Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 2: Bophelo ba Rona Maholimong


Khaolo ea 2

Bophelo ba Rona Maholimong

Re ne re phela kae pele re hlaha lefats’eng? Rene re etsa eng moo?

E Mong le e Mong oa Rona ke Ngoana oa Ntat’a rona ea Maholimong

Pele re hlaha lefats’eng lena, re ne re phela maholimong. Lehae la rona maholimong e bile le monate le letle ho fetisa eng kapa eng eo re kileng ra e bona lefats’eng. Re ne re ena le malapa moo. Re ne re ratana re bile re thabile. Ntat’a rona Maholimong e ne ele Ntate oa meea ea rona, me ka lebaka lena re mo bitsa Ntat’a rona ea Maholimong. Hobane ke Ntate oa rona, O oa re rata ebile O oa re tsotella.

Motho e mong le e mong ea phelang lefats’eng lena, e ne ele ngoana oa bo rona maholimong. Ngoana e moholo lelapeng la rona maholimong e ne ele Jesu Kreste.* Ke eena moholoane oa rona.

Ha re ne re phela maholimong re ne re sena ’mele oa nama le masapo joaloka ena eo re nang le eona hajoale. Re ne rele meea. Moea o na le sebopeho se kang sa motho. Ha re le meea, re ne khona ho buisana, re sisinyeha, re etsa liqeto, ’me re tseba phapang ea botle le bobe.

Re ne re ntse re sa ts’oane maholimong. Re ne re fapane, joaloka ha re fapane ha joale. Re ne re na le litakatso le bokhoni bo fapaneng. Re ile ra ithuta ho sebelisa bokhoni ba rona ka tsela tse fapaneng.

Puisano

  • Lehae la rona le ne lele joang maholimong?

  • Ntate oa rona e ne ele mang?

  • E ne ele mang moholoane oa rona?

Ntat’a rona ea Maholimong o ile a Tseba hore Re ka ba joaloka Eena

Kaha Ntat’a rona ea Maholimong e le Ntate oa meea ea rona, O ne a re tseba hantle. O ne a re rata. O ne a tseba hore re amohetse bokhoni ba ho ithuta lintho tseo A li tsebang le ba ho ba joalo ka Eena. O batla re be ba lokileng joaloka Eena. O batla ho re thusa ho ntlafatsa bokhoni ba rona ba ho ba joaloka Eena.

Puisano

  • Ntat’a rona ea Maholimong o ikutloa joang ka rona, hape O batla eng bakeng sa rona?

  • U ikutloa joang ho tseba hore u na le Ntate ea Maholimong?

Setśoantśo
Pre-Existence [pele ho bophelo], ka Jerry Harston

Pele re tla lefats’eng, re ne re phela maholimong.

Ntat’a rona ea Maholimong O ile a Etsa Moralo Ho re Thusa

Maholimong re ithutile lintho tse ngata ’me ra intlafatsa ka hohle ka moo re khonang, empa ho bile le lintho tseo re sitiloeng ho ithuta le ho li etsa. Ntat’a rona ea Maholimong o ile a etsa moralo oa hore re tle re ithute haholoanyane.

O ile a re bitsetsa kopanong maholimong. Re bile teng bohle. O ile a hlalosa moralo oa Hae ho re thusa ’me a re bolella hore ha re ka latela moralo, re ka ba joaloka Eena.

Ntat’a rona ea Maholimong o itse o tla etsa lefats’e leo re tlang ho phela ho lona nakoana. Lefats’eng, ha re hopole bophelo ba rona le Eena maholimong. Re ne re ka khona ho khetha lintho tse ntle kapa tse mpe. Hona e ne etla ba hlahlobo ho rona hore na re ka mamela Ntat’a rona ea Maholimong joang ha re se ho Eena.

Ho ea ka moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong, re ne re tla fumana ’mele oa nama le masapo. Re ne re tla hloka ’mele ona ho ithuta lintho tseo a li tsebang, ra etsa lintho tseo a li etsang. Hamorao re ne re tla shoa ’me meea ea rona e ne etla tsoa ’meleng ea rona ea nama le masapo. Empa meea ea rona e ne etla kopana le ’mele ea rona ’me ebe ha re hlole re shoa hape. Ba ileng ba etsa lintho tseo Ntat’a rona ea Maholimong a itseng re li etse ba ne ba tla khutla ba phele le Eena ka ho sa feleng.

Re ile ra ithuta hore kaofela re tlaba le mathata lefats’eng joaloka bokuli, ho opeloa, ho hlora, le lefu. Empa re ile ra utloisisa hore re tla ithuta linthong tsena. Mathata ana a ne atla re ruta ho ratana le ho thusana.

Ntat’a rona ea Maholimong o ne a tla khetha nako le sebaka tsa ho hlaha hoa rona lefats’eng. O ne a tseba hore na ke hokae lefats’eng moo a tlang ho re romela hore re ithute lintho tseo a batlang re li tsebe. Kaofela re ne re tlaba le monyetla oa ho etsa lintho tse fapaneng. Ntat’a rona ea Maholimong o ne a batla hore re etse lintho tse lokileng hore re khutlele ho Eena. Le ha ho le joalo, O ne a ke ke a re qobella ho etsa eng kapa eng.

Ba bang ba rona re ne re tla khetha ho Mo mamela. Ha re Mo mamela, re ne re tlaba joaloka Eena ’me re khutle re ilo phela le Eena. Ba bang ba rona re ne re tla khetha ho se Mo mamele. Ha re sa Mo mamele, re ne re ke ke ra ba joaloka Eena ’me re sitoe ho khutla re ilo phela le Eena.

Ha re utloa moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong re ile ra thaba. Re ne re batla ho ithuta le ho ntlafala. E mong le e mong ea phetseng lefats’eng o ile a lumela ho phela ka moralo oa Hae.

Puisano

  • Ke eng seo Ntat’a rona ea Maholimong a neng a se rerile ka rona?

  • Hobaneng re ne re tlameha ho tlohela lehae la rona maholimong?

  • Ke eng seo Ntat’a rona ea Maholimong a batlang re se etse lefats’eng?

Hatisa