Mangolo a halalelang
Alma 36


Litaelo tsa Alma ho mora oa hae Helamane.

Ho kenyeletsa Likhaolo tsa 36 le 37.

Khaolo ea 36

Alma o pakela Helamane ka ts’okoloho ea hae kamora ho bona lengeloi—O ile a mamella mahloko a moea o tsuoeng; o ile a bitsa ho lebitso la Jesu, ’me a tsoaloa ke Molimo—Nyakallo e monate e ile ea tlatsa moea oa hae—O ile a bona pokano ea mangeloi a rorisang Molimo—Basokolohi ba bangata ba latsoitse le ho bona joaloka ha a latsoitse le ho bona. Ka bo 74 B.C.

1 Mora oa ka, fana ka tsebe mantsoeng a ka; hobane kea u hlapanyetsa, hore ha feela u tla boloka litaelo tsa Molimo u tla atleha lefats’eng.

2 Ke lakatsa hore u tle u etse joaloka ha ke ile ka etsa, ka ho hopola ho ba litlamong ha bo ntat’a rona; hobane ba ne ba le litlamong, ’me ho ne ho se na ea ka ba lokolang ntle le hore e be e ne e le Molimo oa Abrahama, le Molimo oa Isaaka, le Molimo oa Jakobo; ’me kannete o ile a ba lopolla mahlomoleng a bona.

3 ’Me joale, Oho mora oaka Helamane, bona, uena u sa le bocheng ba hau, ’me ka baka leo, kea u kopa hore uena u utloe mantsoe a ka ’me u ithute ho tsoa ho ’na; hobane kea tseba hore mang kapa mang ea tlang ho beha ts’epo ea hae ho Molimo u tla ts’ehetsoa litekong tsa bona, le mathateng a bona, le mahlomoleng a bona, ’me ba tla phahamisetsoa holimo ka letsatsi la ho qetela.

4 ’Me ha ke lakatse hore u nahane hore ke tseba ka bo’na—e seng ka nama empa ka moea, e seng ka kelello ea thato ea nama empa ea Molimo.

5 Joale, bona, ke re ho uena, haeba ke ne ke sa tsoaloa ke Molimo ke ne ke tla sitoa ho tseba lintho tsena; empa Molimo, ka molomo oa lengeloi la hae, o entse hore lintho tsena li tsebahale ho ’na, e seng ka lebaka le fe la ho lokeleha ha ka;

6 Hobane ke ile ka tsamaea le bara ba Mosaia, re batla ho timetsa kereke ea Molimo; empa bona, Molimo o rometse lengeloi la hae le halalelang ho re emisa tseleng.

7 ’Me bona, o ile a bua ho rona, joalo ka ha eka ke lentsoe la lehalima, ’me lefats’e lohle le ile la thothomela tlasa maoto a rona; ’me re ile ra oela fats’e kaofela, hobane ho ts’aba Morena ho ile ha re tlela.

8 Empa bona, lentsoe le ile la re ho ’na: Tsoha. ’Me ke ile ka tsoha ka ema, ’me ka bona lengeloi.

9 ’Me a re ho ’na: Haeba uena ka bo uena u tla timetsoa, se hlole u batla ho timetsa kereke ea Molimo.

10 ’Me ho ile ha etsahala hore ke ile ka oela fats’e; ’me e ne e le bakeng sa sebaka sa matsatsi a mararo le masiu a mararo hore e be ke ne ke sitoa ho bula molomo oa ka kapa hoba le ts’ebeliso ea litho tsa ka.

11 ’Me lengeloi le ile la eketsa ho bua lintho tse ling ho ’na, tseo li ileng tsa utluoa ke bana beso, empa ke kea ka ka li utloa; hobane eitse ha ke utloa mantsoe—Haeba uena ka bo uena u tla timetsoa, se hlole u batla ho timetsa kereke ea Molimo—Ke ile ka otloa ke letsoalo le leholo hakaalo le ho makala e se re mohlomong ke tla timetsoa, hore ebe ke ile ka oela fats’e ’me ka sitoa ho utloa ho feta moo.

12 Empa ke ile ka hlaseloa ke bohloko ba bosafeleng, hobane moea oa ka o ile oa hlokofalla boemong bo boholo le ho hlaseloa ka libe tsohle tsa ka.

13 Ee, ke ile ka hopola libe tsohle tsa ka le bokhopo, tseo ka tsona ke neng ke hlokofalitsoe ka mahloko a lihele; ee, ke ile ka bona hore ke ne ke fetohetse khahlanong le Molimo oa ka, le hore ke ne ke sa boloka litaelo tsa hae tse halalelang.

14 Ee, ’me ke ne ke ile ka bolaea ba bangata ba bana ba hae, kapa ka mantsoe a mang ke ba etelletse hole ho isa timelong; ee, ’me ha ke phethela bokhopo ba ka bo ne bo le boholo hoo, hore le mohopolo feela oa ho tla ponts’eng ea Molimo oa ka o ne o hlasela moea oa ka ka ts’oso e sa hlaloseheng.

15 Oho, ka hopola, hore nka lelekoa ’me ka fetoha fela bobeli moea le ’mele, hore ke tle ke sitoe ho tlisoa ho tla ema ponts’eng ea Molimo, ho ahloloa ka liketso tsa ka.

