Mangolo a halalelang
Alma 54


Khaolo ea 54

Ammorone le Moroni ba buisana ka phapanyetsano ea bats’oaruoa—Moroni o batla hore Ba-Lamane ba ikhule le ho emisa litlhaselo tsa bona tsa lipolao—Ammorone o batla hore Ba-Nefi ba behe fats’e lihlomo tsa bona ’me ba be tlasa Ba-Lamane. Ka bo 63 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore mathoasong a selemo sa mashome a mabeli a metso e robong sa baahloli, hore Ammorone o ile a romela ho Moroni ka takatso ea hore a ka fapanyetsana ka bats’oaruoa.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore Moroni o ile a utloa a nyakalla ka ho fetisisa ka kopo ena, hobane o ne a lakaletsa lijo tseo li neng li fanoa ho phelisa bats’oaruoa ba Ba-Lamane bakeng sa ho phelisa sechaba sa habo; ’me hape o ne a batla batho ba habo bakeng sa ho matlafatsa lebotho la hae.

3 Joale Ba-Lamane ba ne ba nkile basali ba bangata le bana, ’me ho ne ho se na mosali kapa ngoana har’a bats’oaruoa bohle ba Moroni, kapa bats’oaruoa bao Moroni a neng a ba nkile; ka baka leo Moroni o ile a qeta ka leqheka la ho fumana joaloka ba bangata ba bats’oaruoa ba Ba-Nefi ho Ba-Lamane ka moo ho khonehang.

4 Ka baka leo o ile a ngola lengolo, ’me a le romela ka mohlanka oa Ammorone, eena ea ts’oanang ea neng a tlisitse lengolo ho Moroni. Joale ana ke mantsoe ao a a ngotseng ho Ammorone, a re:

5 Bona, Ammorone, ke u ngolletse hanyane malebana le ntoa eo o e loanneng khahlanong le sechaba sa heso, kapa ho ena le hoo eo moholoane oa hau a e loanneng khahlanong le bona, ’me eo u ntseng u ikemiselitse ho e nts’etsa pele kamor’a lefu la hae.

6 Bona, ke ne ke tla u bolella hanyane malebana le toka ea Molimo, le sabole ea khalefo ea hae e matla ohle, eo e leketlilelng holim’a hau ntle le hore o bake ’me u khutlisetse mabotho a hau mafats’eng a hau, kapa lefats’e la borui ba lona, e leng lefats’e la Nefi.

7 Ee, ke ne ke tla u bolella lintho tsena haeba u ne u na le bokhoni ba ho li mamela; ee, ke ne ke tla u bolella malebana le lihele tsane tse ts’abehang tse emetseng ho amohela babolai ba joalo ka uena le moholoane oa hau le bileng bona, ntle le hore u bake le ho hula merero ea hau ea lipolao ’me u khutle le mabotho a hau ho ea mafats’eng a lona.

8 Empa joaloka ha ha ngoe u se u ile ua latola lintho tsena, ’me u loanne khahlanong le sechaba sa Morena, esita le joalo ntse nka lebella hore u tla e etsa hape.

9 ’Me joale bona, re itokiselitse ho u amohela; ee, ntle le hore u hule merero ea hau, bona, u tla hulela tlase khalefo ea Molimo eo u mo latotseng holim’a hau, esita le ho isa timelong ea hau ka botlalo.

10 Empa, joaloka ha a phela, mabotho a rona a tla tla holim’a lona ntle le hore le ikhule, ’me haufi le tla eteloa ka lefu, hobane re tla boloka metse ea rona le mafats’e a rona; ee, ’me re tla boloka bolumeli ba rona le sepheo sa Molimo oa rona.

11 Empa bona, ho kholisehile ho ’na hore ke bua le uena malebana le lintho tsena ka lefeela; kapa ho kholisehile ho ’na hore uena u ngoan’a lihele; ka baka leo ke tla koala lengolo la ka ka ho u bolella hore ha ke na ho fapanyetsana ka bats’oaruoa, ntle le hore e be ka lipehelo tsa hore u tla lokolla monna le mosali oa hae le bana ba hae, bakeng sa mots’oaruoa a le mong; haeba ena e le eona taba ea hore u tla e etsa, ke tla fapanyetsana.

