Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 29: Malapa A Bohlokoa


Setśoantśo
lelapa kapela tempele

Malapa a ka ba ’moho ka ho sa feleng.

Khaolo ea 29

Malapa A Bohlokoa

Hobaneng ha Ntat’a rona ea Maholimong a rerile hore re phele re le malapa moo lefats’eng?

Ntat’a rona ea Maholimong O Rerile Hore re Phele re le Malapa

Malapa a rona lefats’eng lena a ts’oana le malapa a rona maholimong. Re ne re le karolo ea lelapa la maholimong pele re tla lefats’eng lena. Re ne re le bana ba moea ba Molimo, eo e leng Ntat’a rona ea Maholimong. O ea re rata ebile O ea re tsotella. O batla tse molemo ka ho fetisa bakeng sa rona hape O batla re khutle re ilo phela le Eena ka letsatsi le leng.

Ntat’a rona ea Maholimong o ile a kopanya lelapa la pele ha a ne a nehelana ka Eva ho Adama hore ba nyalane. A ba bolella hore ba be le bana. Se na e ne e le hore bana ba moea ba Ntat’a rona ea Maholimong ba tle ba be le ’mele ea nama le masapo. O ile a ba bolella hore ba nehe bana ba bona lintho tseo ba li hlokang. A ba bolella hore ba rute bana ba bona evangeli le ho ba thusa ho amohela lits’ebeletso tsa evangeli.

Ntat’a rona ea Maholimong o re behile ka har’a malapa ka mabaka a ’maloa.

La pele ke hore, ho batsoali ba rona, re fumana ’mele oa nama le masapo. Re hloka ’mele ea nama le masapo hore re ithute lintho tseo re li hlokang hore re tle re phele le Ntat’a rona ea Maholimong ka ho sa feleng.

La bobeli ke hore, malapa a ka fana ka lintho tseo re li hlokang lefats’eng lena. Batsoali ba ka fana ka lijo, liaparo, bolulo, lerato, le lintho tse ling tse hlokahalang bakeng sa bana ba bona. Hamorao, bana ba ka hlokomela batsoali ha ba se ba holile ba sa khone ho itlhokomela.

La boraro ke hore, batsoali ba ka ruta bana ba bona evangeli ea Jesu Kreste. Ba ka ba ruta ho mamela litaelo tsa Ntat’a rona ea Maholimong. Ba ka etsa bonnete ba hore bana ba amohela lits’ebeletso tseo Jesu a itseng re tlameha ho li amohela.

Puisano

  • Hobaneng ha Ntat’a rona ea Maholimong a ile a hlophisa hore re tle lefats’eng re le malapa?

  • Ke le fe lelapa la pele la ho tla lefats’eng?

  • Ke eng seo Ntat’a rona ea Maholimong a rerileng hore malapa a tle a re etsetse sona?

Ntat’a rona ea Maholimong O Batla Malapa a Ratane

Malapa a rona mona lefats’eng e ka ba malapa a maholimong joaloka ha e ne e le oona maholimong. Lelapa le ka utloa lerato le ka etsang hore ba batle ho thusana le ho bua lintho tse mosa ho ba bang.

Monna le mosali ba lokela ho ratana kahar’a lelapa. Ba lokela ho ba mosa le ho thusana. Ha ba ea lokela ho bua kapa ho etsa eng kapa eng e ka etsang e mong a hloname.

Batsoali ba lokela ho rata bana ba bona. Ba lokela ho ruta bana ba bona ho ratana. Ba lokela ho ba ruta ho thusana le ho hlokomelana.

Bana ba lokela ho rata bana ba bona. Ba lokela ho hlompha, ho mamela, le ho thusa batsoali ba bona.

Puisano

  • Bala Ba-Efese 4:29–32.

  • Re ka thusa malapa joang hore a ratane?

  • Hobaneng Ntat’a rona ea Maholimong a batla malapa a ratane?

