Mangolo a halalelang
Alma 46


Khaolo ea 46

Amalickia o rera ho ba morena—Moroni o phahamisa folakha ea tokoloho—O khothaletsa sechaba ho ts’ireletsa bolumeli ba bona—Balumeli ba ’nete ba bitsoa Bakreste—Karolo e setseng ea Josefa e tla bolokoa—Amalickia le baikarohanyi ba baleha lefats’eng la Nefi—Ba sa ts’ehetseng lebaka la bolokolohi ba ea bolaoa. Ka bo 73–72 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore ba bangata joaloka ba neng ba sa mamele mantsoe a Helamane le bana babo ba ne ba bokelletsoe hammoho khahlanong le ba habo bona.

2 ’Me joale bonang, ba ne ba halefile ka ho fetisisa, haholo hoo ba neng ba ikemiselitse ho ba bolea.

3 Joale, moetapele oa bao ba neng ba halefile khahlanong le ba habo bona e ne e le monna ea moholo ea matla; ’me lebitso la hae e ne e le Amalickia.

4 ’Me Amalickia o ne a lakatsa ho ba morena; ’me batho bao ba neng ba halefile le bona ba ne ba lakatsa hore e be morena oa bona; ’me e ne e le karolo e kholo ea bona baahloli ba tlase ba lefats’e leo, ’me ba ne ba batla matla.

5 ’Me ba ne ba ile ba etelloa ke lithoholetso tsa Amalickia, hore haeba ba tla mo ts’ehetsa le ho mo etsa hore e be morena hore o tla ba etsa babusi holim’a sechaba.

6 Ke joana ba ileng ba khelosoa ke Amalickia ho isa liphapanong, ho sa natsehe thuto ea Helamane le bana babo, ee, ho sa natsehe tlhokomelo ea bona e fetisisang holim’a kereke, hobane e ne e le baprista ba baholo holim’a kereke.

7 ’Me ho ne ho ena le ba bangata ka kerekeng ba neng ba lumetse ho mantsoe a lithoholetso a Amalickia, ka baka leo ba ile ba ikhaohanya esita le ho tloha kerekeng; ’me ke joana litaba tsa sechaba sa Nefi li neng li makatsa le ho ba kotsi ka ho fetisisa, ho sa natsehe tlholo ea bona e kholo eo ba bileng le eona holim’a Ba-Lamane, le linyakallo tsa bona tse kholo tseo ba bileng le tsona ka lebaka la topollo ea bona ka letsoho la Morena.

8 Ke joana rea bona hore na ke kapele hakae bana ba batho ba lebalang Morena Molimo oa bona, ee, kapele hakae ho etsa bokhopo, le ho khelosoa ke ea mobe.

9 Ee, ’me hape re bona bokhopo bo boholo monna a le mong ea khopo haholo a ka etsang hore bo nke sebaka har’a bana ba batho.

10 Ee, rea bona hore Amalickia, hobane e ne e le monna oa maqheka a masene le monna oa mantsoe a thoholetsang, hore o ile a khelosetsa lipelo tsa ba bangata ho etsa bokhopo; ee, le ho batla ho timetsa kereke ea Molimo, le ho timetsa motheho oa tokoloho oo Molimo a ba fileng ona, kapa hlohonolofatso eo Molimo a e rometseng holim’a sefahleho sa lefats’e leo molemong oa ba lokileng.

11 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha Moroni, eo e neng e le molaoli e moholo oa mabotho a Ba-Nefi, ha a se a utloetse ka liphapang tsena, o ne a halefetse Amalickia.

12 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a tabola seaparo sa hae; ’me a nka karolo ea teng, ’me a ngola holim’a eona—sehopotsong sa Molimo oa rona, bolumeli ba rona le bolokolohi, le khotso ea rona, basali ba rona, le bana ba rona—’me o ile a e fasa qetellong ea palo.

13 ’Me o ile a fasa letlapa la hae la hlooho, le ts’ireletso ea sefuba sa hae, le lithebe tsa hae, ’me a tlama lihlomo tsa hae thekeng, ’me a nka palo, eo qetellong ea eona e neng e na le seaparo sa hae se tabotsoeng, (’me o ile a e bitsa folakha ea tokoloho) ’me o ile a inamela fats’e, ’me a rapela ka matla ho Molimo oa hae bakeng sa hlohonolofatso ea tokoloho ho lula holim’a ba habo, ha feela ho tla ba le sehlopha sa Bakreste ba setseng ho rua lefats’e leo—

14 Hobane ke joana bohle balateli ba ’nete ba Kreste, ba neng ba kena kereke ea Molimo, ba neng ba bitsoa ke bao ba neng ba sa kene kereke.

