Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 31: Mosebetsi oa Rona oa Ho Ruta Evangeli


Setśoantśo
Go Ye Therefore [E eang Bohle ke Hona], ka Harry Anderson

Jesu o laetse Ba-Apostola ba Hae ho ruta evangeli lefats’eng lohle.

Khaolo ea 31

Mosebetsi oa Rona oa Ho Ruta Evangeli

Re ka thusa joang bana ba Ntat’a rona ea Maholimong hore ba utloe evangeli?

Ntat’a rona ea Maholimong O Batla Bana Bohle ba Hae ba Tsebe Evangeli

Ntat’a rona ea Maholimong o rata bana bohle ba Hae. E mong le e mong oa rona o bohlokoa ho Eena, ’me e mong le e mong a ka ba joaloka Eena. O batla re khutle re ilo phela le Eena hore re tle re be le nyakallo le khanya eo A nang le tsona.

Ntat’a rona ea Maholimong o na le moralo oa ho re thusa ho khutla re ilo phela le Eena. Moralo oona o bitsoa evangeli ea Jesu Kreste. Ha re ithuta evangeli, re ithuta hore na re bohlokoa hakae. Re ithuta hore na hobaneng re le lefats’eng lena. Re ithuta hape hore na re tla ea kae ha re shoa. Re ithuta seo re tlamehang ho se etsa ho Ntat’a rona ea Maholimong.

Jesu Kreste ke moholoane oa rona oa moea. Ke mora oa letsibilo oa moea oa Ntat’a rona ea Maholimong. O tlile lefats’eng e le Mora ea Tsoetsoeng ea ’Nots’i nameng oa Ntat’a rona ea Maholimong. O re rata haholo hoo a ileng a sotloa a ba a re shoela. O re rutile seo Ntat’a rona ea Maholimong a batlang hore re se tsebe le ho se etsa. O ile a hlophisa Kereke ea hae ho re thusa. O ile a nehelana ka matla a boporista ho banna lefats’eng ho etsa mosebetsi ea Hae.

Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno ke eona feela kereke e nang le boporista ba Ntat’a rona ea Maholimong le moralo oa Hae oa ’nete. Ntat’a rona ea Maholimong o batla bana bohle ba Hae ba ithute ka moralo oa Hae ’me ba o amohele. Lits’ebeletso tsa kereke ea ’nete lia hlokeha bakeng sa hore re khutlele ho phela le Ntat’a rona ea Maholimong.

Ntat’a rona ea Maholimong o boleletse setho ka seng ho bolella ba bang ka evangeli. Baporofeta bohle ho tloha ka Adama ba ile ba sebelisa nako ea bona ho ruta ba bang ka evangeli. Ba re boleletse hore litho tsohle tsa Kereke li lokela ho ba baruti har’a lichaba. Ena ke karolo ea ts’episo eo re ileng ra e etsa ha re ne re kolobetsoa. Re ts’episitse ho bolella batho ka Jesu nako e fe kapa e fe ha re na le monyetla o joalo.

Puisano

  • Hobaneng ha batho bohle ba tlameha ho utloa evangeli?

  • Ke mang ea nang le boikarabello ba ho ruta evangeli ho batho bohle?

Lelapa ka leng le lokela ho utloisisa bohlokoa ba ho ruta evangeli. Re tseba ka moo moralo oa evangeli o leng bohlokoa ka teng. Re lokella ho tsotella ho lekana hore re etse tsohle tse hlokehang ho ba thusa ho utloisisa moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong.

Litho tsa lelapa li ka etsa lintho tse ngata ho thusa ba bang ho ithuta ka evangeli. Tse ling tsa lintho tsena ke:

  1. Ho etsa lintho tse lokileng ho ba bang.

  2. Bolella ba bang hore u thabile hobane u mamela lithuto tsa evangeli.

  3. Hlalosa evangeli ho metsoalle le baahisane. Ba memele ho ea le uena likopanong tsa Kereke.

  4. Mema batho ho tla lelapeng la hau ho tla ba le uena kopanong ea lelapa hae mantsiboea kapa ha baruti har’a lichaba ba tlo ba ruta.

  5. Neha baruti har’a lichaba mabitso le moo batsoalle ba hau ba lulang kapa baamani ba ka ratang ho ithuta ka evangeli.

  6. Ruta bana bohkoloa ba ho sebeletsa e le baruti har’a lichaba. Ba thuse ho boloka chelete ho ea ho bon’gosa ba kereke.

  7. Patala boshome ba hau.

  8. Fana ka chelete mokotleng oa moruti har’a lichaba.

Puisano

  • Nahana ka tsela ea ho bolella e mong eo e seng setho sa Kereke ka evangeli.

  • Lelapa la hau le ka etsa eng ho thusa batho ba bang ho ithuta ka evangeli?

Lalapa la Hau e Ka ba Karolo ea Bohlokoa ea Mosebetsi oa Moruti har’a lichaba oa Kereke

Kereke ea rona e rometse likete tsa baruti har’a lichaba ho ruta evangeli linaheng tse ngata. Boholo ba bona ke batho ba bacha ba lilemo tse lipakeng tsa 18 le 25. Batho ba baholo le bona ba sebeletsa joaloka baruti har’a lichaba. Ke litho tsa Kereke tse ts’epahalang, tse mamelang, tse nang le takatso ea ho sebeletsa Ntat’a rona ea Maholimong.

Ho hlokeha baruti har’a lichaba ba bangata. Lelapa la hau le ka nka karolo mosebetsing ona o bohlokoa ka ho lokisetsa hore litho tsa lelapa li ee ho bon’gosa ba kereke. Batsoali ba ka thusa bana ba bona ho ba le bopaki ka evangeli le ho ithuta ho hlalosa evangeli ho ba bang. Ba ka ruta bana ho rata batho ba lichaba tse ling. Batsoali ba lokela ho itlhophela ho ea ho bon’gosa ba kereke ha bana ba bona ba se ba holile.

Batho ba bangta ha ba so utloe ka evangeli. Ba bang ba bona ba lula linaheng tseo baruti har’a lichaba ba so kang ba fihla. Batho bao ba tlameha ho fumana monyetla oa ho utloa le ho amohela evangeli. Ntat’a rona ea Maholimong O tla etsa tsela ea hore sena se etsahale. Re lokela ho Mo rapela hore baetapele ba linaha tsena ba lumelle baruti har’a lichaba ba kene ba rute batho ba bona.

Puisano

  • Malapa ka hare ho kereke a etsa boikarabelo ba oona joang ba ho ruta ka evangeli ho batho bohle?

  • Hobaneng ha ho hlokeha baruti har’a lichaba ba bangata kajeno?

Litlhohonolofatso tse Kholo li Tla Ho Ba Bolellang ba Bang ka Evangeli

Ntat’a rona ea Maholimong o tla re hlohonolofatsa ha re hlokomela ho lekana ho bolella ba bang ka evangeli. O tla re hlohonolofatsa ha re mamela litaelo tsa Hae le thabo eo re e tlisang ho ba amohelang evangeli. O re boleletse hore re tla thaba ha re thusa leha e le a le mong feela oa bana ba Hae ho ithuta evangeli le ho khutlela ho Eena. Thabo ea rona e tla eketseha le ho feta ha re thusa bongata ba bana ba Hae ho khutlela ho Eena.

Puisano

  • Ke litlhohonolofatso li fe tse tlisoang ke ho isa evangeli ho ba bang?

  • Na u kila oa utloa tse ling tsa litlhohonolofatso tsee?

Hatisa