Mangolo a halalelang
Alma 15


Khaolo ea 15

Alma le Amuleke ba ea Sidome ’me ba theha kereke—Alma o folisa Zeezrome, eo a kenang Kereke—Ba bangata ba ea kolobetsoa, ’me kereke e ea atleha—Alma le Amuleke ba ea Zarahemla. Ka bo 81 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore Alma le Amuleke ba ile ba laeloa ho falla ho tsoa motseng oo; ’me ba ile ba tsamaea, ’me ba tsoela kantle esita le ho kena lefats’eng la Sidome; ’me bonang, moo ba ile ba fumana batho bohle ba ileng ba falla ho tsoa lefats’eng la Ammoniha, ba ileng ba lahleloa kantle le ho tlepetsoa ka majoe, hobane ba ne ba lumetse mantsoeng a Alma.

2 ’Me ba ile ba ba phetela tsohle tse ileng tsa etsahala ho basali ba bona le bana, hape le malebana le bona, le matla a topollo ea bona.

3 ’Me hape le Zeezrome o ne a robetse ke bokulo Sidome, ka feberu e chesang, e neng e bakiloe ke litsietsi tse kholo tsa kelello ea hae ka lebaka la bokhopo ba hae, hobane o ne a nahana hore Alma le Amuleke ha ba sa leo; ’me o ne a nahana hore ba bolailoe ka lebaka la bokhopo ba hae. ’Me sebe sena se seholo, le libe tsa hae tse ling tse ngata, li ile tsa harola kelello ea hae hofihlela e fetohela ho opa ka ho fetisisa, a se na topollo; ka baka leo o ile a qala ho chesoa ke mocheso o tukang.

4 Joale ha a utloa hore Alma le Amuleke ba ne ba le lefats’eng la Sidome, pelo ea hae e ile ea qala ho khothala; ’me o ile a romela molaetsa hang hang ho ea ho bona, a lakatsa hore ba tle ho eena.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba ea hanghang, ba mametse molaetsa o neng o rometsoe ho bona; ’me ba ile ba kena ntlong ea Zeezrome; ’me ba mo fumana holim’a bethe ea hae, a kula, a le tlase ka feberu e tukang; le kelello ea hae e opa ka ho fetisisa ka lebaka la bokhopo ba hae; ’me ha a ba bona o ile a otlolla letsoho la hae ’me a ba kopa hore ba ke ba mo folise.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore Alma a re ho eena, a mo nkile ka letsoho: Na ua lumela ho matla a Kreste ho isa polokong?

7 ’Me o ile a araba a re: Ee, Ke lumela mantsoe oohle ao o a rutileng.

8 ’Me Alma a re: Haeba u lumela topollong ea Kreste u ka khona ho folisoa.

9 ’Me o ile a re: Ee, kea lumela ho latela mantsoe a hau.

10 ’Me eaba Alma o hoelehetsa ho Morena, a re: Oho Morena Molimo oa rona, eba le mohau ho monna enoa, ’me o mo folise ho latela tumelo ea hae e ho Kreste.

11 ’Me ha Alma a se a buile mantsoe a na, Zeezrome o ile a qhoma ho ema ka maoto a hae, ’me a qala ho tsamaea; ’me sena se ile sa etsahalla ho makaleng ho holo ha sechaba sohle; ’me tsebo ea sena e ile ea tsamaea hohle lefats’eng leo la Sidome.

12 ’Me Alma o ile a kolobeletsa Zeezrome ho Morena; ’me a qala ho tloha nakong eo ho ruta sechaba.

13 ’Me Alma o ile a theha kereke lefats’eng la Sidome, ’me a tlotsa baprista le baruti lefats’eng leo, ho kolobelletsa ho Morena e mong le emong ea lakatsang ho kolebetsoa.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ne ba le bangata; hobane ba ile ba khobokana ho tsoa tikolohong eo ho potoloha Sidome, ’me ba ile ba kolobetsoa.

15 Empa ha e le ho batho ba neng ba le lefats’eng la Ammoniha, ba ne ba sa ntse ba setse e le sechaba se thatafetseng lipelo le melala e sataletseng; ’me ba ne ba sa bakele libe tsa bona, ba abela matla ohle a Alma le Amuleke ho diabolose; hobane e ne e le batho ba mesebetsi ea Nehore, ’me ba ne ba sa lumele ho ho bakela libe tsa bona.

16 ’Me ho ile ha etsahala hore Alma le Amuleke, Amuleke a se a furaletse khuata eohle ea hae, le silevera, le lintho tsa hae tsa bohlokoa, tseo li neng li le lefats’eng la Ammoniha, bakeng sa Lentsoe la Molimo, eena a latotsoe ke bao hang ba ileng ea ka ba metsoalle ea hae, ’me hape le ntata’e le maloko a hae;

17 Ka baka leo, kamor’a hore Alma a thehe kereke Sidome, a bona taolo e kholo, ee, a bona hore sechaba seo se ne se laoleha ha e le ho boikhohomoso ba lipelo tsa bona, ’me ba qala ho ikokobetsa ka pele ho Molimo, ’me ba qala ho ipokella hammoho lihalaletsong tsa bona ho khumamela Molimo ka pel’a aletare, ba shebile ’me ba tsoelapele ho rapela, hore ba ke ba lopolloe ho Satane, le ho lefu, le ho timetsoa—

18 Joale ka ha ke boletse, Alma ka ha a ne a bone lintho tsena tsohle, ka baka leo o ile a nka Amuleke ’me ba tla lefats’eng la Zarahemla, ’me a mo nka a ho isa ntlong ea hae, ’me a mo thusa mahlomoleng a hae, ’me a mo matlafatsa ho Morena.

19 ’Me ke joana ho felileng selemo sa bo leshome sa puso ea baahloli holim’a sechaba sa Nefi.