Mangolo a halalelang
Alma 23


Khaolo ea 23

Bolokolohi ba bolumeli bo ea phatlalatsoa—Ba-Lamane ba mafats’eng le metse e supileng ba ea sokoloha—Ba ipitsa Ba-Anti-Nefi-Lehi ’me ba lopolloa thohakong—Ba-Amalekile le Ba-Amulone ba latola ’nete. Ka bo 90–77 B.C.

1 Bonang, joale ho ile ha etsahala hore morena oa Ba-Lamane o ile a romela phatlalatso har’a sechaba sohle sa hae, hore ba se ke ba beha matsoho a bona ho Ammone, kapa Aarone, kapa Omnere, kapa Himni, le haele oa habo bona ea tla tsamaela ho ruta lentsoe la Molimo, sebakeng se fe kapa se fe seo ba leng ho sona, karolong e fe kapa e fe ea lefats’e la bona.

2 Ee, o ile a romela molao har’a bona, hore ba se ke ba beha matsoho a bona ho ba tlama, kapa ho ba lahlela chankaneng; le ha e le ho ba ts’oela ka mathe, kapa ho ba otla, kapa ho ba lahlela kantle ho lisinagoge tsa bona, kapa ho ba shapa, le ha e le ho ba tlepetsa ka majoe, empa ba ba fe bolokolohi ba ho kena matlong a bona, ’me hape le litempeleng tsa bona, le lihalalelong tsa bona.

3 ’Me ke joana ba ka tsamaeang le ho ruta lentsoe ho latela litakatso tsa bona, hobane morena o ne a sokolohetse ho Morena, le bohle ba ntlo ea hae; ka baka leo o ile a romela phatlalatso ea hae hohle lefats’eng leo ho sechaba sa hae, hore lentsoe la Molimo le se ke la fumana thibelo, empa hore le tle le tsamaee hohle lefats’eng leo lohle, hore sechaba sa hae se tle se kholisehe malebana le mekhoa ea bo ntat’a bona e khopo, ’me ba tle ba kholisehe hore kaofela e ne e le baena ’moho, le hore ha ba lokela ho bolaea, kapa ho tlatlapa, kapa ho utsoa, kapa ho feba, kapa ho etsa mokhoa ofe kapa ofe oa bokhopo.

4 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha morena a se a rometse phatlalatso ena, hore Aarone le bana babo ba ile ba tsamaea ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong, le ho tloha ntlong ea thapelo ho ea ho e ’ngoe, ba theha likereke, le ho tlotsa baprista le baruti hohle lefats’eng leo har’a Ba-Lamane, ho ruta le ho rera ka lentsoe la Molimo har’a bona; ’me ke joana ba ileng ba qala ho fumana katleho e kholo.

5 ’Me liketekete li ile tsa tlisoa tsebong ea Morena, ee, liketekete li ile tsa tlisoa ho lumeleng mekhoa ea Ba-Nefi; ’me ba ile ba rutoa lingoliloeng le boporofeta bo ileng ba neheletsanoa esita le ho tla nakong ea hajoale.

6 ’Me joaloka ha kannete Morena a phela, hoo kannete joaloka ha ba bangata ba lumetse, kapa joaloka ha ba bangata ba ile ba tlisoa tsebong ea ’nete, ka ho ruta ha Ammone le bana babo, ho latela moea oa ts’enolo le oa boporofeta, le matla a Molimo a sebetsa mehlolo ka ho bona—ee, ke re ho lona, ka Morena a phelang, joaloka bongata ba Ba-Lamane ba neng ba lumela thutong ea bona, ’me ba sokolohetse ho Morena, ha ba ka ba hlola ba oela.

7 Hobane ba ile ba fetoha batho ba lokileng; ba ile ba beha fats’e libetsa tsa bona tsa phetohelo, hore ba tle ba se hlole ba loana khahlanong le Molimo, le ha e le khahlanong le o fe oa ba habo bona.

8 Joale bana ke bona ba neng ba sokolohetse ho Morena:

9 Sechaba sa Ba-Lamane se neng se le lefats’eng la Ishmaele;

10 ’Me hape le ba sechaba sa Ba-Lamane ba neng ba le lefats’eng la Middoni;

11 ’Me hape le ba sechaba sa Ba-Lamane ba neng ba le motseng oa Nefi;

12 ’Me hape le ba sechaba sa Ba-Lamane ba neng ba le lefats’eng la Shilome, le ba neng ba le lefats’eng la Shimnilome.

13 ’Me a na ke mabitso a metse ea Ba-Lamane e ileng ea sokolohela ho Morena; ’me bana ke bao ba ileng ba beha fats’e libetsa tsa bona tsa phetohelo, ee, libetsa tsohle tsa bona tsa ntoa; ’me bohle e ne e le Ba-Lamane.

14 ’Me le Ba-Amaleki ba sitiloe ho sokoloha, ntle le feela ea mong, le ha e le ofe oa Ba-Amulone; empa ba ile ba thatafatsa lipelo tsa bona, ’me hape le lipelo tsa Ba-Lamane karolong eo ea lafats’e hohle moo ba neng ba lula, ee, ’me le metsana eohle ea bona le metse eohle ea bona.

15 Ka baka leo, re boletse metse eohle ea Ba-Lamane moo ba ileng ba baka ’me ba tla tsebong ea ’nete, ’me ba sokoloha.

16 ’Me joale ho ile ha etsahala hore morena le bao ba ileng ba sokoloha ba ne ba ena le takatso ea ho fumana lebitso, hore ka hona ba tle ba khetholohe ho tsoa ho ba habo bona; ka baka leo morena o ile a rerisana le Aarone le ba bangata ba baprista ba bona, malebana le lebitso leo ba ka inkelang lona, hore ba tle ba khetholohe.

17 ’Me ho ile ha etsahala hore ba bitse mabitso a bona Ba-Anti-Nefi-Lehi; ’me ba ile ba bitsoa ka lebitso lena, ’me ha ba ka ba hlola ba bitsoa Ba-Lamane.

18 ’Me ba ile ba qala ho ba sechaba se mafolofolo; ee, ’me ba ne ba ena le setsoalle le Ba-Nefi; ka baka leo, ba ile ba bula puisano le bona, le thohako ea Molimo e ile ea emisa ho ba latela.