Mangolo a halalelang
Alma 2


Khaolo ea 2

Amliki o batla ho ba morena ’me o haneloa ke lentsoe la batho—Balateli ba hae ba mo etsa Morena—Ba-Amliki ba etsa ntoa ho Ba-Nefi ’me ba ea hloloa—Ba-Lamane le Ba-Amliki ba kopanya mabotho ’me ba ea hloloa—Alma o bolaea Amliki. Ka bo 87 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore qalong ea selemo sa bohlano sa puso ea bona hoile ha qala ho ba le likhang har’a batho; hobane monna ea itseng, ea bitsoang Amliki, eena e le monna ea masene haholo, ee, monna ea bohlale ho ea ka bohlale ba lefats’e, eena a latela ka mokhoa oa monna ea bolaileng Gideone ka sabole, ea ileng a bolaoa ho latela molao—

2 Joale Amliki enoa o ne a, ka masene a hae, a huletse batho ba bangata kamorao ho eena; esita le ba bangata hoo ba ileng ba qala ho ba matla haholo; ’me ba ile ba qala ho batla ho etsa hore Amliki e be morena holim’a batho.

3 Joale sena se ne se ts’osa ho batho ba kereke, ’me hape le ho bohle bao ba sa kang ba huleloa kamor’a likhothaletso tsa Amliki; hobane ba ne ba tseba hore ho latela molao lintho tse joalo li tlameha ho tiisoa ke lentsoe la sechaba.

4 Ka baka leo, haeba ho ne ho khoneha hore Amliki a fumane lentsoe la batho, eena, e le monna ea khopo, o tla ba amoha litokelo tsa bona le melemo ea kereke; hobane e ne e le boikemisetso ba hae ho timetsa kereke ea Molimo.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore batho ba bokellane hammoho hohle lefats’eng leo, motho e mong le emong ho latela kelello ea hae, hore na e ne e le ho ba khahlanong kapa lehlakoreng la Amliki, ka lihlopha tse arohaneng, ba na le litsekisano le likhang tse makatsang e mong ho e mong.

6 ’Me ke joana ba ileng ba ipokella hammoho ho lahlela lentsoe la bona malebana le taba eno; ’me ba ile ba e beha ka pele ho baahloli.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore lentsoe la batho le tle khahlanong le Amliki, hore a se ke a etsoa morena holim’a sechaba.

8 Joale sena se ile sa baka nyakallo e kholo lipelong tsa bao ba neng ba le khahlanong le eena; empa Amliki o ile a hlohlelletsa ba neng ba le lehlakoreng la hae khahlanong le bao ba neng ba se lehlakoreng la hae.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba ipokella hammoho, ’me ba tlotsetsa Amliki ho ba morena oa bona.

10 Joale ha Amliki a se a entsoe morena holim’a bona, o ile a ba laela hore ba tle ba nke lihlomo khahlanong le ba habo bona; ’me sena o se entse hore a tle a ba behe tlasa taolo ea hae.

11 Joale batho ba Amliki ba ne ba khetholleha ka lebitso la Amliki, ba bitsoa Ba-Amliki; ’me ba setseng ba ne ba bitsoa Ba-Nefi, kapa batho ba Molimo.

12 Ka baka leo sechaba sa Ba-Nefi se ne se hlokometse boikemisetso ba Ba-Amliki, ’me ka baka leo ba ile ba itokisetsa ho kopana le bona; ee, ba ile ba hlomela ka lisabole, le likerete, le liqha, le metsu, le ka majoe, le ka matjeketjane, le ka mekhoa eohle ea libetsa tsa ntoa, tsa mefuta eohle.

