Mangolo a halalelang
Alma 27


Khaolo ea 27

Morena o laela Ammone ho etella sechaba sa Anti-Nefi-Lehi ho ea polokehong—Ka ho kopana le Alma, nyakallo ea Ammone e mo qeta matla—Ba-Nefi ba fa Ba-Anti-Nefi-Lehi lefats’e la Jershone—Ba bitsoa sechaba sa Ammone. Ka bo 90–77 B.C.

1 Joale ho ile ha etsahala hore ha Ba-Lamane bao ba ileng ba ea ntoeng khahlanong le Ba-Nefi ba ile ba fumana, kamor’a lintoa tse ngata ho ba timetsa, hore e ne e le lefeela ho batla timetso ea bona, ba ile ba khutlela hape lefats’eng la Nefi.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Amaleki, ka lebaka la tahlehelo ea bona, ba ne ba halefile ka ho fetisisa. ’Me ha ba bona hore ba sitoa ho batla boiphetetso ho tsoa ho Ba-Nefi, ba ile ba qala ho hlohleletsa sechaba seo ka khalefo khahlanong le ba habo bona, sechaba sa Anti-Nefi-Lehi; ka baka leo ba ile ba qala hape ho ba timetsa.

3 Joale sechaba sena hape se ile sa hana ho nka lihlomo tsa bona, ’me ba ile ba mamella ho bolaoa holatela litakatso tsa lira tsa bona.

4 Joale ha Ammone le bana babo ba ile ba bona ts’ebetso ena ea ts’enyo har’a bao ba ba ratang haholo joalo, le har’a bao le bona ba ba ratileng haholo—hobane ba ne ba ts’oeroe joaloka ha eka e ne e le mangeloi a rometsoeng ho tsoa ho Molimo ho ba pholosa ho tsoa timelong e sa feleng—ka baka leo, ha Ammone le bana babo ba bona mosebetsi ona o moholo oa ts’enyo, ba ile ba sisingoa ke kutloelo bohloka, ’me ba re ho morena:

5 Re lumelle hore re bokelle hammoho batho bana ba Morena, ’me re lumelle re ee tlase lefats’eng la Zarahemla ho ba habo rona Ba-Nefi, ’me re balehe ho tsoa matsohong a lira tsa rona, hore re se ke ra timetsoa.

6 Empa morena o ile a re ho bona: Bonang, Ba-Nefi ba tla re timetsa, ka lebaka la lipolao tse ngata le libe tseo re li entseng khahlanong le bona.

7 ’Me Ammone a re: Ke tla tsamaea ’me ke lo botsa Morena, ’me na haeba a re ho rona, theohelang tlase ho ba habo lona, re tla tsamaea?

8 ’Me morena a re ho eena: Ee, haeba Morena a re ho rona re tsamaee, re tla theohela tlase ho bana ba bo rona, ’me re tla ba makhoba a bona hofihlela re lefella ho bona lipolao tse ngata le libe tseo re li entseng khahlanong le bona.

9 Empa Ammone o ile a re ho eena: Ho khahlanong le molao oa ba habo rona, o ileng oa thehoa ke ntate, hore ho be le makhoba har’a bona; ka baka leo ha re theoheleng tlase ’me re its’etlehe holima mehau ea ba habo rona.

10 Empa morena a re ho eena: Botsa ho Morena, ’me haeba a re ho rona re tsamaee, re tla tsamaea; ho seng joalo re tla timella lefats’eng lena.

11 ’Me ho ile ha etsahala hore Ammone a tsamaee ’me a botse ho Morena, ’me Morena o ile a re ho eena:

12 Nts’a sechaba sena ho tsoa lefats’eng lena, hore ba se ke ba timela; hobane Satane o na le taolo e kholo lipelong tsa Ba-Amaleki, bao ba hlohleletsang Ba-Lamane ho halefa khahlanong le bana ba bo bona ho ba bolaea; ka baka leo etsa hore le tsoe lefats’eng lena; ’me ho lehlohonolo batho bana ka moloko ona, hobane ke tla ba boloka.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore Ammone o ile a tsamaea ’me a bolella morena mantsoe oohle ao Morena a a boletseng ho eena.

14 ’Me ba ile ba bokella hammoho sechaba sohle sa bona, ee, batho bohle ba Morena, ’me ba ile ba bokella mehlape eohle ea bona, ’me ba falla ho tsoa lefats’eng leo, ’me ba fihla lefelleng le neng le arola lefats’e la Nefi ho tsoa lefats’eng la Zarahemla, ’me ba fihla haufi le meeli ea lefats’e leo.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore Ammone a re ho bona: Bonang, ’na le bana beso re tla ea pele ho kena lefats’eng la Zarahemla, ’me le tla sala mona hofihlela re khutla; ’me re tla leka lipelo tsa ba habo rona, hore na ba tla lumela hore re kene lefats’eng la bona.

16 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Ammone a ntse a tsamaea ho kena lefats’eng leo, eena le bana babo ba ile ba kopana le Alma, ka holimo sebakeng seo ho builoeng ka sona; ’me bonang, eena e ne e le kopano e tletseng nyakallo.

