Mangolo a halalelang
Alma 37


Khaolo ea 37

Matlapa a ts’pe e khubelu le mangolo a mang a halalelang a bolokoa ho tlisa meea polokong—Ba-Jerede ba ile ba timetsoa ka lebaka la bokhopo ba bona—Likano le lilekane tsa bona tsa lekunutu li tlameha ho bolokoa ho tloha ho sechaba—Eletsana le Morena liketsong tsohle tsa hau—Joaloka ha Liahona e ile ea etellla Ba-Nefi, joale lentsoe la Kreste le etella batho ho bophelo ba bosafeleng. Ka bo 74 B.C.

1 ’Me joale, mora oaka Helamane, kea u laela hore u nke lingoliloeng tseo tse ts’epetsoeng ho ’na;

2 ’Me ke u laela hape hore u boloke pale ea sechaba sena, ho latela joalo ka ke entse, holim’a matlapa a Nefi, ’me u boloke lintho tsena tsohle li halalela tseo ke li bolokileng, esita le joaloka ha ke li bolokile; hobane ke bakeng la morero o bohlale hore li bolokoe.

3 ’Me matlapa a na a ts’epe e khubelu, a ts’etseng lingoliloeng tsena, tseo li nang le lingoliloeng tsa mangolo a halalelang holim’a tsona, tseo li nang le leloko la baholo-holo ba rona, esita le ho tloha ts’imolohong—

4 Bona, ho porofetiloe ke bo ntat’a rona, hore li tle li bolokoe ’me li fetisetsoe tlase ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong, ’me li bolokoe le ho baballoa ke letsoho la Morena hofihlela li tla tsamea ho ea lichabeng, maloko, maleme, le batho bohle, hore ba tla tseba ka liphiri tse ts’etsoeng ka teng.

5 ’Me joale bona, haeba li bolokiloe li tlameha ho boloka ho khanya ha tsona; ee, ’me li tla boloka ho khanya ha tsona; ee, ’me hape le matlapa oohle a ts’etseng seo e le sengoliloeng se halalelang.

6 Joale u ka nahana hore hona ke bothoto ho ’na; empa bona ke re ho uena, hore ka lintho tse nyane tse bonolo lintho tse kholo li tlisoa hore li etsahale, ’me mekhoa e menyane ka makhetlo a mangata e hlola ba bohlale.

7 ’Me Morena Molimo o sebetsa ka mekhoa ho fihlela merero ea hae e meholo le ea bosafeleng; ’me ka mekhoa e menyenyane haholo Morena o hlola ba bohlale le ho fihlela poloko ea meea e mengata.

8 ’Me joale, hofihlela joale e bile bohlale ho Molimo hore lintho tsena li baballoe; hobane bona, li holisitse mohopolo oa sechaba sena, ee, ’me tsa kholisa ba bangata ka phoso ea litsela tsa bona, ’me tsa ba tlisetsa tsebong ea Molimo oa bona ho isa polokong ea meea ea bona.

9 Ee, ke re ho uena, ha e ne e se ka lintho tsena tseo lingoliloeng tse li li ts’etseng, tseo li leng matlapeng ana, Ammone le bana babo ba ne ba tla sitoa hore e be ba kholisitse likete tse ngata tsa Ba-Lamane ka ho se nepahale ha mekhoa ea bo ntat’a bona; ee, lingoliloeng tsena le mantsoe a tsona li ile tsa ba tlisa pakong; ke hore, li ile tsa ba tlisetsa tsebong ea Morena Molimo oa bona, le ho nyakalla ho Jesu Kreste Molopolli oa bona.

10 ’Me ke mang ea tsebang empa ke eng seo e tla bang mekhoa ea ho tlisa liketekete tsa bona, ee, ’me hape le likete tse ngata tsa ba melala e sataletseng ba habo rona, Ba-Nefi, bao honajoale ba thatafalelitseng lipelo tsa bona sebeng le bokhopong, ho ea tsebong ea Molopolli oa bona?

