Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 35: Bophelo ba Kamor’a Lefu


Setśoantśo
The City Eternal [Naha ea Bosafeleng], ka Keith Larson

Kreste o entse tsela bakeng sa rona hore re phele hape kamor’a hore re shoe.

Khaolo ea 35

Bophelo ba Kamor’a Lefu

Re ka itlhophela bophelo bo tlang joang?

Moea oa Rona o ea Phela Kamor’a Hore re Shoe

Re qala thapelo tsa rona ka ho bitsa Ntat’a rona ea Maholimong. Ha re ne re lula le Eena maholimong re le moea, re ne re se na ’mele oa nama le masapo. E ne ele moralo oa Hae hore re tsoaloe lefats’eng lena hore moea oa rona o amohele ’mele ea nama le masapo. Moea oa rona ke oona o nehang ’mele oa rona oa nama le masapo bophelo ha re ntse re phela lefats’eng.

Joalo ka ha ho tsoaloa e ne e le karolo ea moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong, karolo e ’ngoe ke hore re tle re shoe. Ha re shoa, moea oa rona o ea lefats’eng la moea. Kantle ho moea, ’mele ha o na bophelo ’me o behoa lebitleng.

Empa moea oa rona o ile oa phela pele ho tsoalo ea rona, ’me o tla ’ne e tsoelepele ho phela kamor’a lefu. Ha re shoa, moea oa rona o tla ea lefats’eng la moea ho emela tsoho ea bafu, ha ’mele o sala lebitleng.

Lefats’eng la moea, moea oa rona o tla ba le sebopeho se ts’oanang le ha re ne re phela lefats’eng ka ’mele oa nama le masapo. Re tla shebahala joaloka hona joale. Re tla nahana ka tsela e ts’oanang re be re lumele linthong tseo re lumelang ho tsona joalo ka mona. Ba lokileng bophelong bona ba tla ’ne ba loke. Ba sa lokang ba tla ’ne ba ts’oane. Re tla ba le litakatso tse ts’oanang kamor’a hore re shoe joalo ka ha re ne re na le tsona lefats’eng lena.

Puisano

  • ’Mele ea rona ea moea e tsoa kae?

  • Ho etsahala eng ka eona ha re shoa?

  • ’Mele ea moea e joang?

Lefats’eng la Moea ke Sebaka sa ts’ebetso, Sa Boithuto, le sa Ho Ema

Baporofeta ba Ntat’a rona ea Maholimong ba re boleletse lintho tse ngata ka lefats’e la moea. Sebaka se seng se bitsoa paradeise. Ha motho ea amohetseng evangeli, ebile e le molateli oa Jesu ea ts’epahalang, a shoa, moea oa motho eo o ea paradeising. Sena ke sebaka seo batho ba thabileng, ba nang le khotso. Mona ha hona likhathatso, ho hlonama le bohloko. Ba ka etsa lintho tse ngata joaloka ho ruta ba bang ka evangeli kapa ho ithuta haholo ka eona le bona.

Sebaka se seng se bitsoa toronko ea moea. Mefuta e meraro ea batho e tla be e le teng moo. Ho tla ba le ba neng ba le khopo bophelong bona, ba neng ba phela bophelo bo lokileng empa ba sa ka ba amohela evangeli, le ba ileng ba hloka monyetla oa ho utloa evangeli.

Baporofeta ba Ntat’a rona ea Maholimong ba re boleletse hore baruti har’a lichaba, ba tla romeloa har’a ba lokileng lefats’eng la moea ho ruta evangeli ho meea eohle ea batho ba shoeleng. Ba bangata ba tla amohela evangeli ’me ba bake. Lits’ebeletso tsa pholoso tse hlokehang, li tla etsoa litempeleng tsa Ntat’a rona ea Maholimong bakeng sa bona ke batho ba phelang. Ba maloko kapa litho tse ling tsa Kereke ba etsa lits’ebeletso tsena bakeng sa bona. Joale ba tla tseba ho tloha toronkong ea moea. Ka tsela ena, Ntat’a rona ea Maholimong o fana ka monyetla bakeng sa bana ba Hae bohle hore ba amohele litlhohonolofatso tsa evangeli ho sa tsotellehe na ba phetse neng lefats’eng.

Qetellong, bohle ba lefats’eng la moea ba tla tsoha bafung. Tsohong ea bafu, moea le ’mele li tla kopanngoa hammoho hape. Leha ’mele o se o bolile ’me e se e le lerole ha o le ka lebitleng, e tla ba o sa shoeng ’me o phethahetseng. Mangolo a halalelang a bolela hore leha e le moriri o hloohong tsa rona ha o na ho lahleha, le hore lintho li tla khutlisetsoa ho phethahaleng.

Tsohong ea bafu, moea le ’mele li tla kopanngoa hammoho ’me li ke ke tsa arohana hape. Ka lerato la Hae le sehlabelo sa topollo ea Hae bakeng sa rona, Jesu o nehelane ka mpho e na e makatsang ho motho e mong le e mong ea kileng a phela lefats’eng lena.

Puisano

  • Ke likarohano life tse peli tse teng lefats’eng la moea?

  • Ke bo mang ba tlang ho ba paradeising? Koea e paradeising e etsa eng?

  • Ke mang ea tla ho ba toronkong ea moea? Ho etsahalang moo?

