Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 21: Lits’ebeletso


Khaolo ea 21

Lits’ebeletso

Ke eng seo banna le bashanyana ba ka se etsang ka boporista?

Ka Boporista, Banna Ba Na Le Tokelo E ts’oanang Le Ea Jesu Ea Ho Etsa Lits’ebeletso

Lits’ebeletso ke liketsahalo tse halalelang tse etsoang ke ba nehiloeng tokelo ea boporista. Kolobetso, tiiso, peo ea matsoho ho bakuli ho ba folisa, le tlhohonolofatso le ho nehelana ka selallo, ke tse ling tsa lits’ebeletso.

Ha Jesu a le lefats’eng o ile a etsa lits’ebeletso ho thusa batho. O ile a folisa ba kulang a ba a etsa sefofu se bone. O ile a etsa hore litholo li utloe a ba a tsosa batho bafung. O ile a nehelana ka selallo ho balateli ba Hae.

Jesu o nehile banna ba nang le boporista matla le tokelo ea ho etsa lits’ebeletso. Banna le bahlankana ba lokeloang, ba nang le boporista ba ka etsa lits’ebeletso. Ba etsa lits’ebeletso ho re hlohonolofatsa le ho re thusa ho ba joaloka Ntat’a rona ea Maholimong. Lits’ebeletso li re thusa hore re itlhophele ho ea phela le Eena.

Hobane Jesu o nehelane ka boporista ho banna lefats’eng kajeno, re ka fumana litlhohonolofatso tse ngata maphelong a rona. Re ka kolobetsoa, ra amohela mpho ea Moea o Halalelang ra ba ra tlamahanngoa ha ’moho le malapa ka ho sa feleng.

Baokameli ba mekhatlo ba lokela ho ruta litho tsa mokhatlo ho etsa lits’ebeletso. Ha monna ea nang le boporista a etsa ts’ebeletso ea sa e tsebeng, o lokela ho botsa mookameli oa hae oa mokhatlo oa boporista ho mo ruta.

Puisano

  • Ke hobaneng lits’ebeletso li etsoa?

Setśoantśo
The Last Supper [Lijo tsa Ho qetela tsa Mantsiboea], ka Carl Heinrich Bloch

Jesu o thehile selallo ka letsatsi la ho qetela la lijo tsa mantsiboea le Ba-Apostola ba Hae.

Lits’ebeletso Li Etsetsoa Ho Re Thusa

Kolobetso

Kolobetso ke ts’ebeletso ea pele ea evangeli ea Jesu Kreste. Pele ho kolobetso, batho ba lokela ho ba le tumelo ho Jesu, ba bakele libe tsa bona, ba batle ho etsa lintho tseo Jesu a li rutileng.

Ke motho ea nang le boporista feela ea ka kolobetsang ba bang. Ho kolobetsa motho ofe kapa ofe, o lokela ho ba le tumello e hlahang ho mobishopo kapa mookameli oa lekalana. Motho ea kolobetsang o kena ka har’a metsi le motho ea kolobetsoang. Motho ea kolobetsang o bitsa ea kolobetsoang ka lebitso ’me a etse thapelo e khuts’oanyane. Ebe o kenya motho ea kolobetsoang ka har’a metsi ka botlalo ’me a mo nts’e ka har’a metsi hape.

Thapelo eo motho eo a e etsang e re; “Ke le morumuoa oa Jesu Kreste, ke u kolobetsa ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang. Amen.”

Puisano

  • Ke efe ts’ebeletso ea pele ea evangeli ea Jesu Kreste?

Ho Fana Ka Mpho ea Moea o Halalelang

Kamor’a kolobetso, banna ba nang le boporista ba Melkisedeke ba beha matsoho hloohong ea motho e be e mong oa bona o etsa thapelo e ikhethang. Thapelong eo, ba tiisa motho joaloka setho sa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno ba re ho eena, “Amohela Moea o Halalelang.” Hona ho bolela hore motho o amohela tokelo ea ho ba le tataiso ea Moea o Halalelang kamehla, ha motho a leka ka bots’epehi ho mamela litaelo tsa Jesu. Phano ena ea Moea o Halalelang ke ts’ebeletso ea bobeli ea evangeli ea Jesu Kreste. Ebe ea etsang ts’ebeletso o neha motho tlhohonolofatso e tlisitsoeng ke Moea o Halalelang. Banna ba lokela ho ba le tumello ea mobishopo kapa mookameli oa lekalana ho neha motho mpho ea Moea o Halalelang.

