Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 17: Balateli ba Jesu Kreste


Setśoantśo
Abraham on the Plains of Mamre [Abrahama Lithoteng tsa Mamre], ka Grant Romney Clawson

Abrahama o entse selekane le Morena.

Khaolo ea 17

Balateli ba Jesu Kreste

Balateli ba Jesu Kreste ba fapane le batho ba bang. Ke bo mang balateli ba Hae? Ba fapane joang?

Balateli Ba Jesu Ba Rata Ntat’a rona ea Maholimong

Balateli ba Jesu ke batho ba lumelang ho Eena ba bile ba Mo mamela. Ba ithuta moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong joaloka ha o rutiloe ke Jesu ebile ba batla ho o latela. Ba rata Ntat’a rona ea Maholimong ’me ba lumela hore o batla tse molemo feela bakeng sa bohle. Ba lumela hore Jesu ke Mora oa Ntat’a rona ea Maholimong. Ba lumela hore Jesu ke Mopholosi oa bona. Ba lumela hore ke ka Jesu ba tlang ho khutlela ho phela le Ntat’a rona ea Maholimong. Ba lumela hore ke ka ho latela Jesu feela le ho mamela litaelo tsa Hae ba ka ts’oareloang libe le ho khutlela ho Ntat’a rona ea Maholimong.

Ba latelang Jesu ba leboha Molimo le Jesu ka tseo Ba ba etselitseng tsona. Ba batla ho mamela Jesu. Ba baka libeng tsa bona. Ba ea kolobetsoa ba be ba amohele mpho ea Moea o Halalelang. Ba utloisisa hore batho bohle ba bohlokoa ho Molimo. Ba leka ho thusa batho ba bang ka eng kapa eng.

Balateli ba ’nete ba Jesu ba etsa lits’episo tse halalelang. Ba etsa ts’episo ho Ntat’a rona ea Maholimong hore ba bitsoe ka lebitso la Jesu Kreste. Sena se bolela ho tsejoa joaloka setho sa Kereke ea Hae, ho amohela le ho latela lithuto tsohle tsa Hae, le ho mo hopola kamehla. Ba ts’episa ho rata le ho thusa batho ba bang.

Ntat’a rona ea Maholimong o etsa liepiso tse halalelang ho balateli ba Jesu. Tse ling tsa lits’episo tseo A li etsang ke hore O tla:

  1. Ba amohela joaloka litho tsa Kereke ea Jesu Kreste.

  2. Ba neha Mpho ea Moea o Halalelang.

  3. Ba thusa ho fumana lintho tseo ba li hlokang.

  4. Ba neha matla a Hae hore ba tsebe ho Mo sebeletsa.

  5. Ba neha mahlohonolo ha joale le ka ho sa feleng.

  6. Ba lumella ho phela le Eena ha ba tsoelapele ho mamela Jesu.

Puisano

  • Balateli ba Jesu Kreste ba fapane le batho ba bang joang?

  • Balateli ba Jesu ba ts’episa ho etsa eng?

  • Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu ba ts’episa balateli ba Jesu eng?

Setśoantśo
Moses Calls Aaron to the Ministry [Moshe O Bitsetsa Aarone Bosebeletsing], ka Harry Anderson

Moshe o ile a neha Aarone matla a boporista ka peho ea matsoho.

Jesu O Nehelana ka Boporista Ho Ba Batona Ba Kereke ba Lokelang

Jesu o neha litho tsa Kereke tsa ba batona tokelo ea ho Mo thusa ho etsa mosebetsi oa Hae. Tokelo ena e bitsoa boporista. Ntat’a rona ea Maholimong o nehile Jesu tokelo ena.

Ho ba le boporista ke tlhohonolofatso e kholo. Boporista ke tokelo e halalelang. Ke ba batona feela bao e leng balateli ba ’nete ba Jesu ba bile ba sebetsa ka bots’epehi ho boloka litaelo tsa Hae, ba lumeletsoeng ho ba le boporista.

Ha monna a ena le boporista, a ka etsa lintho tse itseng tseo Jesu a batlang a li etse. A ka ruta batho ba bang ka Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu, a kolobetsa, a fana ka mpho ea Moea o Halalelang. Monna ea nang le matla a boporista a ka hlohonolofatsa ba lelapa la hae ha ba kula leha bana le mathata a mang. Neng kapa neng ha batho ba ile ba lumela ho Jesu ba mamela litaelo tsa Hae, Jesu o be a ba nehile boporista le litaelo tse ling.

Puisano

  • Boporista ke eng?