Ntho ea Bohlokoa ka Ho Fetisisa ke Ho Sebeletsa Ho Ba le Lelapa le Thabileng Ebile le Lokile

Ho sebeletsa ho ba le lelapa le lokileng ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisa eo re ka e etsang. Ho sa tsotellehe hore na re atleha hakae linthong tse ling, ha re sa rute malapa a rona ho rata le ho mamela Ntat’a rona ea Maholimong, re hlolehile mosebetsing oa rona oa bohlokoahali. Ka nako tse ling, bana ba rona ba ka khetha ho se rate le ho mamela Ntat’a rona ea Maholimong, empa re lokela ho etsa tsohle ho ba ruta litsela tsa Hae. Ha batsoali ba etsa se matleng a bona ho ruta bana ba bona hantle, Ntat’a rona ea Maholimong a ke ke a nka e le boikarabello ba bona ka liphoso tsa bana ba bona. Batsoali ba hloleha ha feela ba ka emisa ho leka ho ba batsoali ba lokileng.

Malapa a rona a ka re neha thabo e kholohali bophelong. Re etsa hantle ha re ba mafolofolo ho holisa bana ho ba litho tsa Kereke le hore e be baahi ba lokileng naheng eo ba phelang ho eona.

Lelapa ke karolo ea bohlokoa haholo ea Kereke. Ntat’a rona ea Maholimong o hlophile Kereke ea Hae ho thusa malapa ho etsa tsohle tseo ba ka li etsang ho khutlela ho Eena. Kereke e batla ho thusa lelapa le leng le le leng ho ba ’moho ka ho sa feleng.

Satane o ea tseba hore na malapa a bohlokoa joang kahar’a moralo oa Nate ea Maholimong. O leka ho etsa hore re etse lintho tse tlang ho arola malapa.

Puisano

  • Lelapa la hau le bohlokoa hakae ho uena?

Ntat’a rona ea Maholimong O re Boleletse Hore Na re Ka Ba le Malapa a Lokileng Joang

Bohle re batla ho ba le malapa a lokileng ’me a thabileng. Tsena ke lintho tsa tse ling tse ka thusang malapa:

  1. Lelapa le lokela ho rapela ’moho hoseng le bosiu.

  2. Batsoali ba lokela ho rapela ’moho letsatsi le letsatsi.

  3. Batsoali ba lokela ho ruta bana evangeli.

  4. Lelapa le lokela ho bala mangolo a halalelang ’moho kamehla.

  5. Lelapa le lokela ho ea Kerekeng ’moho Sontaha se seng le se seng.

  6. Lelapa le lokela ho itima ’moho hanngoe ka khoeli ha bana ba se ba holile ho lekana ho re ba ka itima le ho utloisisa sepheo sa ho itima.

  7. Lelapa le lokela ho kapana ’moho beke e ’ngoe le e ’ngoe kopanong e bitsoang hae mantsiboea* ho bua ka lintho tse lokileng tseo ba li entseng. Ba lokela ho buisana ka hore na ba rarolla joang mathata ao motho ka mong a ka bang le oona. Kopanong ena ba ka bina, ba ithuta, ba ithuta li temana tsa mangolo a halalelang, ba bapala, ba ja kapa ba noa se seng se ikhethang.

  8. Lelapa le lokela ho sebetsa le ho bala ’moho kamehla.

  9. Litho tsa lelapa li lokela ho ba mosa le ho mamellana.

  10. Lelapa le lokela ho boloka nalane ea lintho tseo ba li etsang.

Ha re hopola ho rapela ka bo rona le ka lelapa, Ntat’a rona ea Maholimong o tla ba haufi le rona. O tla araba lithapelo tsa rona ka tsela e molemo bakeng sa rona.

Puisano

  • Ke life lintho tseo re ka li etsang hore re be le lelapa le lokileng?

Hatisa