Puisano

  • Ke mang ea ka fanang ka mpho ea Moea o Halalelang?

Ho Fuoa Boruti ka Peho Ea Matsoho Ho Boporista

Ho nehelana ka boporista ke ts’ebeletso. E lokela ho etsoa ke banna ba bang ba nang le boporista. Ba lokela ho ba le tumello ea mobishopo kapa mookameli oa lekalana ho fana ka Boporista ba Aarone, le ea mookameli oa setereke se ikemetseng ho fana ka Boporista ba Melkisedeke. Ke hlompho e kholo ho monna kapa mohlankana ho amohela boporista. Ba bolokang lits’episo tseo ba li entseng ha ba amohela boporista ba tla ba le boporista ka ho sa feleng.

Puisano

  • Ke bo mang ba nehelanang ka matla boporista ho ba bang?

Selallo

Motho ea nang le boporista o etsa thapelo ho hlohonolofatsa bohobe le metsi. Ebe eena le motho e mong ea nang le boporista ba nehelana ka leqhetsoana la bohobe le metsi ho litho tsa Kereke ho ja le ho noa. Sena se bitsoa selallo. Selallo ke ts’ebeletso.

Bohobe le metsi ke mats’oao a nama le mali tsa Jesu. Li re thusa ho hopola hore O entse bophelo ba Hae sehlabelo* bakeng sa rona. Re lokela ho hopola lerato la hae ho rona. Re lokela ho leboha hore O entse hore ho etsahale re ts’oareloe libe le ho ea phela le Ntat’a rona ea Maholimong.

Nako e ’ngoe le e ’ngoe ha re ja selallo, re etsa hape lits’episo tseo re li entseng ho Ntat’a rona ea Maholimong ha re ne re kolobetsoa. Re ts’episa hape hore re tla hopola Jesu kamehla, hore re ikemiselitse ho bitsoa ka lebitso la Hae, le hore re tla mamela litaelo tsa Hae kamehla. Pele re ja selallo, re lokela ho baka linthong tse mpe tseo re li entseng re be re nahane ka lits’episo tseo re li entseng.

Ntat’a rona ea Maholimong o re ts’episa hore ha re etsa lintho tsena tseo re ts’episitseng ho li etsa, O tla romela Moea o Halalelang hoba le rona kamehla.

Tlhohonolofatso Ea Bohobe

Jesu o re nehile lithapelo tse ikhethang tsa selallo. Ena ke thapelo ea bohobe:

“Oho Molimo, Ntate oa bosafeleng, re U kopa ka lebitso la Mora oa hau, Jesu Kreste, ho hlohonolofatsa le ho halaletsa bohobe bona ho meea ea bohle ba bo jang, hore ba tle ba je e le khopotso ea ’mele oa Mora oa hau, ’me ba pake ho Uena, Oho Molimo, Ntate oa bosafeleng, hore ba ikemiselitse ho inkela ho bona lebitso la Mora oa hau, ’me ba mo hopole kamehla, ’me ba boloke litaelo tsa hae tseo a ba fileng tsona; hore kamehla moea oa hae o tle o be le bona. Amen.”

Tlhohonolofatso ea Metsi

Ena ke thapelo ea metsi:

“Oho Molimo, Ntate oa bosafeleng, re U kopa ka lebitso la Mora oa hau, Jesu Kreste, ho hlohonolofatsa le ho halaletsa metsi ana ho meea ea bohle ba a noang, hore ba tle ba etse seo e le khopotso ea mali a Mora oa hau, a ts’olletsoeng bona; hore ba tle ba pake ho Uena, Oho Molimo, Ntate oa bosafeleng, hore ba mo hopole kamehla, hore moea oa hae o tle o be le bona. Amen.”

Puisano

  • Selallo ke eng?

  • Ke eng seo re lokelang ho se nahana nakong eo ba nang le boporista ba hlohonolofatsang le ho nehelana ka selallo?

  • Ke life lits’episo tseo re li etsang ha re ja selallo?