11 Joale liphiri tsena ha li so ka li etsoa hore li tsebahale ka botlalo ho ’na; ka baka leo ke tla mamella.

12 ’Me ho ka nna ha lekana haeba ke re feela li baballetsoe morero o bohlale, morero oo o tsejoang ke Molimo; hobane o eletsa ka bohlale holim’a mesebetsi eohle ea hae, ’me litsela tsa hae li otlolohile, ’me tsela ea hae ke pitikoe e le ’ngoe ea bosafeleng.

13 Oho u hopole, u hopole, mora oaka Helamane, li thata joang litaelo ta Molimo. ’Me o itse: Haeba le tla boloka litaelo tsa ka, le tla atleha lefats’eng—empa haeba le keke la boloka litaelo tsa hae le tla khaoloa ho tloha ponts’eng ea hae.

14 ’Me joale hopola, mora oaka, hore Molimo o ts’epetse ho uena ka lintho tsena, tse halalelang, tseo a li bolokileng li halalela, ’me hape tseo a tlang ho li boloka le ho li baballa bakeng sa morero o bohlale ka ho eena, hore a tle a bonahatse matla a hae ho meloko ea nakong e tlang.

15 ’Me joale bona, ke u bolella ka moea oa boporofeta, hore haeba u tla tlola litaelo tsa Molimo, bona, lintho tsena tse halalelalng li tla tlosoa ho uena ka matla a Molimo, ’me u tla lokolleloa Satane, hore a ke a u olose joalo ka ’moko ka pele ho moea.

16 Empa haeba u boloka litaelo tsa Molimo, ’me u etsa ka lintho tsena tse halalelang ho latela seo Morena a u laetseng sona, (hobane u tlameha ho ipiletsa ho Morena bakeng sa lintho tsohle tseo u tlamehang ho li etsa ka tsona) bona, ha hona matla a lefats’e kapa lihele a ka li nkang ho tloha ho uena, hobane Molimo o tletse matla ho phethisa mantsoe a hae oohle.

17 Hobane o tla phethisa lits’episo tsohle tsa hae tseo a tlang ho li etsa ho uena, hobane o phethisitse lits’episo tseo a li enteng ho bo ntat’a rona.

18 Hobane o ile a ts’episa ho bona hore o tla baballa lintho tsena bakeng sa morero o bohlale ho eena, hore a ke a bonts’e matla a hae ho meloko ea kamoso.

19 ’Me joale bona, morero o le mong o o phethisitse, esita le ho tsosoloso ea likete tse ngata tsa Ba-Lamane ho tsebo ea ’nete; ’me o bonts’itse matla a hae ka bona, ’me hape o tla nne a bonts’e matla a hae ka bona ho meloko ea kamoso; ka baka leo ba tla baballoa.

20 Ka baka leo kea u laela, mora oaka Helamane, hore u be mafolofolo ho phethisa mantsoe oohle a ka, le hore u be mafolofolo ho bolokeng litaelo tsa Molimo joaloka ha li ngotsoe.

21 ’Me joale, ke tla bua le uena malebana le matlapa ao a mashome a mabeli a metso e mene, hore u a boloke, hore liphiri le mesebetsi ea lefifi, le mesebetsi ea bona ea lekunutu, kapa mesebetsi ea lekunutu ea sechaba seo se timelitsoeng, e ke e bonahatsoe ho sechaba sena; ee, lipolao tsohle tsa bona, le litlatlapo, le bosholu ba bona, le bokhopo le manyala oohle a bona, li ke li bonahatsoe ho sechaba sena; ee, le hore u baballe litoloko tsena.

22 Hobane bona, Morena o ile a bona hore batho bana ba qala ho sebetsa ka lefifi, ee, ho sebetsa lipolao tsa lekunutu le manyala; ka baka leo Morena o ile a re, haeba ba sa bake ba tla timetsoa ho tloha sefahlehong sa lefats’e.

23 ’Me Morena o ile a re: Ke tla hlophisetsa mohlanka oaka Gazleme, lejoe, leo le tlang ho khants’a lefifing ho isa khanyeng, hore ke tle ke senolele ho batho ba ka ba nts’ebeletsang, hore ke tle ke ba senolele mesebetsi ea bana ba bo bona, ee, mebebetsi ea bona ea lekunutu, mesebetsi ea lefifi, le bokhopo ba bona le manyala.

