Mangolo a halalelang
Alma 14


Khaolo ea 14

Alma le Amuleke ba koalloa le ho otloa—Balumeli le mangolo a halalelang a bona ba chesoa ka mollo—Bashoela-tumelo bana ba amoheloa ke Morena ka khanya—Mabota a teronko a choatleha le ho oela—Alma le Amuleke ba ea lopolloa, ’me bahlorisi ba bona ba ea bolaoa. Ka bo 82–81 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a ho etsa pheletso ea ho bua le batho bao ba bangata ba bona ba ile ba lumela mantsoeng a hae, ’me ba qala ho baka, le ho batla mangolong a halalelang.

2 Empa karolo e fetang ea bona ba ne ba lakatsa hore e ke ba ka timetsa Alma le Amuleke, hobane ba ne ba halefetse Alma, ka lebaka la ho hlaka ha mantsoe a hae ho Zeezrome; ’me ba ne ba re hape Amuleke o buile leshano ho bona, ’me o rohakile khahlanong le molao oa bona le khahlanong le babuelli ba bona le baahloli.

3 ’Me hape ba ne ba halefetse Alma le Amuleke; me ka lebaka la hore ba ile ba paka ka ho hlaka hoo khahlanong le bokhopo ba bona, ba ne ba batla ho ba koalla ka lekunutu.

4 Empa ho ile ha etsahala hore ba se ke ba etsa joalo, empa ba ba nka le ho ba tlama ka marapo a matla, ’me ba ba nkela ka pele ho moahloli e moholo oa lefats’e leo.

5 ’Me batho bao ba ile ba tsamaea le ho paka khahlanong le bona—ba paka hore ba rohakile khahlanong le molao, le babuelli ba bona le baahloli ba lefats’e leo, ’me hape le batho bohle ba neng ba le lefats’eng leo; ’me hape ba paka hore ha hona e mong ntle le Molimo ea mong, le hore o tla romela mora oa hae har’a batho bao, empa ha na ho ba pholosa; le ka tse ngata lintho tse joalo tseo batho bao ba ileng ba paka khahlanong le Alma le Amuleke. Joale sena se ile sa etsoa ka pele ho moahloli e moholo oa lefats’e leo.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore Zeezrome o ne a hloletsoe ke mantsoe a ileng a boleloa; ’me hape o ne a tseba malebana le ho foufala ha likelello tsa bona, hoo a ho bakileng har’a sechaba ka mantsoe a hae a leshano; ’me moea oa hae o ile oa qala ho hlokofala tlasa boikelello ba molato oa hae; ee, a qala ho pota potoa ka hohle ke bohloko ba lihele.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a qala ho hoelehetsa ho sechaba, a re: Bonang, ke molato, ’me banna bana ha ba na letheba ka pele ho Molimo. ’Me o ile a qala ho etsa boipiletso bakeng sa bona ho tloha nakong eo ho ea pele; empa ba ile ba mo rohaka, ba re: Na o ts’oeroe ke diabolose? ’Me baile ba mo ts’oela ka mathe, ’me ba mo lahlela kantle ho tsoa har’a bona, ’me hape le bohle ba lumetseng ho mantsoe a ileng a boleloa ke Alma le Amuleke; ’me ba ile ba ba lahlela kantle, ’me ba romela banna ho ba tlepetsa ka majoe.

8 ’Me ba ile ba tlisa basali ba bona le bana hammoho, le mang kapa mang ea neng a lumela kapa ea rutiloeng ho lumela lentsoeng la Molimo ba etsa hore ba tle ba lahleloe mollong; ’me hape ba ile ba tlisa lingoliloeng tsa bona tse neng li ts’etse mangolo a halalelang, ’me ba a lahlela mollong le ona, hore ba tle ba che le ho timetsoa ke mollo.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore ba nke Alma le Amuleke, ’me ba ba jarela pele ho ea sebakeng sa ho shoela tumelo, hore ba tle ba bone timelo ea bao ba neng ba chesoa ke mollo.

