Mangolo a halalelang
Alma 7


Mantsoe a Alma a ileng a a bua ho batho Gideone, ho latela lingoliloeng tsa hae.

Ho kenyeletsa Khaolo ea 7.

Khaolo ea 7

Kreste o tla tsoaloa ke Maria—O tla tlamolla litlamo tsa lefu ’me a jare libe tsa sechaba sa hae—Ba bakang, ba ea kolobetsoa, ’me ba boloka litaelo ba tla ba le bophelo ba bosafeleng—Lits’ila li keke tsa rua ’muso oa Molimo—Boikokobetso, tumelo, ts’epo, le qenehelo lia hlokahala. Ka bo 83 B.C.

1 Bonang bana beso ba ratoang, lea bona hore ke lumelletsoe ho tla ho lona, ka baka leo ke leka ho bua le lona ka puo eaka; ee, ka molomo oaka, lea bona hore ke lekhetlo la pele leo ke buileng le lona ka mantsoe a molomo oaka, ’na ka ho thibelloa ka botlalo ke setulo sa kahlolo, ke bile le mosebetsi o mongata hoo ke neng ke sitoa ho tla ho lona.

2 ’Me esita le hore ke ne nkeke ka tla honajoale ka nako ena ha e ne eba setulo sa kahlolo se sa fuoa e mong, ho busa bakeng sa ka; ’me Morena ka mohau o moholo o mphile hore ke tle ke tle ho lona.

3 ’Me bonang, ke tlile ke na le ts’epo e kholo le takatso e kholo hore ke tle ke fumane hore le ikokobelitse ka pele ho Molimo, le hore le tsoetsepele ho kopa ka boikokobetso lereko la hae, hore ke tle ke fumane hore ha le na molato ka pele ho eena, hore ke tle ke fumane hore ha le tsietsing e ts’abehang eo bana ba bo rona ba leng ho eona Zarahemla.

4 Empa ho bokoe lebitso la Molimo, hore o mphile hore ke tsebe, ee, ho mphile nyakallo e fetisisang ea ho tseba hore ba tiiselitsoe hape tseleng ea ho loka ha hae.

5 ’Me kea ts’epa, ho latela Moea oa Molimo o ka ho ’na, hore hape ke tla ba le nyakallo holim’a lona; le ha ho le joalo, ha ke lakatse hore nyakallo eaka holim’a lona e tle e tle ka lebaka la mahlomola a mangata le bohloko boo ke bileng le bona bakeng sa ba habo rona Zarahemla, hobane bonang, nyakallo eaka e tlile holim’a bona kamor’a ho solla har’a mahlomola a mangata le bohloko.

6 Empa bonang, kea ts’epa hore ha le boemong ba ho se lumele ho ho holo joaloka ba habo lona; kea ts’epa hore ha lea iphahamisa ka boikhohomoso ba pelo tsa lona; ee, kea ts’epa hore ha lea beha lipelo tsa lona holima maruo le lintho tsa lefeela tsa lefats’e; ee, kea ts’epa hore ha le khumamele melingoana, empa le khumamela Molimo oa ’nete a phelang, le hore le shebetse pele bakeng sa ts’oarelo ea libe tsa lona, ka tumelo e sa feleng, e tlang ho tla.

7 Hobane bonang, ke re ho lona ho tla ba le ntho tse ngata tse tlang; ’me bonang, ho na le ntho e le ng’oe eo e leng ea bohlokoa ho feta tse ling tsohle—hobane bonang, nako ha e hole ea hore Molopolli a phele le hotla har’a batho ba hae.

8 Bonang, ha ke re o tla tla har’a rona ka nako ea ho lula ka tebarnakele ea hae ea ’mele o shoang; hobane bonang, Moea ha o oa re ho ’na sena e tla ba bona boemo. Joale haele nthong ena teng ha ke tsebe; empa hakana kea tseba, hore Morena Molimo o na le matla a ho etsa lintho tsohle tse ho latela lentsoe la hae.

9 Empa bonang, Moea o boletse hakana ho ’na, o re: Hoelehetsa ho batho bana, o re—Lona bakang, le hleke tsela ea Morena, ’me le tsamaee litseleng tsa hae, tse otlolohileng; hobane bonang, ’muso oa maholimo o atametse, le Mora oa Molimo o tla holim’a sefahleho sa lefats’e.

10 ’Me bonang, o tla tsoaloa ke Maria, Jerusalema e leng lefats’e la bo ntat’a rona ba boholoholo, eena e le moroetsana, lefiso le khethiloeng la bohlokoa, ea tla sireletsoa ’me a ime ka matla a Moea o Halalelang, ’me a hlahise mora, ee, esita le Mora oa Molimo.

11 ’Me o tla tsamaea, a mamelle mahloko le mahlomola le liteko tsa mefuta eohle; ’me sena hore lentsoe le tle le phethahatsoe le reng o tla inkela ho eena bohloko le bokulo ba batho ba hae.

12 ’Me o tla inkela ho eena lefu, hore a tle a tlamolle litlamo tsa lefu tse tlammeng batho ba hae; ’me o tla inkela ho eena mefokolo ea bona, hore maikutlo a hae a ke a tlale ka mohau, ho latela nama, hore a tle a tsebe ho latela nama ke joang a ka thusang batho ba hae ho latela mefokolo ea bona.

13 Joale Moea o tseba lintho tsohle; le ha ho le joalo Mora oa Molimo o sotleha ho latela nama hore a tle a inkele ho eena libe tsa batho ba hae, hore a tle a hlakole litlolo tsa bona ho latela matla a hae a topollo; ’me joale bonang, bona ke bopaki bo ka ho ’na.