13 ’Me ke joana ba neng ba itokiselitse ho kopana le Ba-Amliki ka nako ea ho tla ha bona. ’Me ho ne ho ile ha khethoa balaoli, le balaoli ba holimonyana, le balaoli ba baholo, ho latela lipalo tsa bona.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore Amliki a hlomelle banna ba hae ka mekhoa eohle ea libetsa tsa ntoa tsa mefuta eohle; ’me hape a khetha babusi le baetapele holim’a batho ba hae, ho ba etella ntoeng khahlanong le ba habo bona.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore BA-Amliki ba ile ba tla holima leralla la Amnihu, le neng le le ka bochabela ho noka ea Sidone, e neng e phalla pela lefats’e la Zarahemla, ’me moo ba qala ho etsa ntoa le Ba-Nefi.

16 Joale Alma, e le moahloli e moholo le ’musisi oa sechaba sa Ba-Nefi, ka baka leo o ile a nyoloha le batho ba hae, ee, le balaoli ba hae, le balaoli ba baholo, ee, a le ka hloohong ea mabotho a hae, khahlanong le Ba-Amliki ho ea loana.

17 ’Me ba ile ba qala ho bolaea Ba-Amliki holim’a leralla ka bochabela ho Sidone. ’Me Ba-Amliki ba ile ba loana le Ba-Nefi ka matla a maholo, hoo ba bangata ba Ba-Nefi ba ileng ba oela ka pele ho Ba-Amliki.

18 Le ha ho le joalo, Morena o ile a matlafatsa letsoho la Ba-Nefi, hoo ba ileng ba bolaea Ba-Amliki ka ho ba hlaba ho ho holo, hoo ba ileng ba qala ho baleha ka pele ho bona.

19 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Nefi ba ile ba lelekisa Ba-Amliki letsatsi leo lohle, ’me ba ba bolaea ka ho ba hlaba haholo, hoo ba neng ba bolailoe ba Ba-Amliki e ne e le likete tse leshome le metso e ’meli makholo a mahlano le mashome a mararo a metso e ’meli a meea; ’me ho ne ho bolailoe ba Ba-Nefi likete tse ts’eletseng makholo a mahlano le mashome a ts’eletseng a metso e ’meli ea meea.

20 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Alma a se a sitoa ho lelekisa Ba-Amliki ho feta o ile a etsa hore batho ba hae ba tle ba hlome litente tsa bona phuleng ea Gideone, phula eo e bitsitsoe kamor’a Gideone eane ea ileng a bolaoa ke letsoho la Nehore ka sabole; ’me ke phuleng ena moo Ba-Nefi ba ileng ba hloma litente tsa bona bakeng sa bosiu.

21 ’Me Alma o ile a romela lihloela ho latela karolo e setseng ea Ba-Amliki, hore ba tle ba tsebe merero ea bona, hore a tle a itebele khahlanong le bona, hore a tle a boloke batho ba habo khahlanong le ho timetsoa.

22 Joale bao a ileng a ba roma ho ea sheba liahelo tsa Ba-Amliki ba ne ba bitsoa Zerame, le Amnore, le Manti, le Limhere; bana ke bona ba ileng ba tsoa le banna ba bona ho ea sheba liahelo tsa Ba-Amliki.

23 ’Me ho ile ha etsahala hore ka hosasane ba ile ba khutlela liahelong tsa Ba-Nefi ka ho potlaka ho ho holo, ba maketse haholo, ’me ba otliloe ke ts’abo e kholo, ba re:

24 Bonang, re latetse liahelo tsa Ba-Amliki, ’me ho makaleng ha rona ho ho holo, lefats’eng la Minone, holimo ho lefats’e la Zarahemla, tseleng ea lefats’e la Nefi, re bone mabotho a mangata a Ba-Lamane; ’me bonang, Ba-Amliki ba kopane le bona;

25 ’Me ba hlasetse ba habo rona lefats’eng leo; ’me ba ntse ba baleha ka pele ho bona ka mehlape ea bona, le basali ba bona, le bana ba bona, ho leba motseng oa rona; ’me ntle le hore re potlake ba tla fihlela ho ruoa motse oa rona, le bo ntat’a rona, le basali ba rona, ’me bana ba rona ba tla bolaoa.

