Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 16: Mpho ea Moea o Halalelang


Setśoantśo
Mosali o oa hlohonolofatsoa

Re tlameha ho amohela mpho ea Moea o Halalelang ka peho ea matsoho.

Khaolo ea 16

Mpho ea Moea o Halalelang

Moea o Halalelang o re thusa ho tseba le ho utloisisa lintho tseo e leng ’nete. Re amohela mpho ea Moea o Halalelang joang?

Moea O Halalelang A Ka re Isa ’Neteng

Moea o Halalelang a ka thusa batho pele ba kolobetsoa. A ka bolella motho hore lithuto tsa Jesu ke ’nete. Ka nako e ’ngoe O re bolella moo re ka fumanang Kereke ea Jesu Kreste ea ’nete. Empa Moea o Halalelang a ke ke a lula le rona hofihlela re kolobetsoa, re fuoa mpho ea Moea o Halalelang.

Ka Testamenteng e Ncha re bala ka monna ea bitsoang Kornele. Ke monna ea ileng a kolobetsoa. Moea o Halalelang a mo bolella hore lithuto tsa Jesu ke ’nete. Hamorao Kornele o ile a kolobetsoa a amohela mpho ea Moea o Halalelang.

Ntat’a rona ea Maholimong O Re Nehile Tsela ea Ho Amohela Mpho ea Moea o Halalelang

Ha re ithuta ka moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong, re batla ho baka libeng tsa rona, re be re mamele lintho tsohle tseo Jesu a re laelang ho li etsa. Re ke ke ra etsa sena ntle le thuso. Mpho ea Moea o Halalelang ke tokelo ea ho fumana thuso ea Moea o Halalelang ka linako tsohle. Re fumana mpho ena ha re qeta ho kolobetsoa.

Re tlameha ho itlhopha e le hore re amohele mpho ea Moea o Halalelang. Re tlameha ho lumela ho Jesu ’me re leke ka matla ho etsa seo a re laelang sona. Re tlameha ho baka libeng tsa rona ’me re kolobetsoe.

Kamor’a hore re kolobetsoe, ba nang le tokelo ho tsoa ho Ntat’a rona ea Maholimong ba re beha matsoho ho re neha mpho ea Moea o Halalelang, ba re etse litho tsa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno ka molao. Ba bile ba ea re hlohonolofatsa.

Puisano

  • Re amohela mpho ea Moea o Halalelang joang?

Mpho ea Moea o Halalelang e ka re thusa ka litsela tse ngata. A ka re tlisetsa melaetsa e tsoang ho Jesu. A ka re ruta lintho tse ngata ka Jesu le Ntat’a rona ea Maholimong.

A ka re thusa ho rarolla mathata a rona. A ka re ts’elisa. A ka re thusa ho hlola libe tsa rona. A ka re thusa ho etsa lintho tse lokileng.

Moea o Halalelang a ka re thusa ho utloisisa le ho rata ba bang. A ka re thusa ho tseba na re ka ba thusa joang. A ka re thusa ho utloisisa lithuto tsa Jesu. A ka re thusa ho tseba seo re lokelang ho se bua ho ruta batho ka Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu.

Puisano

  • Mpho ea Moea o Halalelang e ka susumetsa maphelo a rona ka litsela lifeng?

Re Tlameha Ho Baka Libeng tsa Rona Ho Ba Le Mpho Ena

Ka Mpho ea Moea o Halalelang re ka ba batho ba betere ba etsang tse lokileng. Re ka ba joalo ka Ntat’a rona ea Maholimong. Empa re tlameha ho leka ho etsa lintho tse lokileng kamehla, hoseng joalo, Moea o Halalelang a ke ke a lula le rona. Re tlameha ho ba le menahano e lokileng. Re tlameha ho leka ho latela lithuto tsa Jesu. Ha re etsa se fosahetseng, re tlameha ho baka. Ha re leka ho etsa tsena tsohle, Moea o Halalelang o tla re thusa.

Ka nako e ’ngoe Moea o Halalelang o re tataisa ka ho etsa hore re be le maikutlo a mofuthu a tletseng khotso lipelong tsa rona. Ha re etsa se fosahetseng, boikutlo bona ba thabo bo ea tloha ho rona. Ka nako e ’ngoe re ka utloa lentsoe mohopolong oa rona le buang le rona, le re bolellang seo re lokelang kapa re sa lokelang ho se etsa. Re tlameha ho lula re lokile ho utloa le ho mamela seo Moea o Halalelang a re bolellang sona, hobane Moea o Halalelang o re bolella seo Jesu a batlang re se etse, ’me ke ka ho mamela Jesu feela re ka khutlelang ho Ntat’a rona ea Maholimong.

Ha re sa mamele Moea o Halalelang ’me re qala ho etsa lintho tse fosahetseng, Moea o Halalelang o oa re tlohela. A ke ke a lula le rona kapa ho re thusa ha re sa etse lintho ka nepo. Empa ha re mamela tataitso ea Hae, Moea o Halalelang o tla lula le rona kamehla. O re thusa ho ba batho ba fetohileng ba itlhophelang bophelo le Ntat’a rona ea Maholimong.