14 Joale ke re ho lona le tlameha ho baka, ’me le tsoaloe la bobeli; hobane Moea o re haeba le sa tsoaloe labobeli le tla sitoa ho rua ’muso oa maholimo; ka baka leo tlohong ’me le kolobelletsoe pako, hore le tle le hlatsuoe ho tsoa libeng tsa lona, hore le tle le be le tumelo ho Konyana ea Molimo, ea tlosang libe tsa lefats’e, ea nang le matla a ho pholosa le ho hloekisa ho bokhopo bohle.

15 Ee, ke re ho lona tlohong ’me le se ts’abe, ’me le behe ka thoko sebe se seng le se seng, se le khathatsang ha bonolo, se le tlamellang tlase ho ea ts’enyehong, ee, tlohong le ee pele, ’me le bonts’e Molimo oa lona hore le ikemiselitse ho baka libeng tsa lona ’me le kene selekaneng le eena ho boloka litaelo tsa hae, le pakahatse ho eena ka letsatsi lena ka ho kena metsing a kolobetso.

16 ’Me mang le mang ea etsang sena, ’me a boloka litaelo tsa Molimo ho tloha moo, ea ts’oanang o tla hopola hore ke re ho eena, ee, o tla hopola hore ke itse ho eena, o tla ba le bophelo ba bosafeleng, ho latela bopaki ba Moea o Halalelang, o pakahatsang ka ho ’na.

17 ’Me joale bana beso ba ratoang, na le lumela lintho tse? Bonang, ke re ho lona, ee, kea tseba hore lea li lumela; ’me tsela eo ke tsebang hore lea li lumela ke ka ts’enolelo ea Moea o ka ho ’na. ’Me joale hobane tumelo ea lona e matla malebana le seo, ee, malebana le litho tseo ke li boletseng, e kholo nyakallo eaka.

18 Hobane joaloka ha ke boletse ho lona ho tloha qalong, hore ke ne ke na le takatso e kholo hore e be ha le boemong ba tsietsi joaloka ba habo lona, esita le joalo ke fumane hore litakatso tsa ka li khotsofalitsoe.

19 Hobane kea lemoha hore le litseleng tsa ho loka; ke lemoha hore le tseleng eo e etellang ho ea ’musong oa Molimo, ee, ke lemoha hore le etsa hore litsela tsa hae li otlolohe.

20 Ke lemoha hore ho entsoe hore ho tsebahale ho lona, ka bopaki ba lentsoe la hae, hore o sitoa ho tsamaea litseleng tse khopameng; le haele ho fetoha ho seo a se boletseng; le haele ho ba le seriti sa ho fetoha ho tloha ka ho le letona ho ea ka ho le le ts’ehali, kapa ho tloha ho seo se nepahetseng ho ea ho se fosahetseng; ka baka leo, tsela ea Morena ke pitikoe e le ’ngoe ea bosafeleng.

21 ’Me ha a lule litempeleng tse sa halaleleng; le haele lits’ila kapa eng kapa eng e sa hloekang e keke ea amoheloa ’musong oa Molimo; ka baka leo ke re ho lona nako e tla tla, ee, ’me e tla ba ka letsatsi la ho qetela, hore eo a leng lits’ila o tla sala a le lits’ileng tsa hae.

22 ’Me joale bana beso ba ratoang, ke boletse lintho tsena ho lona hore ke tle ke le tsosetse kutloisisong ea mosebetsi oa lona ho Molimo, hore le tle le tsamaee le hloka molato ka pele ho eena, hore le tle le tsamaee kamora mokhoa o halalelang oa Molimo, kamoo le amohetsoeng.

23 ’Me joale ke lakatsa hore le tle le ikokobetse, ’me le be le ho amohela le bonolo; ho atameleha ka bonolo; le tletse mamello le ho mamella; le na le boithibo linthong tsohle, le le mafolofolo ho boloka litaelo tsa Molimo ka linako tsohle; le kopa lintho tse ling le tse ling tseo le li hlokang, bobeli tsa semoea le tsa nama; kamehla le busetsa liteboho ho Molimo bakeng sa lintho li feng le li feng tseo le li fumanang.

24 ’Me bonang hore le na le tumelo, ts’epo, le qenehelo, ’me joaloe le tla lula ka mehla le tla ngatafalla mesebetsing e molemo.

25 ’Me e ke Morena a ka le hlohonolofatsa, ’me a boloke liaparo tsa lona li se na letheba, hore le ke le tlisoe ho tla lula fats’e le Abrahama, Isaaka, le Jakobo, le baporofeta ba halalelang ba bileng ho tloha ha lefats’e le simolla, le na le liaparo tsa lona li se na letheba esita joaloka ha liaparo tsa bona li se na letheba, ’musong oa maholimo ho se hlole le tsoela kantle.

26 ’Me joale bana beso ba ratoang, ke boletse mantsoe a na ho lona ho latela Moea o pakahatsang ka ho ’na; ’me moea oaka o nyakalla ka ho fetisisa, ka lebaka la mafolofolo a fetisisang le ho ela hloko eo le e fileng lentsoe la ka.

27 ’Me joale, khotso ea Molimo e ke e lule ho lona, le holim’a matlo a lona le mafats’e, le holim’a likhuts’oane le mehlape ea lona, le tsohle tseo le li ruileng, basali ba lona le bana ba lona, ho latela tumelo ea lona le mesebetsi e molemo, ho tloha nakong ena ho ea pele le ka ho sa feleng. ’Me ke joana ke boletseng. Amen.