Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 14: Pako


Khaolo ea 14

Pako

Ho etsa lintho tse fosahetseng ho etsa hore re se thabe. Re ka thaba hape joang kamor’a hore re etse se seng se fosahetseng?

Ntat’a rona ea Maholimong O Entse Moralo Oa Hore re Hlole Sebe

Ntat’a rona ea Maholimong o ile a tseba hore bohle re tla etsa lintho tse fosahetseng lefats’eng. Lintho tse fosahetseng tseo re li etsang ke libe. Re etsa sebe ha re etsa lintho tseo Molimo a sa reng re li etse. Re etsa sebe hape ha re sa etse lintho tseo Molimo a reng re li etse.

Ntat’a rona ea Maholimong ha a etse sebe, ebile ha a lumelle batho ba etsang sebe ho phela le eena. Ho phela le Eena, re tlameha ho baka libe tsa rona. Ho baka ho bolela ho ikutloa re soabile ke libe tsa rona re bile re emisa ho li etsa.

Ntat’a rona ea Maholimong o oa re rata. Ha a batle ha libe tsa rona li ka re sitisa ho phela le Eena hape. Joale O entse moralo oa ho re thusa.

Ntat’a rona ea Maholimong o Rometse Jesu ho re thusa ho baka. Jesu o re ruta lintho tseo re lokelang ho li etsa hore re qobe sebe. O re fa matla a ho etsa lintho tsena. Ha re lumela ho Eena re bile re mo latela, O fetola lipelo tsa rona hore re se khahloe ke ho etsa sebe empa re batle ho etsa tse lokileng feela. Ha re sa batle ts’otleho ka lebaka la libe tsa rona, re tlameha ho lumela ho Jesu. Ba nang le tumelo ho Jesu ba baka libe tsa bona.

Ha re lumela ho Jesu re baka, ts’otleho ea Jesu e patalla libe tsa rona ebe rea hloekisoa. Re ka boela ra phela le Ntat’a rona ea Maholimong hobane re hloekile.

Puisano

  • Ho hlalosa eng ho baka?

  • Hobaneng Ntat’a rona ea Maholimong a batla re bake libe tsa rona?

  • Ke hobaneng ba nang le tumelo ho Jesu ba bakela libe tsa bona?

Ntat’a rona ea Maholimong O Re Bolelletse Seo Re Lokelang Ho Se Etsa Hore Re Bake

Ho baka, re lokela ho lumela ho Jesu le lintho tseo a li rutileng. Re tlameha ho lumela hore O sotlehile bakeng sa libe tsa rona. Re tlameha ho lumela hore ke Jesu feela ea neng a ka patalla libe tsa rona. Re tlameha ho lumela hore O batla re hlole libe tsa rona ’me O tla re thusa ho etsa sena. Re tlameha ho sebetsa ka thata ho phetha tseo A re laetseng hore re li etse.

Ha re baka, re neha Jesu monyetla oa ho re fetola ho ba ka tsela eo a e batlang. Re emisa ho etsa tse fosahetseng ’me re qala ho etsa tse lokileng. Ha re ile ra bua lintho tsa leshano, rea emisa ’me re bua feela tsa ’nete. Ha re utsoitse se seng, re se khutlisetsa ho monga sona e be ha re hlole re utsoa hape. Ha re ile ra hloka mosa ho ba bang, rea emisa ’me re ba mosa ho bona.

Ha re baka re etsa tse latelang:

Re amohela hore re entse sebe. Rea tseba hore re etsa sebe ha re sa mamele Ntat’a rona ea Maholimong. Ha re baka, ha re etse mabaka a ho etsa lintho tse sa lokang. Re lumela hore re fositse ’me re batla ho fetoha.

Re soabela lintho tse fosahetseng tseo re li entseng. Ha re baka, re hlonamela lintho tse fosahetseng tseo re li etsang. Ha re re feela re soabela libe tsa rona. Re soabela lintho tse fosahetseng tseo re li entseng ele kannete ebile re lakatsa eka re ka be re sa li etsa. Re boetse re batla ho etsa seo Ntat’a rona ea Maholimong a laelang hore re se etse.

Re emisa ho etsa lintho tse fosahetseng. Ha re amohela feela hore re fositse, re bile re bua feela hore re soabile, ha rea baka ele ka ’nete. Ho baka ele ka ’nete, re tlameha ho emisa ho etsa lintho tse fosahetseng. Ka nako e ’ngoe ha ho bonolo ho emisa, empa Jesu o tlile lefats’eng ho re neha thuso eo re e hlokang. Ntat’a rona ea Maholimong o batla re tlohele Jesu hore thusa hobane ke eona feela tsela eo re ka phethehang ka eona ra ba ra khutlela ho phela le Molimo.

