Mangolo a halalelang
Alma 17


Pale ea bara ba Mosaia, ba ileng ba hana litokelo tsa bona pusong bakeng sa lentsoe la Molimo, ’me ba nyolohela lefats’eng la Nefi ho ea ruta Ba-Lamane; lits’otleho tsa bona le topollo—ho latela lingoliloeng tsa Alma.

Ho kenyeletsa Likhaolo tsa 17 ho isa ho 27.

Khaolo ea 17

Bara ba Mosaia ba na le moea oa boporofeta le oa ts’enolo—Ba tsamaea ka litsela tsa bona tse fapa-fapaneng ho ea phatlalatsa lentsoe ho Ba-Lamane—Ammone o ea lefats’eng la Ishmaele ’me o fetoha mohlanka oa morena Lamoni—Ammone o pholosa mehlape ea morena ’me o bolaea lira tsa hae metsing a Sebuse. Litemana 1–3, ka bo 77 B.C.; temana 4, ka bo 91–77 B.C.; le litemana 5–39, ka bo 91 B.C.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha Alma a ntse a le leetong ho tsoa lefats’eng la Gideone nq’a ea boroa, hole le lefats’e la Manti, bonang, ho makaleng ha hae, o ile a kopana le bara ba Mosaia ba le leetong ho leba lefats’eng la Zarahemla.

2 Joale bara bana ba Mosaia ba ne ba ena le Alma ka nako eo lengeloi le hlahang ho eena la pele; ka baka leo Alma o ile a nyakalla ka ho fetisisa ho bona bana babo; ’me se ileng sa eketsa ho feta nyakallong ea hae, e ne e ntse e le bana babo Moreneng; ’me ba ne ba fetohile ka matla tsebong ea ’nete; hobane e ne e le banna ba kutloisiso e tiileng ’me ba ne ba hlahlobile mangolo a halalelang ka mafolofolo, hore ba tle ba tsebe lentsoe la Molimo.

3 Empa sena ha se phetho; ba ne ba ile ba inehela thapelong haholo le boitimo; ka baka leo ba ne ba na le moea oa boporofeta, le moea oa ts’enolo, ’me ha ba ne ba ruta, ba ne ba ruta ka matla le tokelo ea Molimo.

4 ’Me ba ne ba ntse ba ruta lentsoe la Molimo bakeng sa sebaka sa lilemo tse leshome le metso e mene har’a Ba-Lamane, ba bile le katleho e kholo ka ho tlisa ba bangata tsebong ea ’nete; ee, ka matla a mantsoe a bona ba bangata ba ile ba tlisoa ka pele ho aletare ea Molimo, ho bitsa lebitso la hae le ho ipolela libe tsa bona ka pele ho eena.

5 Joale a na ke ona maemo a ileng a ba le bona maetong a bona, hobane ba bile le mahlomola a mangata; ba ile ba sotleha haholo, bobeli ’meleng le kelellong, jaoloka tlala, lenyora le mokhathala, ’me hape le mosebetsi o mongata moeeng.

6 Joale a na e ne e le maeto a bona: Ba ne ba ile ba lumelisa ntat’a bona, Mosaia, ka selemo sa pele sa baahloli; ba ne ba hanne puso eo ntat’a bona a neng a lakatsa ho ba fa eona, ’me hape sena se ne se le likelellong tsa sechaba;

7 Le ha hole joalo ba ile ba falla ho tsoa lefats’eng la Zarahemla, me ba nka lisabole tsa bona, le marumo a bona, le liqha tsa bona, le metsu ea bona, le matjeketjane a bona; ’me sena ba se entse hore ba tle ba iphe lijo bakeng sa bona lefelleng.

8 ’Me ke joana ba ileng ba fallela lefelleng ka lipalo tsa bona tseo ba ileng ba li khetha, ho nyolohela lefats’eng la Nefi, ho ea ruta lentsoe la Molimo ho Ba-Lamane.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba nka leeto matsatsi a mangata lefelleng, ’me ba ile ba itima haholo le ho rapela haholo hore Morena a tle a ba fe karolo ea Moea oa hae ho tsamaea le bona, le ho lula le bona, hore ba tle ba be sesebelisoa ka liatleng tsa Molimo ho tlisa, haeba ho khoneha, bana ba bo bona, Ba-Lamane, tsebong ea ’nete, tsebong ea bokhopo ba meetlo ea bo ntat’a bona, eo e sa nepahalang.

10 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena o ile a ba etela ka Moea oa hae ’me a re ho bona: Ts’elisehang. ’Me ba ile ba ts’eliseha.

11 ’Me Morena o ile a re ho bona hape: Tsamaeang le ee har’a Ba-Lamane, bana ba bo lona, ’me le thehe lentsoe la ka; le ha feela le tla ba le mamello ka ho mamella le mahlomola, hore le tle le bonts’e mehlala e metle ho bona ka ho ’na, ’me ke tla etsa sesebelisoa ka lona ka matsohong a ka ho isa polokong ea meea e mengata.

