ke joana a ileng a beha pheletsong manganga le boikhohomoso ba batho bao ba neng ba ipolela ka mali ho ikutloa bohlokoa; empa ba ile ba tlisoa tlaase ho ikokobetsa joaloka ba habo bona, le ho loana ka sebete bakeng sa bolokolohi ba bona ho tsoa litlamong.

22 Bonang, ho ile ha etsahala hore ha Moroni a ntse a robela tlase joana lintoa le likhang har’a sechaba sa hae, le ho ba beha taolong ka khotso le tsoelopele, le ho etsa melao ho lokisetsa ntoa khahlanong le Ba-Lamane, bonang, Ba-Lamane ba ne ba se ba kene lefats’eng la Moroni, le neng le le meeling pela lebopo la leoatle.

23 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Nefi ba ne ba se matla ho lekana motseng oa Moroni; ka baka leo Amalickia o ile a ba khanna, a bolaea ba bangata. ’Me ho ile ha etsahala hore Amalickia o ile a rua motse oo, ee, leruo la liqhobosheane tsohle tsa bona.

24 ’Me ba ile ba balehela kantle ho motse oa Moroni ba ile ba tla motseng oa Nefiha; ’me hape le sechaba sa motse oa Lehi se ile sa ipokella hammoho, ’me ba ile ba etsa litokiso ’me ba ne ba loketse ho amohela Ba-Lamane ntoeng.

25 Empa ho ile ha etsahala hore Amalickia o ne a sa lumelle hore Ba-Lamane ho ea khahlanong le motse oa Nefiha ho ea loana, empa a ba boloka tlase pela lebopo la leoatle, a siile banna motseng o mong le o mong ho o boloka le ho o sireletsa.

26 ’Me ke joana a ileng a tsoelapele, a ntse a hapa metse e mengata, motse oa Nefiha, le motse oa Lehi, le motse oa Moriantone, le motse oa Omnere, le motse oa Gid, le motse oa Muleke, eohle e neng e le meeling e ka bochabela pela lebopo la leoatle.

27 ’Me ke joana Ba-Lamane ba neng ba fumane, ka masene a Amalickia, metse e mengata joalo, ka mabotho a bona a sa baloeng, eo eohle ea eona e neng e sirelelitsoe ka matla ka mokhoa oa bosireletsi ba Moroni; oohle oo o ileng oa fana ka liqhobosheane bakeng sa Ba-Lamane.

28 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba hoantela meeling ea lefats’e la Nala, ba khanna Ba-Nefi ba ka pele ho bona ’me ba bolaea ba bangata.

29 Empa ho ile ha etsahala hore ba ile ba kopana le Teankame, ea ileng a bolaea Moriantone ’me o ile a thibela sechaba sa hae palehong ea hae.

30 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a thibela hape le Amalickia, joaloka ha a ne a hoantela pele ka bongata ba lebotho la hae hore a tle a hape lefats’e la Nala, le lefats’e le ho ea ka leboea.

31 Empa bonang o ile a kopana le masoabi ka ho thibeloa ke Teankame le banna ba hae, hobane e ne e le bahlabani ba baholo; hobane monna e mong le e mong oa Teankame o ne a feta Ba-Lamane ka matla a bona le bokhoni ba bona ba ntoa, haholo hoo ba ileng ba fumana molemo holim’a Ba-Lamane.

32 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba ba hlekefetsa, haholo hoo ba ileng ba ba bolaea esita le ho fihlela ho eba lefifi. ’Me ho ile ha etsahala hore Teankame le banna ba hae ba ile ba hloma litente tsa bona meeling ea lefats’e la Nala; ’me Amalickia o ile a hloma litente tsa hae meeling e lebopong pela lebopo la leoatle, ’me ke ka ona mokhoa ona ba ileng ba khannoa.

33 ’Me ho ile ha etsahala hore ha bosiu bo tlile, Teankame le mohlanka oa hae ba ile ba nyonyobela pele ’me ba tsoela kantle bosiu, ’me ba ea kampong ea Amalicki; ’me bonang, boroko bo ne bo ba imetse ka lebaka la mokhathala oa bona o mongata, o ileng oa bakoa ke mesebetsi le mocheso oa letsatsi.

34 ’Me ho ile ha etsahala hore Teankame o ile a nyonyobela ka lekunutu tenteng ea morena, ’me a beha lerumo pelong ea hae; ’me o ile a baka lefu la morena hanghang hoo a sa kang a tsosa bahlanka ba hae.

35 ’Me o ile a khutlela hape ka lekunutu kampong ea hae, ’me bonang, banna ba hae ba ne ba robetse, ’me o ile a ba tsosa le ho ba bolella lintho tsohle tseo a li entseng.

36 ’Me o ile a etsa hore mabotho a hae a eme ka ho ikemisetsa, e se re Ba-Lamane ba tsohile ’me ba tla tla holim’a bona.

37 ’Me e bile joana pheletso ea selemo sa mashome mabeli a metso e mehlano a puso ea baahloli holim’a sechaba sa Ba-Nefi; ’me ke joana e bileng pheletso ea matsatsi a Amalickia.