24 ’Me joale, mora oaka, litoloko tsena li ne li hlophiselitsoe hore lentsoe la Molimo le ke le phethahale, leo a le buileng, a re:

25 Ke tla tlisa ho tsoa lefifing ho ea khanyeng mesebetsi eohle ea bona ea lekunutu le manyala; ’me ntle le hore ba bake ke tla ba timetsa ho tloha sefahlehong sa lefats’e; ’me ke tla tlisa khanyeng makunutu oohle a bona le manyala, ho lichaba tsohle tse tlang ho rua lefats’e lena kamorao ho mona.

26 ’Me joale, mora oaka, rea bona hore ha ba ka ba baka; ka baka leo ba timelitsoe, ’me ho fihlela moo lentsoe la Molimo le phethahetse; ee, manyala a bona a lekunutu a tlisitsoe ho tsoa lefifing ’me a entsoe hore a tsebahale ho rona.

27 ’Me joale, mora oaka, kea u laela hore u boloke likano tsohle tsa bona, le lilekane tsa bona, le litumellano tsa bona manyaleng a bona a lekunutu; ee, le mats’oao oohle a bona le limakatso tsa bona u tla li boloka ho tloha ho sechaba sena, hore ba ke ba sitoe ho li tseba, ntle le hore e se re mohlomong ba tle ba oele lefifing le bona ’me ba timetsoe.

28 Hobane bona, hona le thohako holim’a lefats’e lena, hore timelo e tla tla holim’a bohle bao basebetsi ba lefifi, ho latela matla a Molimo, ha ba butsoitse ka ho fella; ka baka leo ke lakatsa hore e ke sechaba sena se ka se timetsoe.

29 Ka baka leo u tla boloka meralo ena ea lekunutu ea likano tsa bona le lilekane tsa bona ho sechaba sena, ’me feela bokhopo ba bona le lipolao tsa bona le manyala a bona u tla etsa hore li tsebahale ho bona; ’me u tla ba ruta ho nyonya bokhopo bo joalo le manyala le lipolao; ’me hape u tla ba ruta hore sechaba sena se ile sa timetsoa ka lebaka la bokhopo ba bona le manyala le lipolao tsa bona.

30 Hobane bona, ba bolaile baporofeta bohle ba Morena ba tlileng har’a bona ho tla ba phatlalatsa ho bona malebana le bokhopo ba bona; le mali a bao ba ba bolaileng a ile a llela ho Morena Molimo oa bona bakeng sa boiphetetso holim’a bao e neng e le babolai ba bona; ’me ke joana likahlolo tsa Molimo li ileng tsa tla holim’a basebetsi bana ba lefifi le liketso tsa sekhukhu.

31 Ee, ’me ho rohakehile lefats’e leo ka ho sa feleng ho bao basebetsi ba lefifi le liketso tsa sekhukhu, esita le ho isa timelong, ntle le hore ba bake pele ba butsoa ka ho fella.

32 ’Me joale, mora oaka, hopola mantsoe ao kea buileng ho uena; u se ke ua ts’epela meralo eo ea lekunutu ho sechaba sena, empa ba rute lehloeo le sa feleng khahlanong le sebe le bokhopo.

33 Ruta ho bona pako, le tumelo ho Morena Jesu Kreste; ba rute hore ba ikokobetse ’me ba be mosa le pelo nolo ka pelong; ba rute ho hlola teko engoe le engoe ea diabolose, ka tumelo ea bona ho Morena Jesu Kreste.

34 Ba rute ho se be le ka mohla ba khathalang ke mesebetsi e metle, empa ba be mosa le pelo nolo ka pelong; hobane ba joalo ba tla fumanela meea ea bona phomolo.

35 Oho, hopola, mora oaka, ’me u ithute bohlale bocheng ba hau; ee, ithute bocheng ba hau ho boloka litaelo tsa Molimo.

36 Ee, ’me u lle ho Molimo bakeng sa ts’ehetso eohle ea hau, ee, etsa hore liketso tsohle li be ho Morena, ’me hohle kae kapa kae moo u eang etsa hore e be ho Morena; ee, etsa hore mehopolo eohle ea hau e tataisetsoe ho Morena; ee, etsa hore maikutlo ohle a hau a lerato la pelo ea hau a lule ho Morena ka ho sa feleng.

