Mangolo a halalelang
Alma 29


Khaolo ea 29

Alma o lakatsa ho hoelehetsa pako ka cheseho ea bongeloi—Morena o fana ka baruti bakeng sa lichaba tsohle—Alma o thabela mosebetsing oa Morena le katlehong ea Ammone le bana babo. Ka bo 76 B.C.

1 Oho hore e ke nka be ke le lengeloi, ’me ke be le takatso ea pelo eaka, hore ke tle ke tsamaee le ho bua ka terompeta ea Molimo, ka lentsoe la ho sisinya lefats’e, ’me ke hoelehetsa pako ho lichaba tsohle!

2 Ee, ke ne ke tla phatlalatsa ho moea o mong le o mong, joaloka ka lentsoe la sealuma, pako le moralo oa topollo, hore ba bake ’me ba tle ho Molimo oa rona, hore ho se hlole ho eba le masoabi holim’a sefahleho sohle sa lefats’e.

3 Empa bonang, ke monna, ’me ke etsa sebe takatsong eaka; hobane ke lokela ho khotsofala ka lintho tseo Morena a li abetseng ’na.

4 Ha kea lokela ho sitisa litakatsong tsa ka molao o tiileng oa Molimo ea lokileng, hobane kea tseba hore o fa batho ho latela takatso ea bona, hore na ke ho isa bophelong kapa lefung; ee, kea tseba hore o abela batho, ee, ho ba laela melao eo e sa fetoloeng ho latela thato ea bona, hore na ke ho isa polokong kapa ho isa timelong.

5 Ee, kea tseba hore botle le bobe li tlile pele ho batho bohle; ea sa tsebeng botle ho bobe ha a na molato, empa ea tsebang botle le bobe, ho eena o fua ho latela litakatso tsa hae, hore na o lakatsa botle kapa bobe, bophelo kapa lefu, nyakallo kapa ts’oabo ea botho.

6 Joale, ka ho bona hore ke tseba lintho tsena, hobaneng nka lakatsa ho feta ho etsa mosebetsi oo ke o bitselitsoeng?

7 Hobaneng nka lakatsa hore nka be ke le lengeloi, hore e ke nka bua ho lipheletso tsohle tsa lefats’e?

8 Hobane bonang, Morena o fa lichaba tsohle, ka bochaba ba bona le leleme, ho ruta lentsoe la hae, ee, ka bohlale, sohle se a bonang se lokela hore ba be le sona; ka baka leo re bona hore Morena o eletsa ka bohlale, ho latela seo e leng se lokileng le ’nete.

9 Kea se tseba seo Morena a ntaetseng sona, ’me ke thabela teng. Ha ke ithabele ka bo ’na, empa ke thabela ho seo Morena a ntaetseng sona; ee, ’me eena ke eona thabo ea ka, hore mohlomong ke tle ke be sesebelisoa ka matsohong a Molimo ho tlisa moea o itseng pakong; ’me eena ke eona nyakallo ea ka.

10 ’Me bonang, ha ke bona ba bangata bana beso ba bakile e le kannete, ’me ba tla ho Morena Molimo oa bona, joale moea oaka o tlala ka nyakallo; joale ke hopola seo Morena a nketselitseng sona, ee, esita le hore o ile a utloa thapelo eaka; ee, joale ke hopola letsoho la hae le tletseng mohau leo a ileng a le otlollela ho ’na.

11 Ee, ’me hape ke hopola bots’oaruoa ba bo ntat’a rona, hobane kannete kea tseba hore Morena o ile a ba lopolla litlamong, ’me ka sena o ile a theha kereke ea hae, ee, Morena Molimo, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaka, le Molimo oa Jakobo, o ile a ba lopolla ho tsoa litlamong.

12 Ee, ke lutse kamehla ke hopola bots’oaruoa ba bo ntat’a rona; le Molimo ea ts’oanang ea ileng a ba lopolla ho tsoa matsohong a Ba-Egepeta o ile a ba lopolla ho tsoa litlamong.

13 Ee, ’eena Molimo eo ea ts’oanang o ile a theha kereke har’a bona; me eena Molimo ea ts’oanang o mpitsitse ka pitso e halalelang, ho ruta lentsoe ho sechaba sena, ’me o mphile katleho e kholo, eo ka eona nyakallo eaka e tletseng.

14 Empa ha ke nyakalle katlehong eaka ke le mong, empa nyakallo eaka e tletse ho feta ka lebaka la katleho ea bana beso, ba bileng holimo lefats’eng la Nefi.

15 Bonang, ba sebelitse ka ho fetisisa, ’me ba kotutse tholoana e ngata; ’me o tla ba moholo hakakang moputso oa bona!

16 Joale, ha ke nahana ka katleho ea bona bana beso moea oaka o nkeloa hole, esita le ho arohana ha ona ho tsoa nameng, ea eba joalo, e kholo hakaalo nyakallo ea ka.

17 ’Me joale e se eka Molimo a ka fa ba na, bana beso, hore ba tle ba lule ’musong oa Molimo; ee, ’me le bohle bao e leng tholoana ea mesebetsi ea bona hore ba se hlole ba tsoela kantle, empa hore ba tle ba mo rorise ka ho sa feleng. ’Me e se eka Molimo a ka lumela hore ho etsahale ho latela mantsoe a ka, esita le joalo ka ha ke buile. Amen.