  • Hobaneng ha Jesu a Nehelana ka Boporista ho ba batona ba Kereke ba Lokelang?

Batho Ba Bangata Ba ile Ba Lumela Ho Jesu Ba Latela Litaela tsa Hae Pele A Tla Lefats’eng

Adama le Eva Le Ba Bang Ba Bana Ba Bona Ba ile Ba Lumela Ho Jesu Ba Latela Litaelo tsa Hae Pele A tla Lefats’eng

Ntat’a rona ea Maholimong o ile a bolella Adama le Eva ho lumela ho Jesu Kreste le ho mamela litaelo tsa Hae. Ba ile ba bolelloa hore O tla tla lefats’eng ka le leng. Adama le Eva ba ile ba ts’episa hore ba tla mamela. Ba ile ba boloka ts’episo ea bona. Ba ile ba kolobetsoa, ba ba ba amohela mpho ea Moea o Halalelang.

Pele Jesu a tla lefats’eng, O ile a neha Adama boporista. O ile a lumella Adama ho nehelana ka boporista ho bara ba hae ba neng ba mamela Jesu. Adama o ile a beha matsoho lihloohong tsa bara ba hae ba neng ba mamela ’me a ba neha boporista. Hamorao, bara ba Adama ba ile ba neha bara ba bona boporista ka tsela e ts’oanang.

Puisano

  • Ke eng seo Adama le Eva ba ileng ba se etsa ho ba balateli ba Jesu?

  • Balateli ba Jesu Kreste ba ile ba amohela boporista joang?

Abrahama O ile A Hlohonolofatsa Jesu ’Me A Latela Litaelo tsa Hae

Abrahama le lelapa la hae ba ile ba lumela ho Jesu. Ba ile ba lumela hore O tla tla lefats’eng ka le leng. Abrahama o ile a ts’episa Ntat’a rona ea Maholimong hore o tla mamela Jesu a etse mosebetsi oa Hae. Ntat’a rona ea Maholimong o ts’episitse Abrahama hore ha a ka mamela, O tla mo hlohonolofatsa eena le litloholo tsa hae. Tsena ke tsa tse ling tseo Ntat’a rona ea Maholimong a li ts’episitseng:

  1. O tla neha Abrahama le litloholo tsa hae boporista.

  2. O tla neha Abrahama le litloholo tsa hae lefats’e leo ba tlang ho phela ho lona.

  3. O tla neha Abrahama litloholo tse ngata.

  4. Litloholo tse ngata tsa Abrahama e tla ba balateli ba Jesu.

  5. Litloholo tse ngata tsa Abrahama li tla ikhethela ho etsa mosebetsi oa Jesu ba be ba rute batho ba bang ka Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu.

Abrahama o rutile bana ba hae ho lumela ho Jesu le ho mamela litaelo tsa Hae. Abrahama o ile a neha mora oa hae Isaka boporista. Isaka o ile a neha mora oa hae Jakobo boporista boporista. Hamorao, Ntat’a rona ea Maholimong o ile a fetolela lebitso la Jakobo ho Iseraele. Iseraele o ne a e na le bara ba leshome le metso e ’meli. O ile a ba ruta ho lumela ho Jesu le ho mamela litaelo tsa Hae. Ba ne ba na le boporista. Litloholo tsa bara ba Iseraele li ne li bitsoa meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.

Puisano

  • Ke eng se Ntat’a rona ea Maholimong a ileng a se ts’episa Abrahama?

  • Iseraele e ne ele mang?

Batho Ba Iseraele Ba Ne Ba Lumela Ho Jesu Ba Mamela Litaelo tsa Hae

Hobane ho ne ho sena lijo tse lekaneng lefats’eng la bona, Iseraele o ile a romela bara ba hae ho ea phela Egepeta. Ka nako eo batho ba neng ba phela Egepeta ba ne ba sebelisa sechaba sa Iseraele ka thata. Ba ile ba ba qobella ho lula Egepeta hore e be basebeletsi ba bona. Ba ne ba sa ba lumelle ho khutlela lefats’eng leo Jesu a ba ts’episitseng lona.

Lilemo tse ngata hamorao, Ntat’a rona ea Maholimong o ile a khetha monna ea bitsoang Moshe ho etella pele sechaba sa Iseraele ho se nts’a Egepeta. Moshe o ile a sebelisa matla a boporista ho ba thusa ho phonyoha ho batho ba Egepeta. O ile a ba isa lefats’eng leo Jesu a ba ts’episitseng lona. Lefats’e lena le ne le bitsoa Kanana. Le ne le le ka bophirima ho Noka ea Jordane le leoatle le Shoeleng.

