Mangolo a halalelang
Alma 6


Khaolo ea 6

Kereke e Zarahemla e ea hloekisoa ’me e behoa taolong—Alma o ea Gideone ho ea ruta. Ka bo 83 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a hore Alma a etse pheletso ea ho bua le batho ba kereke, e neng e thehiloe motseng oa Zarahemla, o ile a bea matsoho baprista le baholo, ka ho beha matsoho a hae holatela mokhoa o halalelang oa Molimo, ho etella pele le ho hlokomela kereke.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore mang le mang ea neng a sa kene kereke ea bakileng libeng tsa hae o ne a kolobelletsoa pako, ’me a amoheloa ka kerekeng.

3 ’Me hape ho ile ha etsahala hore mang le mang ea kenang kereke ea sa kang a baka bokhopong ba bona le ho ikokobetsa ka pele ho Molimo—ke bolela ba neng ba phahamiselitsoe holimo boikhohomosong ba lipelo tsa bona—ba ts’oanang ba ne ba latoloa, ’me mabitso a bona a ne a hlakoloa, hore mabitso a bona a ne a sa baloe har’a a ba lokileng.

4 ’Me ke joana ba ileng ba qala ho theha taolo ea kereke motseng oa Zarahemla.

5 Joale ke lakatsa hore le utloisise hore lentsoe la Molimo le ne le lokolohile ho bohle, hore ho se be ea tsekisoang monyetla oa ho ipokella hammoho ho utloa lentsoe la Molimo.

6 Le ha ho le joalo bana ba Molimo ba ne ba laetsoe hore ba tle ba ipokelle hammoho khafetsa, ’me ba kenelle boitimong le thapelong e matla molemong oa boiketlo ba meea ea bao ba sa tsebeng Molimo.

7 ’Me joale hoile ha etsahala hore ha Alma a se a entse melao ena o ile a falla ho tloha ho bona, ee, ho tloha kerekeng e neng e le motseng oa Zarahemla, a fetela holim’a bochabela ba noka ea Sidone, ho kena phuleng ea Gideone, teng moo ho ahiloe motse, o neng o bitsoa motse oa Gideone, o neng o le phuleng e bitsoang Gideone, e bitsoa kamora monna ea ileng a bolaoa ke letsoho la Nehore ka sabole.

8 ’Me Alma a ea ’me a qala ho phatlalatsa lentsoe la Molimo ho kereke e neng e thehiloe phuleng ea Gideone, ho latela ts’enolo ea ’nete ea lentsoe le builoeng ke bo ntat’ae, le ho latela moea oa boporofeta o neng o le ka ho eena, ho latela bopaki ba Jesu Kreste, Mora oa Molimo, ea tla tla ho lopolla batho ba hae libeng tsa bona, le mokhoa o halalelang o a bitsitsoeng ka ona. ’Me ke joana ho ngotsoe. Amen.