Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 36: Bophelo ba Bosafeleng


Setśoantśo
leholimo le tletse khanya

Ba ts’epahalang ho fihlela qetellong ba tla phahamisoa le Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu Kreste.

Khaolo ea 36

Bophelo ba Bosafeleng

Re tla phela kae kamor’a Kahlolo ea Ho Qetela?

Re tla Ea Libakeng Tseo re Itlhophetseng Tsona

Jesu o re rutile hore Ntat’a rona ea Maholimong o re lokiselitse libaka tse ngata tsa ho lula. Motho ka mong o tla beoa ho se seng sa libaka tse ’ne hoea kamoo re ts’epahetseng ho Jesu Kreste ka teng. Re tla ea ’musong oo re itlhophetseng oona ka likhetho tseo re li entseng. Libaka tsena tse ’ne ke ’muso oa seletiale, ’muso oa therestiale, ’muso oa telestiale, le lefifing le kantle.

’Muso oa Selestiale

Sena ke sebaka seo Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu ba phelang ho sona. Ke sebaka seo batho ba tlang ho thaba, ’me e tla ba sebaka se setle ho fetisisa ka moo re ka nahanang. Batho ba tla phela ’musong ona ba tla rata Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu ’me ba tla khetha ho ba mamela. Ba tla be ba bakile libe tsa bona tsohle ’me ba tla be ba amohetse Jesu joalo ka Mopholosi oa bona. Ba tlameha ba be ba kolobelitsoe ’me ba amohetse mpho ea Moea o Halalelang. Ba tlameha ho ba le bopaki ba Moea o Halalelang hore Jesu ke Mopholosi.

Ho phela karolong e phahameng ea ’muso oa selestiale ho bitsoa phahamiso* kapa bophelo ba bosafeleng. Ho phela karolong ena ea ’muso oa selestiale, batho ba tlameha ba be ba nyalane tempeleng ’me ba bolokile lits’episo tse halalelang tseo ba li entseng tempeleng. Ba tla amohela tsohle tseo Ntat’a rona ea Maholimong a nang le tsona ’me ba tla ba joaloka eena. Ba tla ba le bana ba moea ’me ba tla etsa mafats’e a macha hore ba phele teng le ho etsa tsohle tseo Ntat’a rona ea Maholimong a li entseng. Batho ba sa nyaloang tempeleng ba ka ’na ba phela likarolong tse ling tsa ’muso oa selestiale, empa ba ke ke ba phahamisoa.

’Muso oa Therestiale

’Muso ona ha o hlolle joaloka ’muso oa selestiale. Leha e le moo Jesu a tla etela ’muso oa therestiale, ba phelang moo ba ke ke ba phela le Ntat’a rona ea Maholimong, ’me ba ke ke ba ba le tsohle tseo a nang le tsona. Ba tla ea ’musong oa therestiale e tla ba batho ba hlomphehang. Ba bang ba bona e tla be e le litho tsa Kereke, ha ba bang e tla be e se tsona. E tla be le ba sa amohelang Jesu lefats’eng empa ba tla mo amohela hamorao lefats’eng la moea. Batho ba tla phela moo, ha e na ho ba karolo ea lelapa la bosafeleng empa ba tla phela ba arohane, ntle le malapa. Ntat’a rona ea Maholimong o tla neha batho bana thabo eo ba itlhophetseng ho e amohela.

’Muso oa Telestiale

’Muso ona ha o hlolle joaloka ’muso oa selestiale kapa ’muso oa therestiale. Ntat’a rona ea Maholimong kapa Jesu ha ba na ho etela ba phelang mona. Mangeloi a tla etela batho bana, ’me ba tla ba le ts’usumetso ea Moea o Halalelang. Batho ba phelang ’musong oa telestiale ke ba sa amohelang evangeli kapa bopaki ba Jesu, lefats’eng kapa lefats’eng la moea. Ba tla sotleha ka lebaka la libe tsa bona lefats’eng la moea ho fihlela Lilemo tse Sekete. ’Me qetellong ba tla tsoha bafung.

Ha ba le lefats’eng, ba ne ba le leshano, e le masholu, balolai, baporofeta ba bohata, lihlola, le ba tlaetseng ka lintho tse halalelang. Ke batho ba ileng ba amohela litumelo tsa lefats’e ho fapana le lithuto tsa Jesu. Batho ba bangata ba tla phela ’musong ona. Ntat’a rona ea Maholimong o tla neha batho bana thabo eo ba itlhophetseng ho e amohela.

