Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 1: Molimo o Teng


Khaolo ea 1

Molimo o Teng

Ka linako tse ling batho ba ea ipotsa: Na Molimo o teng? Haeba Molimo o teng, o sebopeho se joang? Nka tseba joang ka eena?

Lintho tse Ngata Li ea Re Bonts’a Hore Molimo o Teng

Ha re sheba lintho tse ngata tse ntle lefats’eng, re ea tseba hore ho teng ea bohlale ea li ralileng le ho li etsa. Bosiu ha re bona linaleli tse ngata le lipolanete li sisinyeha libakeng tsa tsona, re ea tseba hore hona le ea nang le matla a maholo ea li entseng le ho li laola. Molimo ke eena ea entseng lintho tsohle.

Hona le banna ba lokileng ba ileng ba bona le ho bua le Molimo. Ba re boleletse sebopeho sa Molimo le hore na O batla re etse eng. Ba re boleletse hore ke Ntat’a rona ea Maholimong. Ba ngotse libuka tse halalelang hore re ithute ka Eena.

E mong le e mong oa rona a ka tseba hore Molimo o teng le hore ke Ntat’a rona ea Maholimong. O tla re thusa ho tseba hore ehlile O teng ebile re ka tseba haholo ka Eena.

Puisano

  • Ke life lintho tse bonts’ang hore Molimo o teng?

Ntat’a rona ea Maholimong ke Motho ea Phethehileng

Banna ba lokileng ba ileng ba bona Ntat’a rona ea Maholimong, ba re ehlile O teng. O oa Phela. O shebahala joaloka motho.

Ntat’a rona ea Maholimong hase molingoana kapa eona phoofolo. O na le ’mele oa nama le masapo. ’Mele oa Hae o shebahala joaloka oa motho, empa o fapane.

’Mele oa Hae o ke ke oa shoa. ’Mele oa Hae ha o utloe bohloko ha o kule.

O na le maikutlo. A ka ikutloa a thabile kapa a koatile. O rata batho bohle ebile O batla bohle ba thabe. O mosa o hloka leeme. O etsa lintho tse ntle feela, ’me O bua ’nete feela. O tseba lintho tsohle. A ka etsa lintho tsohle. O potiloe ke khanya. Khanya le botle ba hae li fetisa tsohle tseo re kileng ra li bona.

Ntat’a rona ea Maholimong ke eena feela eo re tlamehang ho mo khumamela. O lula sebakeng se bitsoang maholimong. Ke sebaka se setle ho feta lefats’e.

Puisano

  • Molimo ke motho ea joang?

  • Molimo o fapana joang le rona?

Ntat’a rona ea Maholimong O Re Bonts’a Lerato ka Litsela tse Ngata

Ntat’a rona ea Maholimong o sebelisa matla a hae ho re thusa. O ile a laela Mora oa hae Jesu ho etsa maholimo le lefats’e. O ile a laela Mora oa hae Jesu ho etsa letsatsi, khoeli le linaleli. O ile a laela Mora oa hae Jesu ho beha limela le liphoofolo lefats’eng. Ntat’a rona ea Maholimong o entse lintho tsena bakeng sa rona hobane o oa re rata. O batla ho re thusa hore re loke re be re thabe.

Ntat’a rona ea Maholimong o sebelisa tsebo ea hae ho re thusa. O tseba tsohle tse etsahetseng nakong e fetileng. O tseba tsohle tse etsahalang nakong ena. O tseba le tse tlang ho etsahala nakong e tlang. O tseba menahano ea rona bohle. Hobane O tseba lintho tsohle, O tseba tseo re li hlokang hore re thabe. O oa tseba hore, hore re thabe e le kannete re tlameha ho loka. O batla ho re thusa ho loka hobane O oa re rata.

Puisano

  • Ntat’a rona ea Maholimong o re bonts’a lerato joang?

Ntat’a rona ea Maholimong O Batla re Mo Tsebe

Hobane Ntat’a rona ea Maholimong o oa re rata, o re file bophelo le lefats’e le letle hore re phele ho lona. O batla re tsebe lintho tseo re ts’oanelang ho li etsa. O re ts’episitse hore re ka Mo tseba.

Ho etsa lintho tsena, ho ka re thusa ho ithuta ka Ntat’a rona ea Maholimong:

  1. Re ka sheba lefats’e leo a le entseng ’me ra tlala ka teboho.

  2. Re ka lumela hore Ntat’a rona ea Maholimong ehlile o oa phela ebile o oa re rata.

  3. Re ka bala lintho tse ntle tse ngoliloeng ke banna ba lokileng ka Ntat’a rona ea Maholimong.

  4. Re ka ithuta ’me ra etsa lintho tseo a batlang hore re ithute tsona le ho li etsa.

  5. Re ka bua le Ntat’a rona ea Maholimong, ra kopa hore a re thuse re mo tsebe.

Ho tseba Ntat’a rona ea Maholimong ho ka re thusa maphelong a rona. Ho Mo tseba ho ka re thusa ho thaba le ho ikutloa re bolokehile. O lokile ebile a ke ke a etsa lintho tse mpe ho rona. Re ka ithuta lintho tseo a batlang hore re li etse. Re ka ithuta ka moo re ka kopang thuso ea Hae. Re ka ba batho ba betere ’me ba thabileng.

Puisano

  • Re ka etsa eng ho tseba le ho utloisisa Ntat’a rona ea Maholimong?

  • Ho tseba Ntat’a rona ea Maholimong ho ka re thusa joang?

Hatisa