Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 6: Adama le Eva


Khaolo ea 6

Adama le Eva

Adama le Eva e ne e le bo mang? Ke eng seo ba se entseng ho re thusa?

Adama le Eva Ene e le Batho ba Pele ba Ho tla Lefats’eng

Ntat’a rona ea Maholimong o ile a reha batho ba pele Adama le Eva mona lefats’eng. Ene e le bana ba hae ba sebete ka ho fetisisa. Ba entse hore ho khonahale hore rona bohle re tle lefats’eng.

Maholimong Adama o ne a bitsoa Mikaele. E ne ele e mong oa baetapele ba rona. O ile a re etella pele ntoeng khahlanong le Satane. Mikaele e ne e le monna ea lokileng. O ile a etsa seo Ntat’a rona ea Maholimong a neng a batla a se etse. E ile ea ba motho oa pele lefats’eng.

Eva e ne e le morali ea lokileng oa Ntat’a rona ea Maholimong. Ntat’a rona ea Maholimong o ile a romela Eva lefats’eng ho ba mosali le mothusi oa Adama. Ntat’a rona ea Maholimong o ile a tseba hore ha ho a loka hore Adama a be mong. Adama ka bo-eena, o ne a ke ke a khona hore re be teng lefats’eng. Karolo ea Eva ka har’a moralo e ne ele bohlokoa joaloka ea Adama.

Puisano

  • Pele a tla lefats’eng, Adama o ile a bitsoa eng eaba o etsa eng?

  • Hobaneng Ntat’a rona ea Maholimong a ile a romela Eva ho ba le Adama?

Ts’imo ea Edene e ne ele Lehae la pele la Adama le Eva

Ntat’a rona ea Maholimong o ile a theha sebaka se setle lefats’eng bakeng sa Adama le Eva hore ba phele teng. Se ile sa bitsoa Ts’imo ea Edene. Ha Adama le Eva ba le Ts’imong ea Edene, ba ne ba na le ’mele oa nama le masapo o sa shoeng. Ba ne ba sena bana. Ba ne ba sa hloke ho lema kapa ho kotula kapa ho sebeletsa lintho tseo ba neng ba li hloka. Ba ne ba sa hopole bophelo ba bona ba maholimong. Ba ne ba sa tsebe botle kapa bobe.

Ts’imong ea Edene, Adama le Eva ba ne ba khona ho tsamea le Ntat’a rona ea Maholimong. O ile a ba bolella lintho tseo ba ts’oanelang ho li etsa. O ile a ba bolella hore ba hlokomele ts’imo le ho e boloka e le ntle. A ba bolella hore ba be le bana. O ile a ba laela hore ba je ka bolokolohi mefuta eohle ea litholoana ntle le ele ’ngoe. Ntat’a rona ea Maholimong o ile a ba laela hore ba se je tholoana ea sefate sa tsebo ea botle le bobe. O ile a ba lemosa hore ha baka se ja ba tla shoa.

Puisano

  • Bophelo ba Adama le Eva ba ts’imong ea Edene bo fapane joang le ba joale?

  • Ke eng seo Ntat’a rona ea Maholimong a ileng a se bolella Adama le Eva hore ba se se etse?

Setśoantśo
Adam and Eve [Adama le Eva], ka Lowell Bruce Bennett

Adama le Eva Ts’imong ea Edene.

Adama le Eva ba Arohana le Ntat’a rona ea Maholimong

Satane o ile a nahana hore o tla senya moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong. O ile a ea Ts’imong ea Edene a leka ho susumetsa Eva ho ja sefate sa tholoana ea botle le bobe. O ile a ba bolella hore ha ba ka se ja ba ke ke ba shoa. O ile a re ba tla tseba phapang pakeng tsa botle le bobe joaloka Ntat’a rona ea Maholimong. Eva o ile a lumela ho ja tholoana. Ha Eva a bolella Adama hore o jele tholoana, Adama o ile a tseba hore Eva o tlameha ho tloha ts’imong. O ile a ja tholoana le eena hore batle ba lule ’moho.