Lefifing le Kantle

Lefifing le kantle ke moo Satane le baleteli ba hae ba tlang ho phela. Batho bana e tla ba ba khethileng ho phela le Satane. Ba ke ke ba ts’oareloa. Batho bana ba tla phela ka ho sa feleng lefifing, ba saretsoe, ’me ba tla sotleha le Satane le meea e ileng ea mo latela.

Puisano

  • Ke ’muso ofe oo re tlamehang ho itlhophela oona hore re be joaloka Ntat’a rona ea Maholimong?

  • Ke life lintho tseo re tlamehang ho li etsa lefats’eng hore re lokeloe ke ho phela le Ntat’a rona ea Maholimong?

Ntat’a rona ea Maholimong O re Nehile Evangeli Ho Itlhophela Bophelo ba Bosafeleng ’Musong oa Selestiale

Ntat’a rona ea Maholimong o neha emong le e mong oa rona monyetla oa ho ba le bophelo ba bosafeleng le eena. Bophelo ba bosafeleng ke bophelo boo Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu ba bo phelang. Ntat’a rona ea Maholimong o phethehile. O tseba tsohle. O na le matla a ho etsa lintho tsohle. O busa lintho tsohle. O phela ho ea ka linnete le melao ea bosafeleng.

Jesu o ile a mamela Ntat’a rona ea Maholimong, ka hona O phela le eena. Ha re etsa lintho tseo Jesu a li rutileng ho li etsa, re tla tseba ho phela joalo ka eena le Ntat’a rona ea Maholimong. Ho ba le bophelo ba bosafeleng le Ntat’a rona ea Maholimong, ke mpho e kholohali eo a ka re nehang eona. E tla re tlisetsa thabo e ngata ho feta eng kapa eng.

Evangeli e re bolella tsohle tseo re hlokang ho li tseba le tseo re hlokang ho li etsa ho ba le bophelo ba bosafeleng. E re thusa ho tseba Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu. E re ruta ho phela ka moo Ba phelang. Ka ho rapela le ho bala mangolo a halalelang, re ka Ba tseba haholoanyane. Ha re Ba tseba le ho Ba rata, re tla batla ho mamela mantsoe a Bona. Ha re mamela, re tla tseba ho ba joaloka Bona ’me re tla lokeloa ke ho phela le Bona ka ho sa feleng.

Puisano

  • Bophelo ba bosafeleng ke eng? Ke mang ea tla bo amohela?

  • Evangeli e thusa joang ho re hlophela bophelo ba bosafeleng?

Ntat’a rona ea Maholimong O tla re Thusa Ha re Khetha Ho Mamela Evangeli

Ntat’a rona ea Maholimong o oa tseba hore re ka phela evangeli ’me ra amohela bophelo ba bosafeleng. Kaha re bana ba Hae, re na le matla a ho ba joaloka Eena. O tseba bofokoli ba e mong le e mong oa rona le lintho tse tlang ho re leka. O re lumeletse ho tla lefats’eng nakong le sebakeng tse tlang ho re neha menyetla ea ho etsa lintho tse lokileng le ho ithuta.

Ena ke nako ea ho etsa tsohle tseo re li hlokang ho amohela bophelo ba bosafeleng. Ntat’a rona ea Maholimong o oa re rata ’me O batla re atlehe. O entse tsohle bakeng sa rona. O re neile lefats’e moo re tlang ho ithuta ’me re hole. O rometse Mora oa Hae Jesu Kreste, ho ba Mopholosi oa rona ’me a re rute evangeli. O re memme hore re Mo rapele. O entse hore Moea o Halalelang e be motataise. Joale re hloka ho etsa lintho tsena. Ha re khetha ho ba le tumelo ho Jesu Kreste me re mo mamela, O tla re thusa le ho re neha matla a ho hlola liteko le mathata a mang a bang teng maphelong a rona.