12 ’Me ho ile ha etsahala hore lipelo tsa bara ba Mosaia, hape le tsa bao ba neng ba ena le bona, li ile tsa khothala ho tsamaea ho ea ho Ba-Lamane ho phatlalatsa ho bona lentsoe la Molimo.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ba se ba fihlile meeling ea lefats’e la Ba-Lamane, hore ba ile ba ikarola ka bobona ’me ba tloha e mong ho e mong, ba tse’pile Morena hore ba tla kopana hape ha ho koaloa kotulo ea bona; hobane ba ne ba nahanne hore o ne o le moholo mosebetsi oo ba itlametseng ona.

14 ’Me ka sebele o ne o le moholo, hobane ba ne ba itlametse ho ruta lentsoe la Molimo ho sechaba se thatafetseng ’me se bohale: sechaba se thabelang ho bolaea Ba-Nefi, le ho ba tlatlapa le ho ba utsoetsa; ’me lipelo tsa bona li ne li lutse holima maruo, kapa khauta le silevera, le majoe a bohlokoa; le ha ba ne ba batla ho fumana lintho tsena ka ho bolaea le ho utsoa; hore ba se ke ba li sebeletsa ka matsoho a bona.

15 Ke joana e neng e le sechaba se botsoa, bongata ba bona bo ne bo khumamela lits’oants’o, ’me thohako ea Molimo e ne e oetse holim’a bona ka lebaka la meetlo ea bontat’a bona; ho sa tsotellehe lits’episo tsa Morena tse neng li otlolletsoe ho bona ka lipehelo tsa pako.

16 Ka baka leo, lena ke lona lebaka leo bara ba Mosaia ba ileng ba itlamela mosebetsi oo, hore mohlomong ba ka ba tlisa pakong; hore mohlomong ba ka ba tlisetsa ho tseba ka moralo oa topollo.

17 Ka baka leo ba ile ba ikarola e mong ho e mong, ’me ba tsamaea ho ea har’a bona, monna e mong le e mong a le mong, ho latela lentsoe le matla a Molimo ao a neng a a filoe.

18 Joale Ammone e le e moholo har’a bona, kapa ho ena le hoo o ile a ba thusa, ’me a tsamaea ho tloha ho bona, kamora ho ba hlohonolofatsa ho latela litsi tsa bona tse fapa-fapaneng, a boletse lentsoe la Molimo ho bona; kapa ho ba thusa pele a tsamaea; ’me ke joana ba ileng ba nka maeto a bona a fapa-fapaneng hohle lefats’eng leo.

19 ’Me Ammone o ile a ea lefats’eng la Ishmaele, lefats’e leo le ne le bitsoa ka bara ba Ishmaele, bao le bona ba ileng ba fetoha Ba-Lamane.

20 ’Me ha Ammone a kena lefats’eng la Ishmaele, Ba-Lamane ba ile ba mo nka ’me ba mo fasa, joaloka ha e ne e le tloaelo ea bona ho fasa Ba-Nefi bohle ba oelang matsohong a bona, ’me ba ba jarele ka pele ho morena; ’me ke joana ho ne ho sala ho monyaka oa morena ho ba bolaea, kapa ho ba boloka litlamong, kapa ho ba lahlela chankaneng, kapa ho ba lahlela kantle ho lefats’e la hae, ho latela thato ea hae le monyaka.

21 ’Me ke joana Ammone a ileng a jareloa ka pele ho morena ea neng a le holim’a lefats’e la Ishmaele; ’me lebitso la hae e ne e le Lamoni; ’me e ne e le setloholo sa Ishmaele.

22 ’Me morena o ile a botsa Ammone hore na e ne e le takatso ea hae ho lula lefats’eng leo har’a Ba-Lamane, kapa har’a sechaba sa hae.

23 ’Me Ammone o ile a re ho eena: Ee, ke lakatsa ho lula har’a sechaba sena bakeng sa nako e itseng; ee, ’me mohlomong ho fihlela ka letsatsi leo ke tla shoa.

24 ’Me ho ile ha etsahala hore morena Lamoni o ile a thaba haholo ka Ammone, ’me a etsa hore litlamo tsa hae li fasolloe; ’me o ne a lakatsa hore Ammone a nke e mong oa barali ba hae ho ba mosali oa hae.

25 Empa Ammone o ile a re ho eena: Che, empa ke tla ba mohlanka oa hau. Ka baka leo Ammone o ile a fetoha mohlanka oa morena Lamoni. ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a behoa har’a bahlanka ho hlokomela mehlape ea Lamoni, ho latela litloaelo tsa Ba-Lamane.

26 ’Me kamora hore a be bosebeletsing ba morena matsatsi a mararo, ha a ntse a na le bahlanka ba Ba-Lamane ba tsamaea ho ea pele le mehlape ea bona ho ea sebakeng sa metsi, se neng se bitsoa metsi a Sebuse, ’me Ba-Lamane bohle ba khannela mehlape ea bona ho ea moo, hore e tle e fumane metsi—

27 Ka baka leo, ha Ammone le bahlanka ba morena ba ntse ba khanna mohlape oa bona ho ea sebakeng sena sa metsi, bonang, palo e itseng ea ea Ba-Lamane, ba neng ba ena le mehlape ea bona ho ea metsing, ba ema ’me ba hasanya mehlape ea Ammone le bahlanka ba morena, ’me ba ile ba e hasanya hoo e ileng ea baleha ka litsela tse ngata.