15 ’Me bao ba neng ba kena kereke ba ne ba ts’epahala; ee bohle bao e neng e le balumeli ba ’nete ho Kereke ba ile ba inkela ho bona, ka thabo, lebitso la Kreste, kapa Bakreste joaloka ha ba ne ba bitsoa, ka lebaka la ho lumela ha bona ho Kreste ea tlang ho tla.

16 ’Me ka baka leo, ka nako ena, Moroni o ile a rapela hore lebaka la Bakreste, le bolokolohi ba lefats’e leo bo ke bo hauheloe.

17 ’Me ho ile ha etsahala hore ha a se a ts’olletse kantle moea oa hae ho Molimo, o ile a reha lefats’e leo lohle le neng le le ka boroa ho lefats’e leo Mahlomoleng, ee, ’me ha ke phethela, lefats’e leo lohle, mmoho ka leboea le ka boroa—Lefats’e le khethehileng, le lefats’e la tokoloho.

18 ’Me o ile a re: kannete Molimo a keke a lumella hore rona, ba nyelisoang hobane re inkela ho rona lebitso la Kreste, hore re tle re hatikeloe le ho timetsoa, hofihlela re itlisetsa eona holim’a rona ka litlolo tsa rona.

19 ’Me ha Moroni a se a boletse matsoe a na, o ile a tsamaela har’a sechaba, a foka karolo eo e tabotsoeng ea seaparo sa hae moeeng, hore bohle ba ke ba bone mongolo oo a o ngotseng holima karolo e tabotsoeng, ’me a hoelehetsa ka lentsoe le phahameng, a re:

20 Bonang, mang kapa mang ea tla boloka sehlooho sena holim’a lefats’e lena, ba lumeletsoe hore ba tle ka matla a Morena, ’me ba kene selekaneng hore ba tla boloka litokelo tsa bona, le bolumeli ba bona, hore Morena Molimo a tle a ba hlohonolofatse.

21 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Moroni a se a phatlalalitse mantsoe a na, bonang, batho bao ba ile ba tla ba matha hammoho ka lihlomo tsa bona li tlanngoe mathekeng a bona, ba tabotse liaparo tsa bona e le lets’oao, kapa e le selekane, hore ba keke ba furalla Morena Molimo oa bona; kapa, ka mantsoe a mang, haeba ba ka tlola litaelo tsa Molimo, kapa ba oela tlolong, ’me ba be lihlong ho inkela ho bona lebitso la Kreste, Morena a tle a ba tabole joaloka ha ba tabotse liaparo tsa bona.

22 Joale sena ke sona selekane seo ba ileng ba se etsa, ’me ba ile ba lahlela liaparo tsa bona maotong a Moroni, ba re: re etsa selekane le Molimo oa rona, hore re tla timetsoa, esita le joaloka ba habo rona ba lefats’eng le lebang leboea, haeba re tla oela tlolong; ee, a ka re lahlela maotong a lira tsa rona, joaloka ha re lahletse liaparo tsa rona ho hatikeloa tlas’a leoto, haeba re tla oela tlolong.

23 Moroni o ile a re ho bona: Bonang, re karolo e setseng ea peo ea Jakobo; ee, re karolo e setseng ea peo ea Josefa, eo seaparo sa hae se ileng sa taboloa ke bana babo ho likarolo tse ngata; ee, ’me joale bonang, ha re hopoleng ho boloka litaelo tsa Molimo, kapa liaparo tsa rona li tla taboloa ke ba habo rona, ’me re lahlaloe chankaneng, kapa re rekisoe, kapa re bolaoe.

24 Ee, ha re baballeng tokoloho ea rona joaloka karolo e setseng ea Josefa; ee, ha re hopoleng mantsoe a Jakobo, pele ho lefu la hae, hobane bonang, o ile a bona hore karolo ea karolo e setseng ea seaparo sa Josefa e ile ea bolokoa ’me ha e eaka ea bola. ’Me o ile a re—Esita le joaloka ha karolo e setseng ea seaparo sa mora oa ka se bolokiloe, le joalo karolo e setseng ea peo ea mora oa ka e tla bolokoa ke letsoho la Molimo, ’me e nkeloe ho eena, ha e setseng peo ea Josefa e tla timela, esita le joaloka karolo e setseng ea seaparo sa hae.

25 Joale bonang, sena se fa moea oaka masoabi; le ha ho le joalo, moea oa ka o na le nyakallo ka mora oa ka, ka lebaka la karolo eo ea peo ea hae e tlang ho nkeloa ho Molimo.

26 Joale bonang, ena e ne e le puo ea Jakobo.

27 ’Me joale ke mang ea tsebang empa ke karolo e setseng e fe ea peo ea Josefa, e tlang ho timela joaloka seaparo sa hae, na ke bao ba ikhaohantseng ho tloha ho rona? Ee, le esita le ha e tla ba rona haeba re sa eme ka tieo tumelong ea Kreste.