Maphelo a Adama le Eva a ile a fetoha kamora hore ba je tholoana eo Ntat’a rona ea Maholimong a ba boleletseng hore ba se ke ba e ja. Ntat’a rona ea Maholimong o ile a ba leleka Ts’imong ea Edene. Ba ne ba se ba sa bue le ho tsamaea le Eena. Ho tloha nakong eo, motho o ile a arohana le boteng ba Ntat’a rona ea Maholimong. Ho se be ponts’ng ea Ntat’a rona ea Maholimong ho bitsoa ho shoa moeeng.* Adama le Eva ba ile ba lokela ho phela lefats’eng ka ntle ho ts’imong e ntle. Ba ne ba lokela ho sebeletsa lintho tseo ba li hlokang.

’Mele ea bona e ile ea fetoha. Joale ba ne ba se ba ka ba le bana. Ba ne ba ka kula le ho utloa bohloko le mahlomola, ’me ka le leng ba ne ba tla shoa. Liphetoho tse bileng teng ho Adama le Eva li bitsoa Ho Oa ha Adama.

Liphetoho tsena li ama litloholo tsohle tsa Adama le Eva. Joaloka bona, le rona re na le matla a ho ba le bana; maloetse, bohloko, mahlomolale lefu l li ba teng ho rona.

Puisano

  • Keng seo Satane a se entseng ho leka ho senya moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong?

  • Maphelo a Adama le Eva a ile a fetoha joang kamora ho ja tholoana ea sefate sa tsebo ea botle le bobe?

  • Ho shoa moeeng ke eng?

  • Ho Oa ha Adama ke eng?

Ho oa ha Adama E ne Ele Karolo e Hlokahalang ea Moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong

Ntat’a rona ea Maholimong o ile a etsa moralo oa hore bana ba Hae bohle ba tle lefats’eng ho fumana ’mele oa nama le masapo. Kamora hore a leleke Adama le Eva Ts’imong ea Edene ba ile ba qala bo ba le bana. Hamorao bana ba bona ba nyala ba ba le bana. Ka tsela ena bana ba Ntat’a rona ea Maholimong ba moea ba ileng ba phea le eena, ba ile ba qala ho tla lefats’eng. Ka seo Adama le Eva ba se entseng, e mong le e mong oa rona o ile a khona ho tla lefats’eng ho fumana ’mele oa nama le masapo.

Ntat’a rona ea Maholimong o ile a rera hore bana ba Hae ba sebetseletse ho fumana lintho tseo ba li batlang le ho li hloka. Ho tloha ha Adama le Eva ba tloha Ts’imong ea Edene, bana ba Ntat’a rona ea Maholimong ba lefats’eng ba sebeletsa ho fumana lintho tseo ba li hlokang.

Kamora hore Adama le Eva ba je sefate seo Ntat’a rona ea Maholimong a ba boleletseng hore ba se ke ba se ja, ba ile ba ithuta phapang pakeng tsa botle le bobe. Joale, e mong le e mong oa rona lefats’eng aka ithuta phapang ea botle le bobe ’me a ikhethela ho etsa botle kapa bobe.

Ha Ntat’a rona ea Maholimong a leleka Adama le Eva Ts’imong ea Edene, ba ile ba qala ho ithuta lintho tseo a neng a batla hore ba li etse. Ba ile ba Mo mamela ’me ba ruta le bana ba bona ho Mo mamela. E mong le e mong oa rona o ts’oanela ho ithuta lintho tseo Ntat’a rona ea Maholimong a batlang re li etse, re be re Mo mamele re rute le bana ba rona hore ba Mo mamele.

Puisano

  • Na Satane o ile a senya moralo Ntat’a rona ea Maholimong?

  • Hobaneng re ts’oanela ho leboha ka tseo Adama le Eva ba re etselitseng tsona?

Hatisa