12 ’Me bona, ha u sa etse sena, ke tla tla khahlanong le uena ka mabotho a ka; ee, esita le hore ke tla hlomela basali ba ka le bana ba ka, ’me ke tla tla khahlanong le uena, ’me ke tla u latela esita le ho kena lefats’eng la hau, leo e leng lefats’e la bojalefa ba rona ba pele; ee, ’me e tla ba mali bakeng sa mali, ee, bophelo bakeng sa bophelo; ’me ke tla u fa ntoa esita le hofihlela le timetsoa ho tloha sefahlehong sa lefats’e.

13 Bona, ke khalefong ea ka, hape le sechaba sa heso; le ile la batla ho re bolaea, ’me re batlile feela ho its’ireletsa. Empa bona, haeba le batla ho re timetsa hofeta re tla batla ho le timetsa; ’me re tla batla lefats’e la rona, lefats’e la bojalefa ba rona ba pele.

14 Joale ke koala lengolo la ka. Ke Moroni, ke moetapele oa sechaba sa Ba-Nefi.

15 Joale ho ile ha etsahala hore Ammorone, ha a se a fumane lengolo lena, o ne a halefile; ’me o ile a ngolla Moroni lengolo le leng, ’me ana ke mantsoe ao a ileng a a ngola a re:

16 Ke Ammorone, morena oa Ba-Lamane; ke moena oa Amalickia eo u mo bolaileng. Bona, ke tla phetetsa mali a hae holim’a hau, ee, ’me ke tla tla holim’a hau ka mabotho a ka hobane ha ke ts’abe lits’oso tsa hau.

17 Hobane bona, bo ntat’ao ba ile ba fosa bana babo bona, haholo hoo hore ba ile ba ba tlatlapela tokelo ea bona ho puso ha e ne e le ea bona.

18 ’Me joale bona, haeba le tla beha fats’e lihlomo tsa lona, ’me la ikokobeletsa ho busoa ke bao puso e leng ea bona ka toka, teng ke tla etsa hore sechaba sa ka se tle se behe fats’e libetsa tsa bona ’me ha ba sa tla ba ntoeng ho feta.

19 Bona, u phefumolohetse kantle lits’oso tse ngata khahlanong le ’na le sechaba sa ka; empa bona, ha re na ts’abo ea lits’oso tsa hau.

20 Le ha ho le joalo, ke tla lumela ho fapanyetsana ka bats’oaruoa ho latela kopo ea hau, ka thabo, hore ke tle ke baballe lijo tsa ka bakeng sa banna ba ka ba ntoa; ’me re tla loana ntoa eo e tla bang ea bosafeleng, hore na ke ho laolela Ba-Nefi tokelong ea rona kapa ke ho isa ho hofela ha bona ha bosafeleng.

21 ’Me ha e le malebana le Molimo eane eo u reng re mo latotse, bona, ha re na tsebo ea motho ea joalo; le haele lona; empa haeba ho na le motho ea joalo, ha re tsebe empa o re bopile hantle joalo ka lona.

22 ’Me haeba ho na le diabolose le lihele, bona a keke a u romela ho ea lula le moholoane eo le mo bolaileng, eo u lemositseng hore o ile sebakeng se joalo. Empa bona lintho tsena ha li na taba.

23 Ke Ammorone, ’me ke setloholo sa Zorame, eo bontat’ao ba ileng ba mo qobella le ho tlisa ho tsoa Jerusalema.

24 ’Me bona joale, ke Mo-Lamane ea sebete; bona, ntoa ena e loannoe ho phetetsa liphoso tsa bona, ’me le ho boloka le ho fumana litokelo tsa bona tsa puso; ’me ke koala lengolo la ka ho ea ho Moroni.