Mangolo a halalelang
Alma 33


Khaolo ea 33

Zenose o rutile hore batho ba tle ba rapele le ho khumamela libakeng tsohle, le hore likahlolo li furalalitsoe ka lebaka la Mora—Zenock o rutile hore mohau o fanoe ka lebaka la Mora—Moshe o ile a phahamisetsa holimo lefelleng ponts’o ea Mora oa Molimo. Ka bo 74 B.C.

1 Joale kamor’a hore Alma a bolele mantsoe ana, ba ile ba romela ho eena ba lakatsa ho tseba hore na ba lumele ho Molimo ea mong, hore ba ke ba fumane thoalana ena eo a e boletseng, kapa ke joang ba ka jalang peo eo, kapa lentsoe leo a le boletseng, leo a itseng le tlameha ho jaloa ka lipelong tsa bona; kapa ke ka mokhoa o joang ba tlang ho qala ho sebelisa tumelo ea bona.

2 ’Me Alma o ile a re ho bona: Bonang, le ne le itse le ke ke la khumamela Molimo oa lona hobane le lahletsoe kantle ho lisinagoge tsa lona. Empa bonang, ke re ho lona, haeba le nahana hore le sitoa ho khumamela Molimo, lea fosa haholo, ’me le lokela ho batla mangolo a halalelang; haeba le nahana hore a le rutile sena, ha le a utloisisi.

3 Na le hopola le balile seo Zenose, moporofeta oa khale, a se boletseng malebana le ho rapela kapa ho khumamela?

4 Hobane o itse: U tletse mohau, Oho Molimo, hobane u utloile thapelo eaka, esita le ha ke ne ke le lefelleng; ee, u ne u tletse mohau ha ke rapela malebana le bao e neng e le lira tsa ka, ’me u ile ua ba furalatsa ho ’na.

5 Ee, Oho Molimo, ’me u ne u tlese mohau ho ’na ha ke ne ke llela ho uena ts’imong ea ka; ha ke ne ke llela ho uena thapelong ea ka, ’me u ile ua nkutloa.

6 ’Me hape, Oho Molimo, ha ke ne ke khutlela ntlong ea ka u ile ua nkutloa thapelong ea ka.

7 ’Me ha ke ne ke ea kamoreng ea ka, Oho Morena, ’me ke rapela ho uena, u ile ua nkutloa.

8 Ee, o tletse mohau ho bana ba hau ha ba llela ho uena, hore ba utloe ka uena e seng batho, ’me u tla ba utloa.

9 Ee, Oho Molimo, u bile mohau o tletseng ho ’na, ’me ua utloa lillo tsa ka ka har’a liphutheho tsa hau.

10 Ee, ’me u ile ua nkutloa hape ha ke ne ke lahletsoe kantle ’me ke nyelisitsoe ke lira tsa ka; ee, u ile ua utloa lillo tsa ka, ’me u ne u halefetse lira tsa ka, ’me u ile ua ba etela ka khalefo ea hau ka timelo e potlakileng.

11 ’Me u ile ua nkutloa ka lebaka le mahlomola a ka le boikokobetso; ’me ke ka lebaka la Mora oa hau hore e be ke joana u tletseng mohau ho ’na, ka baka leo ke tla llela ho uena mahlomoleng oohle a ka, hobane ho uena ke nyakallo ea ka; hobane u furalalitse likahlolo tsa hau hole le ’na, ka lebaka la Mora oa hau.

12 ’Me joale Alma a re ho bona: Na le lumela mangolo ao a halalelang a ngotsoeng ke bona ba khale?

13 Bonang, haeba lea lumela, le tlameha ho lumela seo Zenose a se boletseng; hobane, bonang o itse: U furalalitse likahlalo tsa hau ka lebaka la Mora oa hau.

14 Jaole bonang, bana beso, ke lakatsa ho le botsa haeba le balile mangolo a halalelang na? Haeba le entse joalo, ke joang le ka se lumeleng ho Mora oa Molimo?

15 Hobane ha ho ea ngoloa hore ke Zenose feela ea buileng ka linto tsena, empa Zenock le eena o buile ka lintho tsena—

16 Hobane bonang, o itse: U halefile, Oho Morena, ka sechaba sena, hobane ba ke ke ba utloisisa mehau ea hau eo u faneng ka eona holim’a bona ka lebaka la Mora oa hau.

17 ’Me joale, bana beso, lea bona hore moporofeta oa bobeli o pakahalitse ka Mora oa Molimo, ’me hobane sechaba se ne se sa utloisisi mantsoe a hae ba mo tlepetsa ka majoe ho isa lefung.

18 Empa bonang, sena ha se phetho; ba na ha se bona feela ba boletseng malebana le Mora oa Molimo.

19 Bonang, ho ile ha boleloa ka eena ke Moshe; ee, ’me bonang ponts’o e ile ea phahamisetsoa holimo lefelleng, hore mang kapa mang ea tla e sheba a tle a phele. ’Me ba bangata ba ile ba sheba le ho phela.

20 Empa ba fokolang ba ile ba utlisisa moelelo oa lintho tseno, ’me sena ka lebaka la ho thatafala ha lipelo tsa bona. Empa ho ne ho ena le ba bangata ba neng ba thatafetse hoo ba neng ba sa shebe, ka baka leo ba ile ba timela. Joale lebaka leo ba neng ba sa shebe ka lona ke hobane ba ne ba sa lumele hore e tla ba folisa.

21 Oho bana beso, haeba le ka folisoa ka hore feela le lahlele ka ho pharalla mahlo a lona hore le tle le folisoe, le ne le ke ke la bona kapele, kapa le ka mpa la thatafatsa lipelo tsa lona ka ho se lumele, ’me le be botsoa, hore e be ha le lahlele ka ho pharalla mahlo a lona, hore le tle le timele?

22 Haeba ho joalo, bomalimabe bo tla tla holim’a lona; empa haeba ho se joalo, joale lahlelang ka ho pharalla mahlo a lona ’me le qale ho lumela ho Mora oa Molimo, hore o tla tla a lopolla batho ba hae, le hore o tla sotleha le ho shoa ho lefella libe tsa bona; le hore o tla tsoha hape ho tsoa bafung, hoo ho tlang ho tlisa tsoho ea bafu, hore batho bohle ba tla ema ka pele ho eena, ho ahloloa ka la ho qetela letsatsi la kahlolo, ho latela mesebetsi ea bona.

23 ’Me joale, bana beso, ke lakatsa hore le tla jala lentsoe lena lipelong tsa lona, ’me ha le qala ho kokomoha esita le joalo le le fepe ka tumelo ea lona. ’Me bonang, le tla fetoha sefate, se holang ka har’e ho lona ho isa bophelong bo sa feleng. ’Me joale e ke Molimo a ka le fa hore meroalo ea lona e ke e be bobebe ka nyakallo ea Mora oa hae. ’Me esita le tsena tsohle le ka li etsa ha le batla. Amen.