Tlhohonolofatso ea Bana

Banna ba nang le boporista ba ka hlohonolofatsa masea, libeke tse ’maloa kamor’a hore a tsoaloe. Ba lokela ho ba le tumello ea mobishopo kapa mookameli oa lekalana ho etsa sena. Ntate oa lesea a ka hlohonolofatsa lesea ha a na le Boporista ba Melkisedeke. Ha a sena Boporista ba Melkisedeke, a ke ke a hlohonolofatsa lesea kapa ho ba har’a banna ba hlohonolofatsang lesea. A ka kopa e mong ea nang le Boporista ba Melkisedeke ho hlohonolofatsa lesea. Ha ntate a na le Boporista ba Melkisedeke a bile a lokeloa, kapa motho e mong ea nang le Boporista ba Melkisedeke, o nka lesea ka matsoho, a thusoa ke e mong ea lokelang ho ba le Boporista ba Melkisedeke le eena, e be o etsa thapelo. Thapelong eo, o bua le Ntat’a rona ea Maholimong o re o etsa ts’ebeletso ka tokelo ea boporista ba Melkisedeke, ebe o neha lesea lebitso le khethiloeng ke batsoali. Ebe o hlohonolofatsa lesea joaloka ha Moea o Halalelang o mo susumetsa.

Puisano

  • Motho ea nang le Boporista ba Melkisedeke o etsa eng ho hlohonolofatsa lesea?

Tlhohonolofatso ea Bakuli

Ha batho ba kula, ba ka kopa banna ba nang le Boporista ba Melkisedeke ho ba hlohonolofatsa. Pele, e mong oa ba nang le boporista o tlotsa mokuli. O etsa sena ka ho ts’ela oli e halalelitsoeng hloohong, ebe o beha matsoho hloohong o etsa thapelo e ikhethang. Kamor’a sena, ba nang le boporista ba beha matsoho hloohong ea motho, ebe e mong oa bona o tiisa tlotso a be a hlohonolofatse motho ho latela na Moea o Halalelang o mo susumetsa joang. Batho ba bangata ba a ikutloe ba le ka mokhoa o fetisang kapa ba folile maloetse ha ba amohetse tlhohonolofatso ena ea boporista. Tlhohonolofatso ea bakuli ke ts’ebeletso.

Oli e sebelisoang ho tlotsa bakuli e halalelitsoe bakeng sa sena le ts’ebeletso e ’ngoe. Ho halaletsa oli, monna ea nang le Boporista ba Melkisedeke o ts’ela karolo e ’nyane ea eona ka har’a sets’elo se bulehileng ebe o etsa thapelo e ikhethileng.

Monna ea nang le Boporista ba Melkisedeke ha a hloke tumello ea mobishopo, mookameli oa lekalana, kapa mookameli oa setereke se ikemetseng ho etsa lits’ebeletso tsena.

Puisano

  • Ke mang ea ka hlohonolofatsang bakuli?

Ntate A Ka Hlohonolofatsa Litho tsa Lelapa La Hae

Ntate ea nang le Boporista ba Melkisedeke a ka hlohonolofatsa litho tsa lelapa la hae. A ka etsa sena ha e mong oa lelapa a kula kapa a hloka thuso e ikhethang. Ha a hloke tumello ea mobishopo, mookameli oa lekalana, kapa mookameli oa setereke se ikemetseng ho etsa sena. Ntate o beha matsoho hloohong ea motho ebe o etsa thapelo. Thapelong eo, o neha motho tlhohonolofatso eo Moea o Halalelang o mo bolellang ho mo neha. Tlhohonolofatso ea litho tsa lelapa ke ts’ebeletso.

Puisano

  • Ntate a ka hlohonolofatsa litho tsa lelapa la hae neng?

Lits’ebeletso Tse Ling Li Bohlokoa Hoo Bohle Ba Lokelang Ho Li Amohela

Lits’ebeletso tse ling li bohlokoa hore motho a tle a khutlele ho lula le Ntat’a rona ea Maholimong. Tse peli tsa lits’ebeletso tsena ke kolobetso le mpho ea Moea o Halalelang. Banna le bahlankana ba lokela ho amohela boporista. Lits’ebeletso tse ling joalo ka tlhohonolofatso eo ntate a e nehang ba lelapa la hae, li etsoa ha re hloka thuso le mats’eliso.

Puisano

  • Ke li fe lits’ebeletso tse ling?

  • Tlhohonolofatso e tlisoang ke tsona ke efe?

Hatisa