16 ’Me joale, bakeng sa matsatsi a mararo le masiu a mararo ke ne ke hlasetsoe, esita le ka mahloko a moea o tsuong.

17 ’Me ho ile ha etsahala hore joaloka ha ke ne ke hlasetsoe ke bohloko, ha ke ne ntse ke hlokofalitsoe ke mohopolo oa libe tsa ka tse ngata, bona, ke ile ka hopola hape ho ka ke utloa ntate a porofeta ho sechaba malebana le ho tla ha Jesu Kreste, mora oa Molimo, ho tla lefella libe tsa lefats’e.

18 Joale, ha kelello ea ka e kapa mohopolo ona, ke ile ka llela ka pelong: Oho Jesu, uena Mora oa Molimo, eba le mohau ho ’na, eo a leng ka nyookong e babang, ’me ke likalikelitsoe ke liketane tse sa feleng tsa lefu.

19 ’Me joale, bona, ha ke nahana sena, ha kea ka ka hlola ke hopola libe tsa ka ho feta; ee, ke ile ka se hlole ke hlaseloa ke mohopolo oa libe tsa ka ho feta.

20 ’Me oho, nyakallo e joang, le khanya e tsotehang joang eo ke ileng ka e bona; ee, moea oaka o ne o tlatsitsoe ka nyakallo e fetisisang joaloka bohloko ba ka!

21 Ee, ke re ho uena, mora oaka, hore ho ne ho keke ha eba le letho le matla le le babang joaloka mahloko a ka. Ee, ’me hape ke re ho uena, mora oa ka, hore ke letsohong le leng, ho keke ha eba le letho le neng le tebile le monate joaloka nyakallo eaka.

22 Ee, ’na ka nahana hore ke bone, esita le joaloka ntat’a rona Lehi a ileng a bona, Molimo a lutse holim’a terone ea hae, a potapotiloe ke bongata bo sa baloeng ba mangeloi, a le boits’oarong ba ho bina le ho rorisa Molimo oa bona; ee, ’me moea oaka o ile oa lakatsa ho ba moo.

23 Empa bona, litho tsa ka li ile tsa fumana matla a tsona hape, ’me ka ema hape holima maoto a ka, ’me ke ile ka bonahatsa ho batho hore ke ne ke tsoetsoe ke Molimo.

24 Ee, ’me ho tloha nakong eo hofihlela joale, ke sebelitse ntle le ho emisa, hore ke mpe ke tlise meea ho baka; hore ke mpe ke ba tlisetse ho latsoa nyakallo e fetisisang eo ke ileng ka e latsoa; hore le bona ba ke ntsoaloe ke Molimo, ’me ba tlale ka Moea o Halalelang.

25 Ee, ’me joale bona, Oho mora oaka, Morena o mpha nyakallo e kholo ka ho fetisisa litholoaneng tsa mesebetsi eaka;

26 Hobane ka lebaka la lentsoe leo a le faneng ho ’na, bona, ba bangata ba tsoetsoe ke Molimo, ’me ba latsoitse joalo ka ha ke latsoitse, ’me ba bone ka mahlo joalo ka ha ke bone; ka baka leo ba fela ba tseba ka lintho tsena tseo ke buileng ka tsona, joaloka ha ke tseba; ’me tsebo eo ke nang le eona ke ea Molimo.

27 ’Me ke ts’ehelitsoe tlasa liteko le mathata a mefuta eohle, ee, le mekhoa eohle ea mahlomola; ee, Molimo o nlopolotse ho tsoa chankaneng, le ho tsoa litlamong, le ho tsoa lefung, ee, ’me ke beha ts’epo eaka ho eena, ’me o tla nne a nlopolle.

28 ’Me kea tseba hore o tla ntsosa ka letsatsi leo la ho qetela, ho lula le eena khanyeng; ee, ’me ke tla mo rorisa ka ho sa feleng, hobane o tlisitse bo ntat’a rona ho tsoa Egepeta, ’me o koenyelitse Ba-Egepeta leoatleng le lefubelu; ’me a ba etella ka matla a hae ho kena lefats’eng la pallo; ee, ’me o ba lopollotse ho tsoa litlamong le kholehong ho tloha nako le nako.

29 Ee, ’me hape o tlisitse bontat’a rona ho tsoa lefats’eng la Jerusalema; ’me hape, ka matla a hae a sa feleng o ba lopollotse ho tsoa litlamong le kholehong, ho tloha nako le nako esita le ho ea tlaase hofihlela letsatsi la kajeno, ’me esale ke boloka khopolong kholeho ea bona, ’me le uena hape u lokela ho boloka khopolong, joaloka ha ke entse, kholeho ea bona.

30 Empa bona, mora oaka, sena ha se phetho; hobane u lokela ho tseba joaloka ha ke tseba, hore ha feela u tla boloka litaelo tsa Molimo u tla atleha lefats’eng; ’me u lokela ho tseba hape, hore ha feela joaloka ha u keke oa boloka litaela tsa Molimo u tla khaoloa ho tsoa ponts’eng ea hae. Joale sena ke ho latela lentsoe la hae.