Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 23: Sehlabelo


Khaolo ea 23

Sehlabelo

Ho tela se seng ho thusa e mong ke karolo ea moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong ho re thusa ho ba joaloka Eena. Na o kile oa ba le boikutlo bo thabileng bo tlisoang ke ho tela se seng ho thusa sa e mong?

Jesu O Tetse Bophelo Ba Hae Bakeng Sa Rona

Ho mamela Ntat’a rona ea Maholimong, re lokela ho tela khafetsa. Sehlabelo ke ho tela se seng ho thusa e mong. Jesu o entse sehlabelo se seholo. O sotlehile ka lebaka la libe tsa rona. Eaba O nehelana ka bophelo ba Hae bakeng sa rona.

Hobane Jesu o nehelane ka bophelo ba Hae bakeng sa rona, bohle ba tla phela hape kamor’a lefu. Bohle re tla ba le ’mele e phethahetseng e ke keng ea shoa hape. Sena se bitsoa tsoho ea bafu. Hape, ba nang le tumelo ho Jesu, ba bakang libeng tsa bona, ba tla ts’oareloa libe ka lebaka la seo a se entseng ’me ba tla khutlela ho Ntat’a rona ea Maholimong.

Ho tloha nakong ea ho phela ha Adama ho fihla nakong ea ho phela ha Jesu Kreste, batho ba ne ba etsa sehlabelo ka liphoofolo ho Ntat’a rona ea Maholimong. Batho bao ba ne ba khetha liphoofolo tse ntle ho feta tse ling kahar’a mohlape oa bona ho etsa sehlabelo. Kamehla e ne eba tse tona tse hlahileng pele. Ha ba se ba khethile liphoofolo tse ntle, batho ba ne ba li bolaea ba chesa likarolo tsa tsona ho etsa lihlabelo ho Ntat’a rona ea Maholimong.

Batho ba ne ba tela liphoofolo tsena ho mamela molao oa Ntat’a rona ea Maholimong. Ka tsela ena, ba ne ba bonts’a boikemisetso ba ho mamela Ntat’a rona ea Maholimong le ha hoo ho ne ho bolela ho tela se seng se neng se le bohlokoa ho bona. Ntat’a rona ea Maholimong o ba laetse ho tela liphoofolo e le hore ba hopole hore O tla tela Mora oa Hae bakeng sa bona. Jesu, e leng Mora oa Ntat’a rona ea Maholimong oa letsibolo, O ne a tla tla lefats’eng ho phetheha ka tsela tsohle. O ne a tla itumella ho etsoa sehlabelo bakeng sa libe tsa rona.

Kamor’a hore Jesu a nehelane ka bophelo ba Hae, O ile a laela batho ho se hlole ba etsa sehlabelo ka liphoofolo. O ile a re neha selallo ho re hopotsa sehlabelo se seholo seo a se entseng bakeng sa rona. Bohobe le metsi tsa selallo ke mats’oao a nama le mali tsa Jesu tseo a re nehileng tsona ha a shoa.

Puisano

  • Sehlabelo sa liphoofolo nakong ea khale se ne se emetse eng?

Sehlabelo Ke karolo ea Moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong Bakeng Sa Rona

Ntat’a rona ea Maholimong joale o batla re etse sehlabelo ka mokhoa o fapaneng. O re laetse ho etsa sehlabelo sa pelo e robehileng le moea o soabileng. Hona ho bolela ho tela libe tsa rona le boikhohomoso. Ho bolela maikemisetso a ho hopola kamehla Jesu le ho boloka litaelo tsa Hae, ho sa tsotellehe lits’enyehelo. Hona ho bolela hore:

  1. Ha re na le tumelo ho Jesu, re baka libeng tsa rona, re a kolobetsoa, re boloka litaelo tsa Jesu.

  2. Re bolella batho ba bang ka tumelo ea rona ho Jesu hore e tle e be balateli ba Hae ’me e be litho tsa Kereke ea Hae.

  3. Re ikemiselitse ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe Kerekeng ea Jesu oo a batlang hore re o etse.

  4. Batho ba ikemiselitse ho amohela matla a boporista ’me ba thuse ba malapa a bona le ba bang ho phela ka tsela e tla ba hlophela ho khutlela ho Ntat’a rona ea Maholimong bophelong bo tlang.

