Mangolo a halalelang
Alma 8


Khaolo ea 8

Alma o ruta le ho kolobetsa Meleke—O oa latoloa Ammoniha ’me oa oa tloha—Lengeloi le mo laela ho khutla le ho hoeletsa pako ho batho—O amoheloa ke Amuleke, ’me ba le babeli ba ruta Ammoniha. Ka bo 82 B.C.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore Alma a khutle lefats’eng la Gideone, kamor’a ho ruta batho bao ba Gideone lintho tse ngata tse ke keng tsa ngoloa, a thehile mokhoa oa kereke, ho latela joaloka ha a ile a etsa pele lefats’eng la Zarahemla, ee, o ile a khutlela ntlong ea hae Zarahemla ho lo phomola ka bo eena ho tsoa mesebetsing eo a e entseng.

2 ’Me ke joana ho ileng ha fela selemo sa borobong sa puso ea baahloli holim’a batho ba Nefi.

3 ’Me ho ile ha etsahala qalong ea selemo sa leshome sa puso ea baahloli holim’a batho ba Nefi, hore Alma o ile a tsamaea ho tloha moo ’me a nka leeto la hae ho ea kena lefats’eng la Meleke, ka bophirima ba noka ea Sidone, ka bophirima pela meeli ea lefella.

4 ’Me a qala ho ruta batho lefats’eng la Meleke ho latela mokhoa o halalelang oa Molimo, oo ka ona a bitsitsoeng; ’me a qala ho ruta batho hohle lefats’eng lohle la Meleke.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore batho bao ba ile ba tla ho eena hohle meeling ea lefats’e leo le neng le le pel’a lehlakore la lefella. ’Me ba ile ba kolobetsoa hohle lefats’eng leo lohle;

6 Joale hore ha qetile mosebetsi oa hae Meleke o tsamaile ho tloha moo, ’me a tsamaea leeto la matsatsi a mararo ka leboea ho lefats’e la Meleke; ’me o ile a tla motseng o neng o bitsoa Ammoniha.

7 Joale e ne e le tloaelo ea batho ba Nefi ho bitsa mafats’e a bona, le metse ea bona, le metsana ea bona, ee, esita le metsana ea bona e menyenyane, ka lebitso la eo e leng oa pele ho a rua; ’me ho fela ho le joalo ka lefats’e la Ammoniha.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Alma a se a tlile motseng oa Ammoniha a qala ho ruta lentsoe la Molimo ho bona.

9 Joale Satane o ne a ts’oere ka matla lipelo tsa batho ba motse oa Ammoniha; ka baka leo ba ne ba sa mamele mantsoe a Alma.

10 Leha ho le joalo Alma o ile a sebetsa haholo Moeeng, a loana le Molimo thapelong e matla, hore a tle a ts’ollele Moea oa hae holima batho ba neng ba le motseng oo; hore hape a tle a fane hore a ke a ba kolobeletse pakong.

11 Le ha ho le joalo, ba ile ba thatafatsa lipelo tsa bona, ba re ho eena: Bona, rea tseba hore u Alma; ’me rea tseba hore u moprista e moholo holim’a kereke eo u e thehileng likarolong tse ngata tsa lefats’e lena, ho latela moetlo oa hau; ’me ha re ba kereke ea hau, ’me ha re lumele meetlong ea booatla joalo.

12 ’Me joale re tseba seo hobane ha re ba kereke ea hau rea tseba hore ha u na matla holim’a rona; ’me u fetiselitse setulo sa kahlolo ho Nefiha; ka baka leo ha u moahloli e moholo holim’a rona.

13 Joale ha batho bao ba se ba boletse sena, ’me ba hanyetsa mantsoe ohle a hae, le ho mo nyefola, le ho mo ts’oela, ’me ba etsa hore a lahleloe kantle ho motse, o ile a tsamaea ho tloha moo ’me a nka leeto la hae ho lebana le motse o neng o bitsoa Aarone.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore ha a ntse a eta ho ea pele, a hatelletsoe ke bohloko, a solla har’a litsietsi tse ngata le masisa-pelo a moea, ka lebaka la bokhopo ba batho ba neng ba le motseng oa Ammoniha, ho ile ha etsahala hore ha Alma a hatelletsoe joana ka bohloko, bonang lengeloi la Morena le ile la hlaha ho eena, le re:

15 Ho lehlohonolo uena, Alma; ka baka leo, phahamisa hlooho ea hau ’me u nyakalle, hobane u na le lebaka le leholo ho nyakalla; hobane u ts’epahetse ho boloka litaelo tsa Molimo hotloha nakong eo u fumaneng molaetsa oa hau oa pele ho tsoa ho eena. Bona, ke ’na ea o fetiselitseng ho uena.