26 ’Me ho ile ha etsahala hore batho ba Nefi ba ile ba nka litente tsa bona, ’me ba falla ho tsoa phuleng ea Gideone ho leba motseng oa bona, oo e neng e le motse oa Zarahemla.

27 ’Me bonang, ha ba ntse ba ts’ela noka ea Sidone, Ba-Lamane le Ba-Amliki, ba ne ba le bangata joaloka hoo e ka bang, ba eba joalo ka lehlabathe la leoatle, ba ba hlasella ho ba timetsa.

28 Le ha ho le joalo, Ba-Nefi ba ne ba matlafalitsoe ke letsoho la Morena, ba ne ba rapetse haholo ho eena hore a tle a ba lopolle ho tsoa matsohong a lira tsa bona, ka baka leo Morena o ile a utloa lillo tsa bona, ’me a ba matlafatsa, ’me Ba-Lamane le Ba-Amliki ba ile ba oela ka pele ho bona.

29 ’Me ho ile ha etsahala hore Alma o ile a loana le Amliki ka sabole, mahlo mahlong; ’me ba loants’ana ka matla, e mong le e mong.

30 ’Me ho ile ha etsahala hore Alma, e le monna oa Molimo, a sebelisitse tumelo e kholo, a lla, a re, Oho Morena, eba le mohau ’me o qenehele bophelo ba ka, hore ke tle ke be sesebelisoa matsohong a hau ho pholosa le ho boloka batho bana.

31 Joale ha Alma a se a boletse mantsoe ana a loants’a Amliki hape, ’me o ne a fuoe matla, haholo hoo a ileng a bolaea Amliki ka sabole.

32 ’Me hape o ile a loants’ana le morena oa Ba-Lamane; empa morena oa Ba-Lamane a balehela morao ho tloha ka pele ho Alma ’me a romela balebeli ba hae ho loants’ana le Alma.

33 Empa Alma, le balebeli ba hae, ba loants’ana le balebeli ba morena oa Ba-Lamane ho fihlela a ba bolaea le ho ba khannela morao.

34 ’Me ke joana a ileng a hleka fats’e, kapa ho ena le hoo lebopo, le neng le le ka bophirima ho noka ea Sidone, a lahlela litopo tsa ba bolailoeng ka metsing a Sidone, hore ka hona batho ba habo ba tle ba be le sebaka sa ho ts’ela le loants’a Ba-Lamane le Ba-Amliki ka lehlakoreng la bophirima ba noka ea Sidone.

35 ’Me ho ile ha etsahala hore ha bohle ba se ba ts’etse noka ea Sidone Ba-Lamane le Ba-Amliki ba ile ba qala ho baleha ka pele ho bona, ho sa tsotellehe hore ba ne ba le bangata hoo ba neng ba sa balehe.

36 ’Me ba ile ba baleha ka pele ho Ba-Nefi ho leba lefelleng le neng le le bophirima le leboea, hole ka nqane ho meeli ea lefats’e leo; ’me Ba-Nefi ba ile ba ba lelekisa ka matla a bona ’me ba ba bolaea.

37 Ee, ba ile ba loants’oa ka matsohong ohle, ba bolaoa le ho khannoa, ho fihlela ba qhalana ka bophirima, le ka leboea, ho fihlela ba fihla lefelleng, leo le neng le bitsoa Heremonte; ’me e ne e le karolo eo ea lefella e neng e tletse ka libata tse harolang tse hlaha.

38 ’Me ho ile ha etsahala hore ba bangata ba ile ba shoella lefelleng ke maqeba, ’me ba ile ba haroloa ke tsona libata tseo ’me hape le manong a moeeng, ’me masapo a bona a fumanoe, ’me a bokelletsoe holim’a lefats’e.