Ho khutlela ho Ntat’a rona ea Maholimong, re lokela ho ikemisetsa ho fana ka tsohle tseo Jesu a batlang re fane ka tsona. Moapostola Pauluse o boletse hore re lokela ho sebelisa nako ea rona mona lefats’eng ho etsa se matleng a rona ho thusa mosebetsing oa Jesu.

Puisano

  • U ka bonts’a joang hore u hopola sehlabelo sa Jesu kajeno?

Monna oa morui o ile a botsa Jesu seo a lokelang ho se etsa hore a tle a phele le Ntat’a rona ea Maholimong ka ho sa feleng. Jesu o ile a mo bolella hore a mamele litaelo tsohle tsa Ntat’a rona ea Maholimong. Monna oa morui o ile a araba ka hore o mametse litaelo ho tloha a sa le monyenyane. Jesu o ile a mo bolella hore ho na le se seng seo a lokelang ho se etsa. O lokela ho rekisa tsohle tseo a neng a ena le tsona. Ebe o fana ka chelete ho batho ba hlophehileng ’me a latele Jesu. Monna oa morui ha a utloa sena, o ile a halefa. O ne a sa batle ho fana ka lintho tseo a neng a na le tsona ebe o latela Jesu.

Monna oa morui e ne ele monna ea lokileng. O ne a lekile ka bots’epehi ho mamela litaelo. Empa ha Jesu a mo kopa ho fana ka lintho tseo a neng a ena le tsona a be a mo latele, ha a ka ba a etsa seo.

Ba babeli ba Ba-Apostola ba Jesu e leng Petrose le Andrease, ba ne ba ikemiselitse ho tela tsohle tseo ba neng ba na le tsona hore ba tle ba latele Jesu. Ha Jesu a ba kopa ho Mo latela, ba ile ba tlohela mosebetsi oa bona ba Mo latela.

Abrahama le eena o ile a ba le maikemisetso a ho tela tsohle tseo a neng a ena le tsona ho Ntat’a rona ea Maholimong. Abrahama o phetse lefats’eng pele Jesu a hlaha. Ka nako eo, Ntat’a rona ea Maholimong o ne a ntse a batla batho ba etse sehlabelo ka liphoofolo. O ile a laela Abrahama ho etsa sehlabelo ka mora oa hae, e le teko ea ho bona hore na Abrahama o tla mamela. Abrahama o ne a ikemiselitse ho mamela. O ile a aha aletare ’me a beha mora oa hae ho eona. Abrahama o ne a lokile ho bolaea mora oa hae ha lengeloi le mo hanela. Lengeloi le ile la bolella Abrahama hore a ke ke a etsa sehlabelo ka mora oa hae. Ntat’a rona ea Maholimong o ne a tseba hore Abrahama o ne a ikemiselitse ho nehelana ka tsohle tseo Ntat’a rona ea Maholimong a neng a ka batla hore a nehelane ka tsona, leha eka ba mora oa hae. Abrahama o ne a rata Ntat’a rona ea Maholimong haholo hoo a neng a ikemiselitse ho etsa tsohle tseo Ntat’a rona ea Maholimong a mo laelang tsona. Ntat’a rona ea Maholimong o ile a hlohonolofatsa Abrahama hobane Abrahama o ne a ikemiselitse ho tela tsohle bakeng sa Hae.

Puisano

  • Ke mang eo e leng mohlala oa ho se be le maikemisetso a ho neha Jesu tsohle tseo a neng a Mo laela ho li nehela?

  • Ke mang eo e leng mohlala oa ho ba le maikemisetso a ho nehelana ka tsohle tseo Ntat’a rona ea Maholimong a mo laelang ho nehelana ka tsona?

  • U ka be u ile ua etsa joang boemong boo?

Setśoantśo
Christ and the Rich Young Ruler [Kreste Le Mohlankana oa Moriu], ka Heinrich Hofmann

’Musi e monyane o ile a haelloa ke tumelo ho tela lintho tsa hae a letele Jesu.