Puisano

  • Re ka etsa eng hore Moea o Halalelang a re thuse?

Re Amohela Litlhohonolofatso Tse ling Tse Ikhethileng Ka Moea o Halalelang

Tse ling tsa litlhohonolofatso tseo re li fumanang li bitsoa limpho tsa moea. Jesu o nehelana ka limpho tsena ho litho tsa Kereke ea hae ea ’nete nako e feng kapa e feng eo Kereke ea Hae e leng lefats’eng. O re neha limpho tsena ka matla a Moea o Halalelang. Re lokela ho utloisisa limpho tsena e le hore re li sebelise ka hloko.

Mpho ea Ho Bua Ka Maleme A Mang

Mpho e thusang batho ho bua lipuo tse ling. A mang a mabaka ao Jesu a nehang batho mpho ena ka ona ke ho ba thusa hore ba rute evangeli ho motho ea buang puo e ’ngoe.

Mpho ea Ho Toloka Maleme A Mang

Mpho e ’ngoe e thusa ba bolelloang ka evangeli. Mpho ea ho toloka maleme a mang e thusa hore ba utloisise molaetsa o hlahang ho Jesu o buuoang ka leleme leo ba sa le tsebeng.

Mpho Ea Ho Tseba Hore Jesu Ke Mora oa Ntat’a rona ea Maholimong

Mpho e ’ngoe e thusa batho ho tseba hore Jesu ke Mora oa Ntat’a rona ea Maholimong. Mangolo a halalelang a re batho ba ka tseba hore Jesu ke Mopholosi ha feela Moea o Halalelang a ba thusa ho tseba seo. Mpho ena ke paki ho hlaha ho Moea o Halalelang hore Jesu e fela e le Mora oa Ntat’a rona ea Maholimong le hore Jesu ke Mopholosi oa lefats’e.

Mpho Ea Ho Lumela Bopaki Ba Ba Bang

Mpho ea ho lumela bopaki ba ba bang e thusa ho tseba hore na lintho tse boleloang ka Jesu ke ’nete kapa che. Moea o Halalelang o re thusa ho lemoha bopaki ba ’nete le ho bo lumela.

Mpho ea Tumelo

Mpho ea tumelo e re thusa ho mamela melao ea Jesu. Kantle ho tumelo re ke ke ra amohela limpho tse ling tsa moea. Kantle ho tumelo re ke ke ra khutlela ho Ntat’a rona ea Maholimong. Batho ba bangata ba na le tumelo e matla ho Jesu. E mong oa baporofeta ba Buka ea Mormone o bile le tumelo e kholo ho Jesu hoo Jesu a ileng a itlhahisa ho eena. Moporofeta Joseph Smith o ile a ba le tumelo e matla ho Jesu Kreste hoo Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu ba ileng ba itlhahisa ho eena.

Mpho ea Ho Fetolela

Mpho ea ho fetolela e thusa batho ho fetolela lingoliloeng tsa Ntat’a rona ea Maholimong le tsa Jesu le balateli ba bona ho tloha ho leleme le leng ho ea ho le leng. Moporofeta Joseph Smith o ile a ba le mpho ea hae ha a ne a fetolela Buka ea Mormone. Mpho ena e thusa ea fetolelang ho utloisisa moelelo oa molaetsa ’me a fetolele ka tsela e nepahetseng.

Mpho ea Leseli

Mpho ea leseli e thusa batho ho utloisisa mosebetsi oa Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu. Ntat’a rona ea Maholimong o re boleletse hore re ke ke ra khutlela ho Eena ha re sa tsebe kapa ho utloisisa seo a batlang re se etse. Re tlameha ho tseba moralo oo Ntat’a rona ea Maholimong a re nehileng ona hore re tle re khutlele ho eena.

Jesu o boletse hore leseli leo re bang le lona bophelong bona le tla re thusa ha re se re le lefats’eng la moea kamor’a hore re shoe. O batla hore re tsebe ka lithuto tsa Hae le litaelo, ka maholimo le lefats’e, ka lintho tse etsahetseng, le ka lintho tse linaheng tsa rona le linaheng tse ling. O boletse hore re tlameha ho sebelisa leseli lena ka hloko. Re lokela ho kopa thuso ea Moea o Halalelang ha re batla leseli.

Mpho ea Bohlale

Mpho ena e thusa batho ka ts’ebeliso e nepahetseng ea leseli leo Ntat’a rona ea Maholimong a ba nehang lona. Re tlameha ho sebelisa mpho ena ho ntlafatsa maphelo a rona re be re rute le ho neha ba bang boeletsi bo hloahloa.

Mpho ea Ho Ruta

Mpho ea ho ruta e thusa batho ho ruta evangeli ho ba bang ka tsela eo ba tlang ho e utloisisa. Re ka ba le mpho ena ha feela re na le tumelo ho Jesu le ka ho ithuta le ho rapela.