Re bolela libe tsa rona. Ka har’a kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno, ho ipolela ho hlalosa ho bolella Ntat’a rona ea Maholimong le moetapele oa Kereke seo re se entseng. Libe tse ling tseo re li etsang li ama rona feela. Ha re rapela ho Ntat’a rona ea Maholimong, re lokela ho mo bolella ka libe tsena re be re kope ts’oarelo le thuso ea ho li hlola. Haeba sebe sa rona se ama motho e mong, re lokela ho ipolela ho motho eo le ho Molimo. Re lokela ho ipolela libe tse mpe haholo joaloka bohlola, ho moetapele oa Kereke, eo e leng mobishopo* oa rona kapa mookameli oa lekalana.*

Re etsa se matleng a rona ho lokisa moo re fositseng. Ha re baka, re lokisa tse fosahetseng tseo re li entseng. Mohlala, haeba re utsoelitse mohaisane, re khutlisetsa seo re se nkileng. Ha seo re neng re se nkile se se se le sieo, rea se busetsa kapa re se patale.

Re ts’oarela libe tsa ba bang. Ntat’a rona ea Maholimong o re laetse ho ts’oarela. Ha re batla A re ts’oarele, re lokela ho ts’oarela ba bang. Ha re hloea ba bang ka lebaka la tse fosahetseng tseo ba li entseng re sa ba ts’oarele, Ntat’a rona ea Maholimong a ke ke a re ts’oarela libe tsa rona.

Re leka ka bots’epehi ho mamela melao eohle ea Jesu maphelong a rona. Re tseolapele ho fetola tse fosahetseng tseo re li etsang ho fihlela re etsa tse lokileng. Letsatsi le letsatsi re etsa ka matla ho lokisa tse mpe tseo re li etsang.

Re tlameha ho baka kamehla ha hona le se fosahetseng seo re se entseng. Re ka nahana hore ho baka hona joale ho boima. Re ka nahana ho baka ho tla ba bonolo hamorao, empa ha ho joalo. Ho baka ho ba boima ha re emela ho o etsa. Ho emela ho baka ho boetse ho re ts’oarella morao ho tsa moea, hobane Jesu a ke ke a re thusa ho ithuta ka Ntat’a rona ea Maholimong haholo le ho itlhophela ho phela le Ntat’a rona ea Maholimong ha re sa bakele libe tsa rona. Hang ha re hlokomela hore re fositse re lokela ho baka hang-hang.

Puisano

  • Re hloka ho etsa eng ho baka?

E Mong Le E Mong Oa Rona A ka Baka

E mong le e mong oa rona a ka baka. Ka nako e ’ngoe pako e ka bonahala e le boima ho rona. Re ka ikutloa eka ha re na ho hlola bofokoli ba rona. Satane o batla re lumele sena e le hore re tsoelepele ho etsa tse fosahetseng. Re tlameha ho hopola hore re ka baka. Re ke ke ra e etsa ka bo rona. Re hloka thuso. E mong le e mong oa rona ke ngoana oa Ntat’a rona ea Maholimong, o rometse Jesu ho re thusa. Ka thuso ea Jesu re ka etsa lintho tsohle tseo Ntat’a rona ea Maholimong a laelang hore re li etse.

Jesu o tla re thusa ho baka ha re rapella thuso ea Hae ho Ntat’a rona ea Maholimong. Eena le Ntat’a rona ea Maholimong ba batla re etse lintho tse lokileng. Ha ba rate lintho tse fosahetseng tseo re li etsang. Empa ba re rata le ha re etsa lintho tse fosahetseng. Ba batla re bake hore Ntat’a rona ea Maholimong a tle a re ts’oarele ’me re thabe.

Puisano

  • Hobaneng re lokela ho baka le ha pako e bonahala e le boima?

  • Ke mang ea tlang ho re thusa ho baka?

Ntat’a rona ea Maholimong O Oa Re Putsa Ha Re Baka

Ha re beha tumelo ho Jesu ’me re baka, Ntat’a rona ea Maholimong o re ts’oarela libe ka botlalo. Ha rea lokela ho khathatseha hore re tla ahloloa ka lebaka la tsona. Ha a re ts’oarele feela, O bile o re neha thuso hore re se hlole re batla ho etsa sebe empa re etse tse lokileng kamehla. Jesu o re neha thuso ena.

Re lokela ho hopola hore ha re na ho ts’oana le Ntat’a rona ea Maholimong ka nako e le ’ngoe. Empa ha re tsoelapele ho ba le tumelo ho Jesu ’me re bakela libe tsa rona re bile re mamela Jesu, Ntat’a rona ea Maholimong o tsoelapele ho re ts’oarela libe tsa rona. Jesu o tsoelapele ho re thusa. Re ba joaloka Ntat’a rona ea Maholimong haholoanyane le haholoanyane. Qetellong, re ka khutla ho ea phela le Ntat’a rona ea Maholimong.

Ha re baka rea thaba. Ha re hlonamele lintho tse fosahetseng tseo re li entseng, empa re thaba hobane re hlotse bofokoli ba rona ka thuso ea Jesu. Ebe re se re tseba hore rena le matla a ho hanela liteko ’me re etsa tse lokileng.

Puisano

  • Ke moputso o fe oo re o fumanang ha re baka?

Hatisa