10 ’Me ha Amuleke a bona bohloko ba basali bao le bana ba neng ba chesoa ke mollo, le eena o ile a utloa bohloko; ’me a re ho Alma: Ke joang re ka shebang pono e e ts’abehang? Ka baka leo ha re otlolle matsoho a rona, ’me re sebelise matla a Molimo a ka ho rona, ’me re ba pholose ho tsoa malakabeng ao.

11 Empa Alma a re ho eena: Moea oa nsusumetsa hore ke se ke ka otlolla letsoho la ka; hobane bona Morena o ba amohela ho eena, ka khanya; ’me o lumetse hore ba tle ba etse ntho ena, kapa hore batho bana ba tle ba etse ntho ena ho bona, ho latela ho thatafala ha lipelo tsa bona, hore likahlolo tseo a tla li sebelisa holim’a bona ka khalefo ea hae li tle li be le toka; ’me mali a ba senang molato a tla ema e le bopaki khahlanong le bona, ee, ’me a hoelehetse ka matla khahlanong le bona ka letsatsi la ho qetela.

12 Joale Amuleke a re ho Alma: Bona, mohlomong ba tla re chesa le rona.

13 ’Me Alma a re: Ho tla ba ho latela thato ea Morena. Empa, bona, mosebetsi oa rona ha o so fele; ka baka leo ha ba na ho re chesa.

14 Joale ho ile ha etsahala hore ha ’mele ea bao ba ileng ba lahleloa mollong e se e chele, ’me hape le lingoliloeng tse ileng tsa lahleloa le bona, moahloli e moholo oa lefats’e leo o ile a tla ’me a ema ka pele ho Alma le Amuleke, joaloka ha ba ntse ba tlangoe; ’me a ba jabela ka letsoho la hae marameng, ’me a re ho bona: Kamor’a seo le se boneng, na le tla ruta batho bana hape, hore ba tla lahleloa lets’eng la mollo le sebabole?

15 Bonang, lea bona hore ha lea ba le matla a ho pholosa bao ba lahletsoeng mollong; le ha e le Molimo ha a ba pholosa hobane e ne e le ba tumelo ea lona. ’Me moahloli o ile a ba jabela hape marameng a bona, ’me a botsa: Le ipuelella ka ho reng?

16 Joale moahloli enoa e ne e le oa mokhoa le tumelo ea Nehore, ea bolaileng Gideone.

17 ’Me ho ile ha etsahala hore Alma le Amuleke ba mo arabe ka letho; ’me o ile a ba otla hape, ’me a ba lokollela ho liofisiri ho lahleloa chankaneng.

18 ’Me ha ba se ba lahletsoe chankaneng matsatsi a mararo, ho ile ha tla babuelli ba bangata, le baahloli, le baprista, le baruti, bao e neng e le ba mosebetsi oa Nehore; ’me ba ile ba tla chankaneng ho tla ba bona, ’me ba ile ba botsa ka mantsoe a mangata; empa ba ba arabela ka letho.

19 ’Me ho ile ha etsahala hore moahloli eo a eme ka pele ho bona, ’me a re: Hobaneng le sa arabe mantsoe a sechaba se? Na ha le tsebe hore ke na le matla a ho le lokollela malakabeng? ’Me o ile a ba laela ho bua; empa ba araba letho.

20 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba tloha ’me ba tsamaea ka litsela tsa bona, empa ba ile ba tla hape hosane; ’me moahloli eo le eena a ba jabela hape marameng a bona. ’Me ba bangata ba ile ba tla le bona, ’me ba ba otla, ba ntse ba re: Na le tla ema hape le ahlole sechaba se, ’me le ahlole molao oa rona? Haeba le na le matla a maholo hakaalo hobaneng le sa itokolle?

21 ’Me ke lintho tse ngata tse joalo tseo ba ileng ba li bua ho bona, ba tsikitlanyetsa meno a bona holim’a bona, me ba ntse ba re: Re tla shebehala joang ha re tsuoe?

