Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Selelekela


Selelekela

Buka ena e tla u thusa ho ithuta le ho u ruta bokhabane ba mantlha ba evangeli ea Jesu Kreste. Ho tseba bokhabane bona ho tla u thusa ho utloisisa sepheeo sa bophelo le ho re na u ka thaba e le ’nete joang. Bokhabane bo hlalositsoeng ka hara buka ena ke ’nete. Ha u ntse u ithuta bokhabane bona, u nahana, u rapela ka bona, u tla tseba ka bo uena ’me Moea o Halalelang o tla u netefaletsa hore ke ’nete.

U ka sebelisa buka ena mererong e fapaneng. U ka e sebelisa ho ithuta ka bo uena. U ka e sebelisa ho hlophisa lipuo kapa ho thusa ba bang ho hlalosa evangeli.

U ka sebelisa buka ena bakeng sa boithuto ba lelapa le bakeng sa thuto ea lapeng ea mantsiboea. Thuto ka ’ngoe ena le lipotso tseo uena joaloka motsoali kapa tichere u ka li botsang bana ho fumana hore na ba utloisisa hakae.

Ha u ruta lithuto tsa buka ena, u ka ruta khaolo e le ’ngoe kapa ho feta ka nako ea sehlopha, kapa ua ruta karolo e le ’ngoe ka nako e fetang sehlopha se le seng. Etsa bonnete ba hore baithuti ba utloisisa bokhabane pele o fetela ho bo bong. Haeba u ena le mangolo a fetoletsoeng, sheba lits’upiso tsa mangolo a halalelang ’me u bue ka ona.

Joalo ka tichere, hopola hore u ka ba le lihlopha tse 21 ho isa ho tse 25 ka selemo ho ruta sehlopha. Hona ho bolela hore u ka hloka ho kopanya hammoho lithuto tse 10 kapa ho feta. Hlokomela litlhoko tsa sehlopha sa hau ’me u etse qeto ea hore na ke life lithuto tseo u ka li kopanyang le tseo u ka qetang nako ho tsona.

Ha selemo se tlo fela, u ka qeta sehlopha kapa tse peli u ntse u bua ka Lintlha tsa Tumelo, tseo le tsona li hlahang ka hara buka ena. U ka sebelisa Lintlha tsa Tumelo ho hlahloba lithuto.

Batsoali le li tichere, rapellang tataiso ha le itukisetsa ho ruta lithuto tsena. Lumella Moea o Halalelang ho u tataisa kutloisisong le ho ruteng hoa hau. Setho se seng le se seng se ka khonang, se ka bala likhaolo ’me se tle se itukiselitse ho arolelana le ba bang ka sehlopheng.

Ha u bona lentsoe le takiloeng ka *, u ka fumana moelelo ka ho “Mantsoe ao u ka a Tsebang” khaolong e qetellong ea buka. Mantsoe a mang a keneletseng a ka u thusa ho utloisisa tlhaloso ea oona.

Molimo a u hlohonolofatse ha u ntse u ithuta ka linnete tse ka hara buka ena.

Hatisa