Mpho ea Boporofeta

Mpho ea boporofeta e thusa batho ho tseba le ho utloisisa lintho tse etsahetseng nakong e fetileng, lintho tse etsahalang, le lintho tse tlang ho etsahala nakong e tlang. Baporofeta ba nehoa mpho ena, empa le rona re ka ba le eona ho re tataisa maphelong a rona.

Mpho ea Ts’enolo*

Moea OoHalalelang o senolela batho lintho tse tlang ho etsahala ho bona. E mong le e mong oa rona a ka fumana ts’enolo bakeng sa hae. Empa lits’enolo bakeng sa Kereke li nehoa moporofeta feela. Re ke ke ra fumana ts’enolo bakeng sa motho eo e leng moetapele oa rona ka hare ho Kereke. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Moea o Halalelang o re senolelang eona e lumellana le litaelo le lithuto tsa Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu.

Mpho ea Ho Folisa

Mpho ea ho folisa e thusa batho ba kulang ho fola. Ba bang ba na le tumelo ea ho folisoa ha ba bang ba na le tumelo ea ho folisa ba bang.

Mpho ea Ho Etsa Mehlolo

Mpho ea ho etsa mehlolo e nehoa batho ba bang. Mohlolo ke ntho e ’ngoe eo Ntat’a rona ea Maholimong a re etsetsang eona e kholo ho feta eo rona ka bo rona re bang le matla a ho iketsetsa eona. Jesu o boletse ka Testamenteng e Ncha le ka Bukeng ea Mormone hore ho tla ba le mehlolo ho ba lumelang ho Eena.

Satane A Ka Etsisa Matla Ana a Moea

Satane a ka etsa hore lintho tse kang tsa ’nete tsa limpho tsa moea li etsahale. A ka iketsa eka ke lengeloi. A ka etsa lintho tsa bokhopo li shebahale li lokile. A ka etsa moporofeta oa leshano a hlahe eka oa ’nete. A ka etsa mehlolo ho thetsa batho. Baloi, ba buellang, linohe, le ba ts’oanang le bona ba amohela matla a Satane ebile ha se balateli ba Jesu. Re tlameha ho ba hole le Satane.

Satane a ka etsa hore lintho li shebahale e le ’nete hoo tsela ea ho tseba hore ke leshano e bang ho botsa Ntat’a rona ea Maholimong. Re tla ba le boikutlo bo sa tsitsang bo se nang khotso, ha Satane kapa balateli ba hae ba etsisa limpho tsa moea. Mpho ea ho tseba ha limpho tsa moea e le tsa ’nete leha e le tsa Satane o bitsoa mpho ea kutloisiso.

Puisano

  • Limpho tsa moea ke eng?

  • Re ka hlalohanya joang limpho tsa moea tsa ’nete ho tsa Satane?

Re Lokela Ho Sebeletsa Ho Ntlafatsa Le Ho Sebelisa Limpho Tseo Re Nang Le Tsona

Re ka ithuta limpho tseo re nang le tsona ha re ithuta, re itima lijo, re rapela. Re ka sebelisa limpho tsa rona ha feela re mamela litaelo tsa Jesu. E be re li sebelisa ho thusa ba bang le ho thusa ho aha Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno. Ha re sa ntlafatse le ho sebelisa litsebo tsa rona, re tla lahleheloa ke tsona.

Jesu o boletse hore ha rea lokela ho ithorisa ka limpho tseo re hlohonolofalitsoeng ka tsona. Ha rea lokela ho bua ka tsona ho batho ba ke keng ba utloa li halalela. Limpho tsena re li nehoa bakeng sa bophelo ba rona le ho hloholonofatsa ba bang. Re tlameha ho hopola hore limpho tsena li ea halalela. Jesu o re neha limpho tsena ka Moea o Halalelang. O kopa feela hore re Mo lebohe ka limpho tsena re be re li sebelise ka moo a batlang li sebetse kateng.

Puisano

  • Re ka fumana joang hore na re na le limpho li feng?

  • Re boloka limpho tsa moea li halalela joang?

Mpho ea Moea o Halalelang E Ka Ba Bohlokoa Ho Rona

Re tlameha ho leka ho etsa botle kamehla le ho mamela Jesu kapa ha re na ho ba le ts’usumetso ea Moea o Halalelang. Re lokela ho ba le menahano e lokileng. Ha re etsa se fosahetseng, re tlameha ho baka. Re tlameha ho leka ho utloisisa lintho tseo Moea o Halalelang o re bolellang tsona. Re tlameha ho latela boeletsi boo a re nehang bona.

Ha re lakatsa ho mamela Jesu ka bots’epehi, mpho ea Moea o Halalelang e tla hlohonolofatsa maphelo a rona. O re thusa ho ba le thabo le ho itlhophela bophelo le Ntat’a rona ea Maholimong.

Puisano

  • Re ka etsa eng hore Moea o Halalelang a re thuse?

Hatisa