Puisano

  • Ke matla a fe ao Moshe a ileng a a sebelisa ho thusa batho ba Jesu ho phonyoha Egepeta?

Batho Ba Iseraele Ba ile Ba Emisa Ho Lumela Ho Jesu

Ka mor’a lilemo tse ngata sechaba sa Iseraele se phela lefats’eng la Kanana, se ile sa emisa ho lumela ho Jesu le ho lumela litaelo tsa Hae. Jesu o ile a romela baporofeta ho ba bolella hore ba bake ’me ba mamele litaelo tsa Hae. Esaia, Elia, le Jeremia ke ba bang ba baporofeta bao Jesu a ileng a ba romela. Ho ne ho ena le baporofeta ba bangata.

Empa sechaba sa Iseraele ha se ka ba sa baka. Ka hona Ntat’a rona ea Maholimong o ile a lumella lichaba tse ling ho tla ba busa le ho nka lefats’e la bona ’me ba ba hasanya mafats’eng a mang. Hona ho ile hoa etsa hore sechaba se ikokobetse se be se hopole Jesu le ho Mo mamela. Empa lilemo tse ngata pele ho tsoalo ea Jesu Bethlehema, sechaba sa Iseraele se ile sa ba khopo hape, ’me Ntat’a rona ea Maholimong o ile a lumella sechaba se bitsoang Ba-Roma ho ts’oara sechaba sa Iseraele. Ba ile ba nka taolo lefats’eng la bona le meaho ea bona e halalelang.

Puisano

  • Ho etsahala eng ha sechaba se lebala lits’episo tseo ba li entseng ho Ntat’a rona ea Maholimong ba bile ba emisa ho mamela Jesu?

Jesu O Tlile Lefats’eng ’Me A Hlophisa Balateli Ba Hae

Ha Jesu a tlile lefats’eng, O rutile batho hore ke Mora oa Molimo. O rutile hore ba ke ke ba sotleha ka ho sa feleng ka lebaka la libe tsa bona ha ba ka ba mamela lithuto tsa Hae. O ba boleletse hore ba lumele ho Eena le hore ba bake. O ba boleletse hore ba lokela ho kolobetsoa. O ile a ts’episa ho romela Moea o Halalelang ho ba thusa. O ile a ba ruta ho rata le ho mamela Molimo. O ile a ba ruta ho rata le ho thusa batho ba bang.

Batho ba ileng ba lumela ho Jesu, ba mo mamela, ba ile ba fetoha balateli ba Hae. O ile a hlophisa batho ba Hae a ba etsa sehlopha se bitsoang Kereke ea Jesu Kreste. O ile a nehelana ka boporista ho banna bao e neng e le baetapele le baruti ka har’a Kereke ea Hae.

Puisano

  • Jesu o ile a thusa batho joang ho re ba mo latele?

  • Ke eng seo batho ba se hlokang ho ba balateli ba Jesu?

Ho Ba E Mong Oa Balateli Ba Jesu Ke Tlotla E Kholo

Ba latelang Jesu ba thabile. Ba tseba moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong ka bona. Ba ea tseba hore Ntat’a rona ea Maholimong o oa ba rata. Ba ea tseba hore O batla ba latele Jesu hore Jesu a tle a ba thuse ho khutlela ho Eena. Ba tseba lintho tseo ba lokelang ho li etsa hore ba thabe. Ba na le mpho ea Moea o Halalelang ho ba thusa le ba mots’elisi oa bona. Ha ba na le mathata ba ea tseba hore Jesu o tla ba thusa. Ba ea tseba hore Molimo o tla ba hlohonolofaletsa hore ba na le tumelo ea ho latela Jesu.

Ba latelang Jesu ba leboha ka litlhohonolofatso tse ngata tseo Ntat’a rona ea Maholimong a ba nehang tsona. Ba leboha Ntat’a rona ea Maholimong ka litlhohonolofatso ha ba rapela.

Batho bao e seng balateli ba Jesu e ka ba balateli ba Hae. Ba ka ithuta ka Eena ka ho bala mangolo a halalelang le ka ho mamela baetapele ba Kereke ea Hae. Ba ka lumela ho Eena, ba baka, ’me ba kolobetsoa. Ha ba mamela Jesu, ba ka amohela lintho tseo Molimo a ileng a li ts’episa balateli ba Jesu.

Puisano

  • Hobaneng e le tlotla e kholo ho ba e mong oa balateli ba Jesu?

Hatisa