17 Joale nyakallo ea Ammone e ne e le kholo hoo esita le hore e ne e tletse; ee, o ile a koenyetsoa nyakallong ea Molimo oa hae, esita le ho qeta matla a hae; ’me a oela hape fats’e.

18 Joale na e e ne e se nyakallo e fetisisang? Bonang, nyakallo ena eo ho se nang mang ea ka e amohelang ntle le motho ea bakileng le ea ikokobelitseng mmatli oa thabo.

19 Joale nyakallo ea Alma ka ho kopana le bana babo e ne e le kholo kannete, ’me hape le nyakallo ea Aarone, Omnere, le Himni; empa bonang nyakallo ea bona e ne e se eo ea ho feta matla a bona.

20 ’Me joale ho ile ha etsahala hore Alma o ile a tataisetsa bana bao babo morao lefats’eng la Zarahemla, esita le ho ea ntlong ea hae. ’Me ba ile ba tsamaea ’me ba bolella moahloli e moholo lintho tsohle tse etsahetseng ho bona lefats’eng la Nefi, har’a bana ba bo bona, Ba-Lamane.

21 ’Me ho ile ha etsahala hore moahloli e moholo o ile a romela phatlalatso hohle lefats’eng leo, a ne a batla lentsoe la batho malebana le ho amohela bana ba bo bona, bao e neng e le sechaba sa Anti-Nefi-Lehi.

22 ’Me ho ile ha etsahala hore lentsoe la batho le ile la tla, le re: Bona, re tla fana ka lefats’e la Jershone, leo le leng ka bophirima pela leoatle, le kopanang le lefats’e la Nala, leo le leng ka boroa ho lefats’e la Nala; ’me lefats’e lena la Jershone ke lona lefats’e leo re tlang ho le fa bana ba bo rona bakeng sa bojalefa.

23 ’Me bona, re tla beha mabotho a rona lipakeng tsa lefats’e la Jershone le lefats’e la Nefi, hore re tle re sireletse bana ba bo rona lefats’eng la Jershone; ’me sena re se etsa bakeng sa bana ba bo rona, ka lebaka la ts’abo ea bona ea ho nka lihlomo khahlanong le bana ba bo bona mohlomong ba etse sebe; ’me ena ts’abo ea bona e kholo e tlile ka lebaka la pako ea bona e bohloko eo ba bileng le eona, ka lebaka la lipolao tsa bona tse ngata le bokhopo bo ts’abehang ba bona.

24 ’Me joale bona, sena re tla se etsa ho bana ba bo rona, hore ba tle ba je lefa lefats’e la Jershone; ’me re tla ba lebela ho tsoa lireng tsa bona ka mabotho a rona, ka pehelo ea rona ea hore ba tla re fa karolo ea lisebelisoa tsa bona hore re tle re boloke mabotho a rona.

25 Joale, ho ile ha etsahala hore ha Ammone a se a utloile sena, o ile a khutlela ho sechaba sa Anti-Nefi-Lehi, ’me hape le Alma a ena le eena, ho ea lefelleng, moo baneng ba hlomme litentse tsa bona, ’me ba etsa hore ho tsebahale ho bona lintho tsena tsohle. ’Me Alma le eena o ile a ba phetela ka ts’okoloho ea hae, le Ammone le Aarone, le bana ba bo.

26 ’Me ho ile ha etsahala hore e ile ea baka nyakallo e kholo har’a bona. ’Me ba ile ba theohela tlase lefats’eng la Jershone, ’me ba nka taolo ea lefats’e la Jershone; ’me ba ne ba bitsoa ke Ba-Nefi hore ke sechaba sa Ammone; ka baka leo ba ile ba khetholloa ka lebitso leo kamora moo ho ea ho ile.

27 ’Me ba ne ba le har’a sechaba sa Nefi, ’me hape ba ne ba baloa har’a batho bao e neng e le ba kereke ea Molimo. ’Me hape ba ne ba khethehile bakeng sa mafolofolo a bona ho lebana le Molimo, hape le ho lebana le batho; hobane ba ne ba ts’epahala ka ho phetheha ’me ba otlolohile linthong tsohle; ’me ba ne ba tiile tumelong ea Kreste, esita le ho isa qetellong.

28 ’Me ba ile ba talima ho ts’olla ha mali a bana babo bona ka ho nyonya ho ho holo; ’me ba ne ba sa hlole ba ka susumetsoa ho nka lihlomo khahlanong le bana ba bo bona; ’me ba ne ba sa hlole ba sheba lefu ka pallo e fe ea ts’abo, ka lebaka la ts’epo le chebo ea bona ka Kreste le tsoho ea bafu; ka baka leo lefu le ne le koentsoe ho bona ke tlholo ea Kreste holim’a lona.

29 Ka baka leo, ba ne ba mamella lefu ka mokhoa o mpefetseng le o hlomolang o neng o ka qobelloa ke bana ba bo bona, pele ba ne ba ka nka sabole kapa thipa ho ba otla.

30 ’Me ke joana e neng e le batho ba mafolofolo, ’me ba ratoang, sechaba se hauhetsoeng haholo sa Morena.