16 ’Me bona, ke rometsoe ho u laela hore u khutlele motseng oa Ammoniha, ’me u rute hape batho ba motse oo, ee, u ba rute. Ee, u re ho bona, ntle le hore ba bake Morena Molimo o tla ba timetsa.

17 Hobane bona, ba ntse ba ithuta ka eona nako ena hore ba ke ba timetse tokoloho ea batho ba heno, (hobane ke joana ho boletseng morena) e leng khahlanong le melao, le likahlolo, le litaelo tseo a li faneng ho batho ba hae.

18 Joale ho ile ha etsahala hore kamor’a hore Alma a fumane molaetsa oa hae ho tsoa ho lengeloi la Morena o ile a khutlela ka lebelo lefats’eng la Ammoniha. ’Me o ile a kena motseng ka tsela e ’ngoe, ee, ka tsela eo e leng ka boroa ho motse oa Ammoniha.

19 ’Me ha a kena motseng oo o ne a lapile, ’me a re ho monna: Na u ka fa mohlanka oa Molimo ea ikokobelitseng ntho e itseng ea ho ja?

20 ’Me monna eo a re ho eena: ke mo-Nefi, ’me kea tseba hore u moporofeta ea halalelang oa Molimo, hobane ke uena monna eo lengeloi le itseng ponong: U tla mo amohela. Ka baka leo, tloho le ’na ho kena ntlong eaka ’me ke tla u fa lijo tsa ka; ’me kea tseba hore u tla ba hlohonolofatso ho ’na le ba ntlo eaka.

21 ’Me ho ile ha etsahala hore monna eo a mo amohele ntlong ea hae; ’me monna eo o ne a bitsoa Amuleke; ’me o ile a tlisa bohobe le nama ’me a li beha ka pele ho Alma.

22 ’Me ho ile ha etsahala hore Alma a je bohobe ’me a khora; ’me a hlohonolofatsa Amuleke le ba ntlo ea hae, ’me a fana ka liteboho tsa hae ho Molimo.

23 ’Me kamor’a hore a je ’me a khore o ile a re ho Amuleke: Ke Alma, ’me ke moprista e moholo holim’a kereke ea Molimo hohle lefats’eng lena.

24 ’Me bona, ke bitselitsoe ho ruta lentsoe la Molimo har’a batho bana bohle, ho latela moea oa ts’enolo le boporofeta; ’me ke ne ke le lefats’eng lena ’me ha ba ea ka ba nkamohela, empa ba ile ba ntahlela ka ntle ’me ke ne ke batlile ke furalla lefats’e lena ka ho sa feleng.

25 Empa bona, ke laetsoe hore ke khutle hape ’me ke porofete ho batho bana, ee, le ho paka hape khahlanong le bona malebana le bokhopo ba bona.

26 ’Me joale, Amuleke, hobane u ile oa mphepa le ho nkamohela, u lehlohonolo; hobane ke ne ke lapile, hobane ke ne ke itimme matsatsi a mangata.

27 ’Me Alma a lula le Amuleke matsatsi a mangata pele a qala ho ruta batho bao.

28 ’Me ho ile ha etsahala hore batho bao ba ile ba eketsa ho feta bokhopong ba bona.

29 ’Me lentsoe le ile la tla ho Alma le re: Tsamaea; ’me hape u re ho mohlanka oa ka Amuleke, e ea ’me u porofete ho batho bana, u re—Lona bakang, hobane Morena o bolela joana, ntle le hore le bake ke tla etela batho bana ka khalefo eaka; ee, ’me ha ke na ho emisa khalefo eaka e bohale.

30 ’Me Alma o ile a ea, ’me hape le Amuleke, har’a batho, ho ea phatlalatsa mantsoe a Molimo ho bona; ’me ba ne ba tletse ka Moea o Halalelang.

31 ’Me ba ne ba na le matla ao ba a filoeng, haholo hore ba tle ba se koalloe literonkong; le haele hore ho etsahale hore mang kapa mang a ba bolaee; le haho le joalo, ha ba ka ba sebelisa matla a bona hofihlela ba tlangoe ka marapo le ho akheloa chankaneng. Joale, sena se ile sa etsoa hore Morena a tle a bonts’e matla a hae ka ho bona.

32 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba ea ’me ba qala ho ruta le ho porofeta ho batho bao, ho latela moea le matla ao Morena a neng a ba file ona.