Bohle Re tla Ahloloa Kahlolong ea Ho Qetela

Re ahloloa ha ngata nakong ea bophelo ba rona bosafeleng. Re ile ra ahloloa ha re ntse re lula le Ntat’a rona ea Maholimong ho bona hore na re lokeloa ke ho tla lefats’eng ho fumana ’mele. Re ahloloa ha re le mona ho bona na re lokeloa ke ho kolobetsoa. Banna ba ahloloa ho bona hore na ba lokeloa ke ho nehoa boporista. Re ahloloa ho bona hore na re lokeloa ke ho kena tempeleng ho amohela litlhohonolofatso tse ikhethang. Kamor’a hore re shoe, re ea ahloloa, ’me moputso oo re o fumanang o tla ipapisa le hore na re phetse joang lefats’eng.

Kamor’a hore re tsohe bafung, re tla tlisoa kapele ho Ntat’a rona ea Maholimong ho ahloloa la ho qetela. Sena se bitsoa Kahlolo ea Ho Qetela. Kahlolo ena ea ho qetela e tla etsa qeto ea hore na re tla phela ka ho sa feleng kae. Re tla ahloloa ka lintho tseo re li buileng le tseo re li entseng le tseo re li nahanneng bophelong bona. Re tla ahloloa ka hore na re bile balateli ba joang ba Jesu. Re tla ahloloa ka lingoliloeng tse ileng tsa bolokoa mona lefats’eng le maholimong. Ntat’a rona ea Maholimong o tla bolella Jesu ho re ahlola.

Jesu o re rata haholo empa ke moahloli ea lokileng ’me O tlameha ho re ahlola ka mokhoa oa bophelo oo re o phetseng. Tsohle tseo re li nahanneng kapa ho li bua kapa ho li etsa lia ngoloa, likelellong le lingoliloeng tse bolokiloeng. Jesu o tseba mesebetsi ea rona eohle, ’me ha re ema kapele ho Eena re tla li hopola le rona.

Puisano

  • Bolela nako eo re tla ahloloa ka eona.

  • Ke life lintho tse ling tseo re tla li ahloleloa?

Re Etsa Qeto ka Liketso tsa Rona tsa Letsatsi ka Leng, Se Tlang ho Etsahala ka Rona Kamor’a Hore re Shoe

Ha re etsa tse lokileng bophelong ba rona, re tla itlhophela ho phela ka ho sa feleng le Ntat’a rona ea Maholimong le bahto ba lokileng lefats’eng. Haeba ha rea latela litaelo tsa Ntat’a rona ea Maholimong, re tla ikutloa re le babe ha re ema kapele ho Jesu re ahloloa.

Baporofeta ba boletse hore mantsoe a rona, menahano ea rona, le mesebetsi eohle ea rona e tla re tlisetsa litlamorao tse bosula haeba re bile babe. Ba boletse hore ba khopo ba tla ema kapele ho Jesu ka lihlong le ho ikutloa molato ’me ba lakatse ho ipatela boteng ba Hae.

Bakeng sa motho ka mong ea ileng a phela lefats’eng lena, letsatsi la Kahlolo ea ho Qetela e tla ba le monate kapa le bohloko. Re lokela ho itlhophela nako ena e tlang hore letsatsi la rona e tle e be la thabo. Re batla ho tseba ho ema kapele ho Ntate ea Maholimng kantle le ho ba lihlong ’me re utloe A amohela tseo re li entseng maphelong a rona.

Re lokela ho nahana ka kahlolo ena ea ho qetela. Re lokela ho ba le tumelo ho Jesu, re bake libeng tsa rona ho fihlela qetellong ea maphelo a rona hore re tle re lokele letsatsi leo. Ke eona feela tsela eo re ka lokolohang libeng tsohle ha nako ena e fihla. Ha re na le tumelo ho Jesu Kreste me re baka libe tsa rona, Ntat’a rona ea Maholimong o tla re ts’oarela libe tsa rona a be a re thuse ho ba ntle le sebe ka botlalo. Ha re na le tumelo ho Jesu Kreste, re tla qeta maphelo a rona re etsa lintho tse lokileng, re nahana lintho tse lokileng, re bile re bua lintho tse lokileng. Re tla qoba batho, libuka, le libaka tse ka re etsang hore re nahane bobe kapa re se ke ra loka ka tsela efe kapa efe.

Ntat’a rona ea Maholimong o rata e mong le e mong oa rona, ’me O batla re lokeloe ke ho khutlela boteng ba Hae. Haeba re lakatsa ho phela le Eena le batho ba lokileng beo re ba ratang, re tlameha ho lumela ho Jesu Kreste ’me re etse lintho tseo a re laelang ho li etsa. Re tlameha hape ho thusa malapa a rona ho phela bophelo bo lokileng. Ntat’a rona ea Maholimong o tla re thusa. O re nehile evangeli ho re bonts’a tsela ’me o re boleletse hore re ka Mo rapela kamehla ho kopa thuso.

Puisano

  • Hobaneng ha menahano le liketso tsa rona tsa letsatsi ka leng li le bohlokoa?

  • U ka etsa eng ho ntlafatsa menahano, mantsoe, le liketso tsa hau?

  • Hobaneng re hloka thuso ea Ntat’a rona ea Maholimong hore re phethahale?

  • Ke hobaneng ha e le ka tumelo ho Jesu Kreste feela re ka ahloloang ka ho loka hore re tle re lule le Ntat’a rona ea Maholimong?

Hatisa