28 Joale bahlanka ba morena ba ile ba qala ho tletleba, ba re: Joale morena o tla re bolaea, joaloka ha a bolaile bana babo rona ka lebaka la mehlape ea bona e ileng ea hasanngoa ka bokhopo ba banna bana. ’Me ba ile ba qala ho lla ka ho fetisisa, ba re: Bona mehlape ea rona e se ntse e hasane.

29 Joale ba ne ba lla ka lebaka la ts’abo ea ho bolaoa. Joale ha Ammone a bona sena pelo ea hae e ile ea tlala ka ho eena ka nyakallo; hobane, o ile a re, ke tla bonahatsa matla a ka ho bana bahlanka-mmoho le ’na, kapa matla a ka ho ’na, ka ho tsosolosetsa mehlape eena ho morena, hore ke tle ke hape lipelo tsa bana bahlanka-mmoho le ’na, hore ke tle ke ba etelle ho lumela mantsoeng a ka.

30 ’Me joale, ena e ne e le mehopolo ea Ammone, ha a ne a bona mahlomola a bao a ne a ba bitsa ho ba bana babo.

31 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a ba qhekella ka mantsoe a hae, a re: Bana beso, khothalang ’me ha reeng ’me re lo batla mehlape, ’me re tla e bokella hammoho ’me re e khutlisetse morao sebakeng sa metsi; ’me ke joana re tlang ho bolokela morena mehlape eo ’me a ke ke a re bolaea.

32 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba tsamaea ho ea batla mehlape, ’me ba ile ba latela Ammone, ’me ba ile ba phakisetsa pele ka potlako e kholo ’me ba ile ba emisa mehlape ea morena, ’me ba e bokella hammoho hape sebakeng sa metsi.

33 ’Me banna bao hape ba ile ba ema ho hasanya mehlape; empa Ammone o ile a re ho ba habo: potapotang mehlape ena hore e se ke a baleha; ’me kea tsamaea le ho ilo loana le banna bana ba hasanyang mehlape ea rona.

34 Ka baka leo, ba ile ba etsa joaloka ha Ammone a ba laetse, ’me o ile a tsamaea ’me a ema ho loana le bao ba emeng pela metsi a Sebuse; ’me ka lipalo ba ne ba sa fokole.

35 Ka baka leo ba ne ba se na ts’abo ea Ammone, hobane ba ne ba nahana hore monna eo a le mong oa bona a ka mo bolaea ho latela monyaka oa bona, hobane ba ne ba sa tsebe hore Morena o ne a ts’episitse Mosaia hore o tla lopolla bara ba hae matsohong a bona; le ha e le ho tseba letho malebana le Morena; ka baka leo ba ne ba thabela ho timela ha bana ba bo bona: ’me ke lebaka lena ba neng ba ema ho hasanya mehlape ea morena.

36 Empa Ammone o ile a ema ’me a qala ho ba betsa ka majoe ka letjeketjane la hae; ee, ka matla a maholo o ile a tjeketjela majoe har’a bona; ’me ke joana a ileng a bolaea palo e itseng ea bona hoo ba ileng ba qala ho makalla matla a hae, le ha ho le joalo ba ne ba halefile ka lebaka la ba bolailoeng ba habo bona, ’me ba ne ba ikemiselitse hore a oele; ka baka leo, ka ho bona hore ba ne ba sitoa ho mo otla ka majoe a bona, ba ile ba atamela haufi ka melangoana ea bona ho mo bolaea.

37 Empa bonang, monna e mong le emong ea neng a phahamisa molangoana oa hae ho otla Ammone, o ne a khaola liphaka tsa bona ka sabole; hobane o ile a hanyetsa likotlo tsa bona ka ho ba khaola liphaka ka bohale ba sabole ea hae, hoo ba ileng ba qala ho makala, ’me ba qala ho baleha ka pele ho eena; ee, ’me ba ne ba sa fokole ka palo; ’me o ile a etsa hore ba balehe ka matla a sephaka sa hae.

38 Joale ba ts’eletseng ba bona ba ile ba oela ka letjeketjane, empa ha hona eo a mo balaileng ka sabole ntle le hore e ne e le moetapele oa bona; ’me o ile a khaola tse ngata tsa liphaka tsa bona joaloka tse ileng tsa phahamisoa khahlanong le eena, ’me li ne li sa fokole.

39 ’Me ha a se a ba khannetse hole, o ile a khutla ’me ba ile ba noesa mehlape ea bona ’me ba e khutlisetsa lekhulong la morena, ’me ba ea ka hare ho morena, ba nkile liphaka tse khahotsoeng ke sabole ea Ammone, tsa ba neng ba batla ho mo bolaea; ’me li ile tsa jareloa ho morena bakeng sa bopaki ba lintho tseo ba li entseng.