28 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha Moroni a se a boletse mantsoe a na o ile a tsamaea, ’me hape a romela likarolong tsohle tsa lefats’e leo moo ho neng ho ena le liphapang, ’me a bokella hammoho sechaba se neng se lakatsa ho boloka tokoloho ea sona, ho ema khahlanong le Amalickia le bohle bao ba ikhaohantseng, ba neng ba bitsoa Ba-Amalickia.

29 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Amalickia a bona hore sechaba sa Moroni se ne se le lipalo li ngata ho feta Ba-Amalickia—’me o ile a bona hape hore sechaba sa hae se ne se tletse pelaelo malebana le toka ea lebaka leo ba neng ba le etsa—ka baka leo, ka ho ts’oha hore ha a na ho fumana ntlha, o ile a nka bao ba sechaba sa hae ba batlang ho fallela lefats’eng la Nefi.

30 Joale Moroni o ne a hopola hore ha se bohlokoa hore Ba-Lamane ba fumane matla a mang a fetang; ka baka leo o ile a nahana ho khaola sechaba sa Amalickia, kapa ho ba nka le ho ba khutlisetsa morao, le ho bolaea Amalickia; ee, hobane o ne a tseba hore o tla hlohleletsa Ba-Lamane ho halefa khahlanong le bona, ho etsa hore ba tle ho tla loana khahlanong le bona; ’me sena o ne a tseba hore Amalickia o tla se etsa hore a tle a fumane merero ea hae.

31 Ka baka leo Moroni o ile a hopola hore ho ne ho le molemo hore a nke mabotho a hae, a neng a ipokelletse hammoho, ’me ba hlometse, ’me ba kene selekaneng sa ho boloka khotso—’me ho ile ha etsahala hore o ile a nka lebotho la hae ’me a tsamaela kantle ka litente tsa hae ho ea lefelleng, ho ea khaola leeto la Amalickia lefelleng.

32 ’Me ho ile ha etsahala hore a etse ho latela litakatso tsa hae, ’me a hoantela pele ho ea lefelleng, ’me a ba ka pele ho mabotho a Amalickia.

33 ’Me ho ile ha etsahala hore Amalickia o ile a baleha le palo e nyane ea banna ba hae, ’me ba setseng ba ile ba neheloa matsohong a Moroni ’me ba ile ba nkeloa morao ho kena lefats’eng la Zarahemla.

34 Joale, Moroni e ne e le monna ea khethiloeng ke baahloli ba baholo le ke lentsoe la batho; ka baka leo o ne a ena le matla ho latela thato ea hae ka mabotho a Ba-Nefi, ho theha le ho sebelisa tokelo holim’a bona.

35 ’Me ho ile ha etsahala hore mang kapa mang oa Ba-Amalickia ea neng a sa kene selekaneng sa ho ts’ehetsa lebaka la bolokolohi, hore ba tle ba boloke ’muso o lokolohileng, o ile a etsa hore ba bolaoe; ’me ba ne ba le teng empa ba fokolang ba ileng ba latola selekane sa bolokolohi.

36 ’Me ho ile ha etsahala hape, hore a etse hore folakha ea tokoloho e hlongoe holima tora engoe le engoe e neng e le lefats’eng leo lohle, le neng le ruiloe ke Ba-Nefi; ’me ke joana Moroni a ileng a theha folakha ea tokoloho har’a Ba-Nefi.

37 ’Me ba ile ba qala ho ba le khotso hape lefats’eng leo; ’me ke joana ba ileng ba boloka khotso lefats’eng leo hofihlela haufi le pheletso ea selemo sa bomashome a robong a puso ea baahloli.

38 ’Me Helamane le baprista ba baholo le bona ba ile ba boloka tsamaiso ka kerekeng; ee, esita le sebaka sa lilemo tse nne ba ile ba eba le khotso le ho nyakalla ka kerekeng.

39 ’Me ho ile ha etsahala hore ba be bangata ba ileng ba shoa, ba lumetse ka tieo hore meea ea bona e lopollotsoe ke Morena Jesu Kreste; ke joana ba ileng ba tsoa lefats’eng ba nyakalletse.

40 ’Me ho ne ho ena le ba bang ba ileng ba shoa ka lifeberu, tseo ka linako tse ling tsa selemo li neng li ba khafetsa lefats’eng leo—empa e seng hakaalo ka lifeberu, ka lebaka la limelo tse ntle haholo tsa limela le methapo eo Molimo a neng a e lokisitse ho tlosa sesosa sa mafu ao a neng a ts’oara batho ka lebaka la tlholeho ea boemo ba leholimo.

41 Empa ho ne ho ena le ba bangata ba ileng ba shoa ka botsofali; ’me bao ba shoetseng tumelong ea Kreste ba thabile ka ho eena, jaoloka ha re tlameha ho nahana.