Ntat’a rona ea Maholimong o re kopile ho amohela evangeli. Ho etsa sena re tlameha ho ba le tumelo ho Jesu Kreste pele. Re tlameha ho baka libe tsa rona hore re kolobetsoe ’me re tiisoe joaloka litho tsa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno. Ha re tiisoa, re amohela mpho ea Moea o Halalelang ho tsoa ho ea nang le matla a boporista. Moea o Halalelang o bolella e mong le e mong oa rona seo Jesu a batlang re se etse, ’me ho amohela bophelo ba bosafeleng re tlameha ho qeta maphelo a rona re mamela le ho Mo sebeletsa.

Jesu o batla bohle re mamele litaelo ho re thusa ho itlhophela ho khutla re ilo phela le Ntat’a rona ea Maholimong. Tsena li kenyeletsa ho mamela molao oa bohloeki, ho patala boshome le liabelo, ho mamela Lentsoe la Bohlale, ho ts’epahala ka nako tsohle, le ho boloka letsatsi la Sabatha le halalela.

Hore re be joaloka Ntat’a rona ea Maholimong re tlameha ho amohela lits’ebeletso tse fanoang tempeleng tse tsejoang e le hlohonolofatso ea tempele.* Re hloka ho tiisoa teng hore re tle re be ’moho le malapa a rona bosafeleng. Re lokela ho batla mabitso le tlhahisoleseling mabapi le maloko a rona a shoeleng ’me re fane ka seo re se fumanang ho kereke, hore ba etsetsoe lits’ebeletso tse hlokehang tempeleng.

Jesu o re laetse ho etsa lintho tse ngata. Tsena li kenyeletsa ho bolella ba bang ka evangeli, ho ba rata le ho ba thusa, le ho ba mehlala e metle ho bona.

Re lokela hape ho boloka lits’episo tsohle tseo re li entseng ho Ntat’a rona ea Maholimong, ho ea likopanong tsa Kereke khafetsa, ho ruta malapa a rona evangeli ka ho ithuta mangolo a halalelang kamehla, le ho rapela ka bo mong le ka lelapa la rona letsatsi le letsatsi.

Ha re na le tumelo ho Jesu Kreste ’me re mamela litaelo tsa hae tsohle, re tla amohela bophelo ba bosafeleng ’me re be joaloka Ntat’a rona ea Maholimong.

Ho ba joaloka Ntat’a rona ea Maholimong ho ts’oana le ho hloa leri. Re tlameha ho qala tlaase ’me re hloe mohato ka mong ho fihlela re fihla holimo. Moporofeta Joseph Smith o boletse hore ha re batla ho ba joaloka Ntat’a rona ea Maholimong, re tlameha ho ithuta hore na o ikutloa joang, o nahana joang le ho nka khato joang. Ha re utloisisa lintho tsena ka Eena, re ka ithuta lintho tsohle ka Eena ho fihlela re tseba ho ba joaloka Eena.

E tla re thusa ho hopola hore Ntat’a rona ea Maholimong e kile ea ba motho ea phelang lefats’eng, ka tsela e ts’oanang le rona. E bile Ntat’a rona ea Maholimong ka ho hlola mathata, joaloka ha re lokela ho etsa lefats’eng lena. Leha ho le joalo, Moporofeta Joseph Smith o boletse hore re ke ke ra ithuta tsohle tseo re li hlokang ha re le lefats’eng lena. Ho tla re nka nako e telele kamor’a hore re qete bophelo bona hore re tsebe lintho tsohle tseo re lokelang ho li tseba hore re be joaloka Ntat’a rona ea Maholimong.

Ha re ithuta litaelo tsohle tsa Ntat’a rona ea Maholimong, nahana hore na re tla thaba joang ha re khutlela ho Eena ’me a re bolella hore O thabisitsoe ke bophelo boo re bo phetseng le hore re tla ba joaloka Eena le ho phela le eena ka ho sa feleng.

Puisano

  • Hobaneng e mong le e mong oa rona a ka tseba ho ba joaloka Ntat’a rona ea Maholimong?

  • Re ka etsa eng ho ba le bophelo boo Ntat’a rona ea Maholimong a nang le bona?

  • Ntat’a rona ea Maholimong o re thusa joang ho ba joaloka eena?

  • Hlalosa ka moo u ka ikutloang ka teng ho utloa Ntat’a rona ea Maholimong a u bolella hore u entse hantle ’me O oa u rata.

Hatisa