Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 34: Lilemo tse Sekete


Khaolo ea 34

Lilemo tse Sekete

Lilemo tse Sekete ke eng? Bophelo e tla ba bo joang lefats’eng nakong ea Lilemo tse Sekete?

Batho ba Lokileng ba tla Phela Lefats’eng Nakong ea Lilemo tse Sekete

Ha Jesu a tla hape O tla busa lefats’e lilemo tse 1,000. Nako eo e tla tsejoa e le Lilemo tse Sekete.

Lilemo tse Sekete e tla ba nako ea khotso le toka. Jesu o tla hloekisa lefats’e ho sebe pele Lilemo tse Sekete li qala. Batho bohle ba khopo ba tla timetsoa. Ke batho ba lokileng feela ba tla pholosoa ba phele lefats’eng ka nako ena. Satane ha ana ho ba le matla ho batho hape ho fihlela qetellong ea Lilemo tse Sekete.

Moporofeta Joseph Smith o boletse hore maholimo a tla etela lefats’e khafetsa nakong ea Lilemo tse Sekete. A tla thusa ka mosebetsi o etsoang ka tempeleng le mosebetsi oa baruti har’a lichaba.

Puisano

  • Lilemo tse Sekete ke eng?

  • Ke mang a tla phela lefats’eng nakong ea Lilemo tse Sekete?

  • Leka ho nahana hore na ho tla ba joang ho phela sebakeng se se nang bokhopo.

Mesebetsi e Meholo e ’Meli e tla Etsoa Nakong ea Lilemo tse Sekete

Mosebetsi oa pele o moholo e tla ba ho etsa lits’ebeletso tempeleng bakeng sa ba phelang le ba shoeleng. Batho ba tsohileng bafung ba tla thusa batho ba phelang lefats’eng ho fumana mabitso a maloko a bona a shoeleng ’me ba lokise liphoso polokelong ea lingoliloeng.

Lits’ebeletso tsohle tse hlokehang ho tiisa ha bosafeleng ha malapa ’moho, o tla etsoa litempeleng. Malapa a tla hokahanngoa ho tloha ho mongoaha o mong ho isa ho o mong ho tloha nakong ea Adama.

Mosebetsi o mong o moholo ke ho ruta evangeli. Bohle ba tla utloa evangeli le ho e amohela. Batho ba bang beo e seng litho tsa Kereke ea Jesu ba tla ba be ba ntse ba phela lefats’eng ha Lilemo tse Sekete li qala. Leha hole joalo, qetellong, batho bohle ba tla tseba le ho bolela hore Jesu ke Mopholosi oa lefats’e.

Puisano

  • Mesebetsi e meholo e ’meli e tlang ho etsoa nakong ea Lilemo tse Sekete ke e fe?

Bophelo e Tla ba Bo Joang Lefats’eng Nakong ea Lilemo tse Sekete

Nakong ea Lilemo tse Sekete, lefats’e le tla ba joaloka ha Adama le Eva ba ne ba le Serapeng sa Edene. Ha ho na ho ba le lintoa. Jesu o tla busa Kereke le ’muso. Melao eohle e tla ipapisa le’nete le metheo e lokileng. Ho tla ba le litoropo tse peli. E ’ngoe e tlaba Jerusalema. Toropo e ’ngoe e tla ba Jerusalema e Mocha, Amerika e Leboea.

Batho ba tla phela ka khotso le lerato. Liphoofolo tsohle, le tseo e leng lira kajeno, li tla phela ’moho ka khotso. Li ke ke tsa hlola li loants’ana.

Ho ke ke hoa eba le mafu, ’me ho ke ke hoa eba le lefu. Ha batho ba tsofala, ba ke ke ba shoa joaloka ha re shoa kajeno. Ba tla fetohela ho tsela eo ba neng ba le eona ebe ba phela ka ho sa feleng, ho bolela hore ba ke ke ba shoa hape.

E tlaba tlotla e kholo ho phela nakong ea Lilemo tse Sekete. Lintho tseo re sa li utloisiseng kajeno, li tla hlaka ho rona. Bophelo bo tla ts’oana le ba joale, ho tla fapana hore tsohle litla etsoa ka lerato le khotso. Batho ba tla tsoelapele ho ba le bana le ho ba holisa, ba tla lema le ho kotula, le ho aha matlo.

Puisano

  • Lefats’e le tla ba joang nakong ea Lilemo tse Sekete?

Bothata bo Bong bo Tla Hlaha Qetellong ea Lilemo tse Sekete

Qetellong ea Lilemo tse Sekete, Satane o tla qala ho ba le matla hape lefats’eng. Batho ba bang ba tla lumela ho eena. Satane le ba mo latelang ba tla loants’a ba latelang Jesu. Satane le ba mo latelang ba tla hloloa ka ho sa feleng. Kamor’a ntoa ena, batho ba tla ahloloa, ’me ba fuoe mebuso eo ba tlang ho phela ho eona eo ba itlhophetseng.

Puisano

  • Ho tla etsahala eng qetellong ea Lilemo tse Sekete?

Hatisa