Re Ka Lokela Ho tela Lintho Bakeng sa Mosebetsi oa Jesu

Malapa a rona a ka ’na a hana ha re latela Jesu. Batho ba bang ba ka ’na ba re ts’eha kapa ba leke ho re utloisa bohloko ha re mamela litaelo tsa Hae. Re ka lahleheloa ke mesebetsi ka ho ba litho tsa Kereke ea Jesu Kreste.

Re ka lokela ho sebelisa chelete le nako tsa rona ho ruta ba bang ka Jesu. Re ka lokela ho sebelisa nako ea rona ho thusa baetapele ba Kereke ho etsa mosebetsi oa Hae. Re ka lokela ho sebelisa chelete le nako tsa rona ho thusa ba bang ka har’a malapa a rona ha ba etsa mosebetsi oa Jesu. Ntat’a rona ea Maholimong a ka ’na a batla hore re nehelane ka maphelo a rona ho eena le ho latola bopaki ba Jesu.

Puisano

  • U ka ikutloa joang ha u kopuoa ho tela ntho ea hau eo o e ratang?

  • U ikemiselitse hakae ho tela bakeng sa Jesu?

Setśoantśo
Sacrifice of Isaac [Sehlabelo sa Isaka], ka Jerry Harston

Abrahama o ne a na le tumelo e kholo hoo a neng a itokiselitse ho tela mora oa hae Isaka ka lebaka la tumelo ea Morena.

Ho Tela Ho Tlisa Litlhohonolofatso Tse ke Keng tsa Tla ka Tsela e ’Ngoe

Ho tela ho re thusa hore re hloke boithati. Ra ithuta ho sebeletsa Ntat’a rona ea Maholimong le ho thusa ba bang. Re ka ithuta hore ho etsa lintho bakeng sa ba bang ho ea re thabisa. Re ithuta hore ho etsa seo Jesu a re laelang ho se etsa se molemo ho feta ntho e fe kapa e fe eo re ka bang le eona lefats’eng lena. Re ithuta hore ho sebeletsa ba bang ho molemo ho feta ho inahanela bo rona feela. Ha re ikemisetsa ho tela, re fumana hape hore Ntat’a rona ea Maholimong o re neha litlhohonolofatso tse molemo ho feta seo re nehelaneng ka sona.

Ho tela bakeng sa ba bang ho re thusa ho utloisisa haholo seo Jesu a re etselitseng sona. O re ratile hoo a bileng a re tella bophelo ba Hae. Ha re tela lintho bakeng sa Ntat’a rona ea Maholimong kapa bakeng sa batho ba bang, re ba rata haholo. Re qala ho rata le ho ba joaloka Jesu le Ntat’a rona ea Maholimong.

Ho ba le lintho tse ngata ha se phoso. Ntat’a rona ea Maholimong ka nako e ’ngoe o re neha lintho tsena ho thusa ba bang. Empa ho thata ho se rate lintho tsa rona le chelete. Re li sebeletsa ka thata. Tse ling tsa lintho tsena li a hlokahala e le hore re phele. Leha hole joalo, ha rea lokela ho tsotella lintho tsena haholo hoo re ke keng ra li tela ha Ntat’a rona ea Maholimong a batla re thuse ba bang ba bana ba Hae.

Litho tsohle tsa Kereke ea Jesu Kreste li lokela ho etsa taba ea ho sebeletsa Ntat’a rona ea Maholimong ntho ea bohlokoahali maphelong a bona. Re bonts’a hore re rata Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu haholo ho feta lintho tseo re nang le tsona ha re etsa tseo baetapele ba Kereke ea Jesu Kreste ba re kopang ho li etsa. Re lokela ho tela nako ea rona hore re ba thuse ho ruta le ho sebeletsa ba bang. E le ho lokeloa ke ho phela le Ntat’a rona ea Maholimong, re lokela ho ikemisetsa ho tela tsohle tseo re nang le tsona ’me re thuse mosebetsing oa Jesu haeba ke seo A re kopang sona.

Jesu o ts’episitse litlhohonolofatso tse kholo bakeng sa ba mamelang le ba Mo sebeletsang. O itse re ke ke ra nahana lintho tse makatsang tseo re tla li amohela hamorao ha re itella mosebetsi oa Hae hona joale.

Hatisa