37 Eletsana le Morena liketsong tsohle tsa hau, ’me o tla u tataisa bakeng sa molemo; ee, hau paqama fats’e bosiu paqama fats’e ho Morena, hore a ke a u hlokomele borokong ba hau; ’me ha u tsoha hoseng etsa hore pelo ea hau e tlale ka liteboho ho Molimo; ’me haeba u etsa lintho tsena, u tla phahamisetsoa holimo ka letsatsi la ho qetela.

38 ’Me joale, mora oaka, ke na le ho bolela hanyane malebana le ntho eo bo ntat’a rona ba e bitsang bolo, kapa tataiso—kapa bo ntat’a rona ba bitsitse Liahona, eo, e tolokoang, sesupa-tsela; ’me Morena o ne a e hlophisitse.

39 ’Me bona, motho mang kapa mang o ne a ka sitoa ho sebetsa ka mokhoa oa mosebetsi oa matsoho ka bohelehele bo joalo. ’Me bona, e ne e hlophiselitsoe ho bonts’a bo ntat’a rona tsela eo ba tlang ho e tsamaea lefelleng.

40 ’Me e ne e ba sebeletsa ho latela tumelo ea bona ho Molimo; ka baka leo, haeba ba ne ba ena le tumelo ea hore Molimo a ka etsa hore manaka ao a tle a supe tsela eo ba tlang ho e tsamaea, bona ho ne ho ba joalo; kabaka leo ba ne ba ena le mohlolo ona, ’me hape mehlolo e meng e mengata e ile ea tlisoa ka matla a Molimo, letsatsi ka letsatsi.

41 Le ha ho le joalo, hobane mehlolo eo e ne e sebetsoa ka mekhoa e menyane e ile ea ba bonts’a mesebetsi e tsotehang. Ba ne ba le botsoa, ’me ba lebala ho sebelisa tumelo ea bona le mafolofolo ’me mesebetsi eo e tsotehang e ile ea emisa, ’me ba sitoa ho tsoelepele leetong la bona;

42 ka baka leo, ba ile ba lula lefelleng, kapa ba sitoa ho tsamaea tsela e otlolohileng, ’me ba hlokofala ke tlala le lenyora, ka lebaka la litlolo tsa bona.

43 ’Me joale, mora oaka, ke lakatsa hore u tle u utloisise hore lintho tsena ha li feela ntle le ts’oants’iso; hobane joaloka ha bontat’a rona ba ne ba le botsoa ho mamela sesupa-tsela sena (joale lintho tsena e ne e le tsa nama) ba ile ba sitoa ho atleha; esita ho joalo le ho ntho tsa moea.

44 Hobane bona, ho bobebe joalo ho mamela lentsoe la Kreste, le tlang ho u supela tseleng e otlolohileng thabong ea bosafeleng, joaloka ho ne ho le joalo bakeng sa bo ntat’a rona ho mamela sesupa-tsela sena, se neng se tla ba supela tseleng e otlolohileng ho ea lefats’eng la pallo.

45 ’Me joale ke re, na ha hona ponts’o nthong e? Hobane joaloka ha kannete joaloka ha tataiso ena e ile ea tlisa bo ntat’a rona, ka ho latela tsela ea eona, ho ea lefats’eng la pallo, mantsoe a Kreste a tla etsa joalo, haeba re latela tsela ea ona, a re jarele ka nqane ho phula ena ea masoabi ho ea lefats’eng le betere ho feta la pallo.

46 Oho mora oaka, se ke oa lumela hore re be botsoa ka lebaka la bobebe ba tsela: hobane ho ne ho le joalo ka bo ntat’a rona; hobane ba ne ba e lokiselitsoe, hore haeba ba sheba ba ke ba phele; esita ho joalo le ka rona. Tsela e hlophisitsoe, ’me haeba re ka sheba re ka phela ka ho sa feleng.

47 ’Me joale, mora oaka, bona hore u baballa lintho tsena tse halalelalng, ee, bona hore u sheba ho Molimo ’me u phele. E ea ho sechaba sena ’me u phatlalatse lentsoe, ’me o tiie. Mora oaka, sala hantle.