Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 8: Ho Bua le Ntate ea Maholimong


Khaolo ea 8

Ho Bua le Ntate ea Maholimong

Ntat’a rona ea Maholimong o re rata haholo. O entse tsela ea hore re bue le Eena ka nako eohle eo re hlokang ho etsa joalo. Re ka bua le Ntat’a rona ea Maholimong joang?

Re ka Bua le Ntat’a rona ea Maholimong

Ho bua le Ntat’a rona ea Maholimong ho bitsoa thapelo. Leha Ntat’a rona ea Maholimong a lula maholimong, re ka bua le Eena ’me a re utloa. O batla ho re thusa. O re kopile hore re bue le Eena. Ha re bua le Eena, O tla re thusa ho etsa lintho tse ntle.

Re ka bolella Nta’ta rona ea Maholimong lintho tseo re li nahanang. Re ka mo bolella hore rea Mo rata. Re ka Mo bolella hore rea leboha ka lintho tseo A re fileng tsona. Re ka Mo kopa hore A re thuse.

Re ka bua le Ntat’a rona ea Maholimong ka nako efe kapa efe eo re hlokang. Re lokela ho bua le Eena moo re leng bang. Ha rele bang re ka bua le Eena ka boikutlo ba botho le ka mathata a rona. Re lokela ho bua le Eena bonyane hoseng ho hong le ho hong le bosiu.

Re lokela ho bua le Eena re le ha ’moho le ba malapa a rona. Re ka etsa sena kamehla hoseng le bosiu. Re ka etsa sena hape pele ho lijo ha re Mo leboha ka tsona.

Ntat’a rona ea Maholimong a ke ke hlola a emisa ho batla hore re bue le Eena. O tla lula a re rata a bile a batla ho re thusa kamehla. Le ha re etsa lintho tse mpe, O ntse a re rata. O tla re mamela le ho re thusa.

Puisano

  • Hobaneng re lokela ho bua le Ntat’a rona ea Maholimong?

  • Re lokela ho bua le Eena neng?

Setśoantśo
Ngoanana o khumame oa rapela

Re lokela ho rapela ka bonngoe le ka malapa hoseng le bosiu.

Ntat’a rona ea Maholimong O Re Bolelletse Mokhoa oa Ho bua le Eena

Ha re rapela re lokela ho bolella Nta’ta rona ea Maholimong ka moo re ikutloang le lintho tseo re li hlokang. Ha rea lokela ho bua mantsoe a ts’oanang nako eohle ha re bua le Eena. Ha rea lokela ho hoelehetsa kapa ho phetha-pheta lintho.

O re rutile tsela ea ho bua le Eena. Re lokela ho bua le Eena ka kotloloho re re; “Ntat’a rona ea Maholimong” kapa mantsoe a ts’oanang le oona. Re lokela ho bua le Eena ka lerato le hlompho.

Re lokela ho Mo leboha ka lintho tseo A re etselitseng tsona.

Tsena ke lintho tseo re lokelang ho Mo leboha ka tsona:

  1. Re Mo leboha ka lefats’e le letle, ka lijo, liaparo le lintho tse ling tseo re nang le tsona.

  2. Re lokela ho Mo leboha ka lithuto tsa Hae le bokhoni ba ho ithuta haholo ka Eena.

  3. Re lokela ho Mo leboha ka malapa a rona, metsoalle, bophelo bo botle, le ka mosebetsi.

Joale ebe re kopa lintho tseo re li hlokang ho Eena. Tsena ke lintho tseo re lokelang ho Mo kopa tsona:

  1. Re ka Mo kopa hore A re thuse ho tseba lintho tseo e leng ’nete le tseo e seng ’nete.

  2. Re ka Mo kopa hore A re sireletse le malapa le bahaisane ba rona.

  3. Re ka Mo kopa hore A re thuse ho etsa lintho tseo a batlang hore re li etse.

  4. Re ka Mo kopa hore A re thuse ho etsa likhetho tse nepahetseng.

  5. Re ka Mo kopa hore A re thuse ho baka libeng tsa rona.

  6. Re ka Mo kopa hore A re thuse ho fumana lijo tse lekaneng tsa tsetsatsi.

  7. Re ka Mo kopa hore A re thuse ho rarolla mathata a rona.

  8. Re ka Mo kopa hore A thuse ba malapa a rona le metsoalle ho rarolla mathata ao ba nang le oona.

Re lokela ho qetella thapelo ea rona ka hore, “Ka lebitso la Jesu Kreste, amen.” Sena se re thusa ho hopola hore Jesu ke Mopholosi oa rona. Jesu o sebetsa tlasa taolo ea Ntat’a rona ea Maholimong ho re thusa ka tsohle tseo re li hlokang. Re lokela ho bua ka lebitso la Jesu ka hlompho.

Puisano

  • Ha re bua le Ntat’a rona ea Maholimong, re qala joang?

  • Ke li fe lintho tseo re lokelang ho Mo leboha ka tsona?

  • Ke lintho li fe tseo re lokelang ho Mo kopa tsona?

  • Re re eng ha re qeta ho bua le Ntat’a rona ea Maholimong?

Ntat’a rona ea Maholimong O Re Araba Kamehla

Re na le bonnete ba hore Ntat’a rona ea Maholimong o oa re mamela. O tseba lintho tse ntle bakeng sa rona. O lula a itukiselitse ho re thusa.

Ntat’a rona ea Maholimong o re romella likarabo ka Moea o Halalelang. Moea o Halalelang o re thusa ho utloisisa lintho tseo re lokelang ho li tseba le ho li etsa. Ka nako e ’ngoe Moea o Halalelang o susumetsa motho e mong ho re thusa.

Re lokela ho ikemisetsa ho amohela likarabo tseo Ntat’a rona ea Maholimong a re fang tsona. A ka ’na a se ke a re neha lintho tseo re li kopang. A ka ’na a se ke a re araba ka tsela eo re lebeletseng ka eona. O tseba se re ts’oanetseng.

Puisano

  • Ntat’a rona ea Maholimong o re araba joang?

  • Hobaneng a sa re nehe lintho tseo re li kopang kamehla?

Re Ka Ba Batho Ba Betere Ha Re Rapela

Ho a etsahala hore re se ke ra tseba lintho tse nepahetseng tseo re li etsang. Ho ka etsahala hore e ts’ohe. Ho ka etsahala hore re se ke ra tseba ho rarolla mathata a rona. Ho ka etsahala hore re se ke ra tseba lintho tseo e leng ’nete le tseo e leng leshano. Ho a etsahala hore re tsebe lintho tse nepahetseng tseo re lokelang ho li etsa empa re hloke matla a lekaneng ho li etsa.

Ha re bua le Ntat’a rona ea Maholimong khafetsa, O re thusa ka mathata a rona. O re thusa ho tseba ho etsa lintho tse lokileng. Ha re tseba, le ho etsa lintho tse lokileng, re ba batho ba betere. Re ba joaloka Ntat’a rona ea Maholimong.

Puisano

  • Re ba batho ba betere joang ha re bua le Ntat’a rona ea Maholimong?

Hatisa