22 ’Me lintho tse ngata tse joalo, ee, mekhoa eohle ea lintho tse joalo ba ile ba li bolela ho bona; ’me ke joana ba ileng ba ba soma bakeng sa matsatsi a mangata. ’Me ba ile ba ba tima lijo hore ba tle ba lape, le metsi hore ba tle ba nyoroe; ’me ba ile ba nka hape ho bona liaparo tsa bona hore e be ba ne ba hlobotse; ’me ke joana ba neng ba tlanngoe ka marapo a matla, ’me ba koaletsoe chankaneng.

23 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a hore ba sotlehe bakeng sa matsatsi a mangata, (’me e ne e le letsatsi la boleshome le metso e ’meli, khoeling ea leshome, selemong sa boleshome sa puso ea baahloli holim’a batho ba Nefi) moahloli e moholo holim’a lefats’e la Ammoniha le ba bangata ba baruti ba bona, le babuelli ba bona ba ile ba ea chankaneng moo Alma le Amuleke ba neng ba tlanngoe ka marapo.

24 ’Me moahloli e moholo o ile a ema ka pele ho bona, ’me a ba otla hape, le hore ho bona: Haeba le na le matla a Molimo ho itokolla litlamong tsena, ’me joale re tla lumela hore Morena o tla timetsa sechaba sena ho latela mantsoe a lona.

25 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ba se ba ile bohle ’me ba ba otlile, ba ntse ba bolela mantsoe a ts’oanang, esita le ho fihlela oa ho qetela a se a buile ho bona matla a Molimo a ne a le holim’a Alma le Amuleke, ’me ba ile ba tsoha le ho ema ka maoto a bona.

26 ’Me Alma o ile a hoelehetsa, a ntse a re: Ke nako e kae re tlang ho mamella mahlomola ana, Oho Morena? Oho Morena, re fe matla ho latela tumelo ea rona e ho Kreste, esita le ho isa topollong ea rona. ’Me ba ile ba khaola marapo ao ba neng ba tlanngoe ka ona; ’me itse ha batho bao ba bona sena, ba ile ba qala ho baleha, hobane ts’abo ea timetso e ile ea tla holim’a bona.

27 ’Me ho ile ha etsahala hore ts’abo ea bona e ne e le kholo hoo ba ileng ba oela fats’e, ’me ba sitoa ho fumana lemati le kantle la chankana; ’me lefats’e le ile la sisinyeha ka matla, ’me mabota a chankana a ile a khaoha habeli, hore a oele fats’e; ’me moahloli e moholo, le babuelli, le baprista, le baruti, ba ile ba otla Alma le Amuleke, ba ile ba bolaoa ke ho oa ha ona.

28 ’Me Alama le Amuleke ba ile ba tsoela kantle ho chankana, ’me ba ne ba sa utloa bohloko; hobane Morena o ile a ba fa matla, ho latela tumelo ea bona e neng e le ho Kreste. ’Me hang-hang ba ile ba tsoela kantle ho chankana; ’me ba ne ba lokollotsoe ho tsoa litlamong tsa bona, ’me chankana e ne e oetse fats’e, ’me moea o mong le o mong o neng o le ka har’e ho mabota a eona, ntle le Alma le Amuleke, ba ile ba bolaoa; ’me hanghang ba ile ba tla ho kena motseng oo.

29 Joale sechaba seo ka ho utloa lerata le leholo ba ile ba tla ba matha hammoho ka bongata ho tla tseba sesosa sa teng; ’me e itse ha ba bona Alma le Amuleke ba tsoela kantle ho chankana, le mabota a teng a oetseng fats’e, ba ile ba otloa ke letsoalo le leholo, ’me ba baleha ponts’eng ea Alma le Amuleke esita le joaloka ha poli le lipotsanyane li baleha litaung tse peli; me ke joana ba ileng ba baleha ponts’eng ea Alma le Amuleke.