Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 7: Moea o Halalelang


Khaolo ea 7

Moea o Halalelang

Ntat’a rona ea Maholimong o khethile motho ea re bolellang litaba tseo a batlang re li tsebe. Ke mang motho eo, re ka ithuta ho utloa melaetsa ea Ntat’a rona ea Maholimong joang?

Moea o Halalelang O Sebetsa le Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu Ho re Thusa

Moea o Halalelang o sebetsa le Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu Kreste. O re netefaletsa hore Ba ea phela ’me Ba ea re rata. O Ba thusa ho re ruta lintho tseo re ts’oanelang ho li tseba le ho li etsa le ho re thusa ho hlompha melao ea Bona. Ha ana ’mele oa nama le masapo joaloka Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu. Ke moea. O shebahala joaloka motho.

Ntat’a rona ea Maholimong, Jesu Kreste, le Moea o Halalelang ke batho ba fapaneng. Ba sebetsa ha ’moho ho re thusa hore re ithute lintho tseo re ts’oanelang ho li tseba le ho li etsa. Ha re amohela melaetsa e hlahang ho Ntat’a rona ea Maholimong kapa ho Jesu, ke Moea o Halalelang o li tlisang ho rona. O re thusa ho hlompha litaelo tsa Bona.

Puisano

  • Moea o Halalelang o sebetsa le mang?

  • Moea o Halalelang o fapane joang le Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu Kreste?

Mosebetsi oa Moea o Halalelang

Moea o Halalelang o re ruta ka Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu Kreste. O re bolella hore Ba ea phela ’me Ba ea re rata. O re bolella hore Ntat’a rona ea Maholimong Ke Ntate oa meea ea rona. O re bolella hore Jesu ke Mopholosi oa rona.

Moea o Halalelang o re thusa ho utloisisa ka Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu le lintho tseo re tlamehang ho li etsa hore re tle re khutlele leholimong. O re thusa ho ithuta le ho utluisisa linnete tsohle.

Moea o Halalelang o re neha matla a ho hlompha melao ea Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu Kreste. A ka re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng ha re khetha lipakeng tsa lintho tse peli. O re neha khotso ka nako ea mathata.

Puisano

  • Mosebetsi oa Moea o Halalelang ke ofeng?

  • Moea o Halalelang o ka re thusa ho tseba eng?

  • Moea o Halalelang o ka re thusa ho etsa eng?

Moea o Halalelang O re Ruta ka Tsela e Matla

Moea o Halalelang o re ruta ka se nepahetseng le se fosahetseng. Thuto ena e matla hoo re kekeng ra e lebala. Moea o Halalelang ha o bue le rona ka tsela eo re ka utloang ka litsebe. Empa, O etsa hore re nahane kapa re ikutloe hore seo rese balang kapa re se utloang ke nnete kapa che. Boikutlo bona ke bo tebileng haholo.

Matla a Moea o Halalelang a ka utluoa ke batho ba bangata ka nako e le ’ngoe. Ho utloisisa sena haholo, nahana ka letsatsi. Ho na le letsatsi le le leng, empa khanya le mofuthu oa lona li utluoa ke batho ba bangata libakeng tse ngata ka nako e le ’ngoe. Moea o Halalelang o ka utluoa ka tsela e ts’oanang. Matla a Hae a ka utloahala libakeng tse ngata ka nako ele ’ngoe le ha Eena ka bo Eena a le sebakeng se le seng.

Puisano

  • Moea o Halalelang o re bolella joang lintho tseo re ts’oanelang ho li tseba?

  • Moea o Halalelang o thusa batho ba bangata joang ka nako e le ’ngoe?

Moea o Halalelang o tla Re Thusa Bohle

Kamor’a hore Ntat’a rona ea Maholimong a leleke Adama le Eva Ts’imong ea Edene, ba ile ba rapela ba kopa ho tseba lintho tseo a neng a batla hore ba li etse. Ntat’a rona ea Maholimong o ile romela Moea o Halalelang ho ba ruta ka eena le Jesu le ka lintho tseo Adama le Eva ba neng ba lokela ho li etsa. Moea o Halalelang o ile a ba bolella hore lithuto tsa Ntat’a rona ea Maholimong ke nnete. O ile a ba neha matla a ho etsa lintho tseo Ntat’a rona ea Maholimong a batlang hore ba li etse.

O ile a ba thusa ho ikokobetsa le ho leboha ka lintho tseo Ntat’a rona ea Maholimong a ba etselitseng tsona.

Ka tataiso ea Moea o Halalelang, Adama le Eva ba ile ba ithuta ho re ba ka phela le Ntat’a rona ea Maholimong ka letsatsi le leng ha ba ka latela Jesu le ho litaelo melao ea Hae. Tataiso ea Moea o Halalelang e ile ea ba thabisa.

Ntat’a rona ea Maholimong o rata e mong le e mong oa rona. O romella Moea o Halalelang ho re tataisa, le ho re ruta ’nete. Le ha hole joalo, Moea Halalelang o tla re thusa ha feela re leka ka matla ho latela melao ea Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu Kreste. Ha re sa leke ka ’nete ho hlompha litaelo tsa Bona, kapa re sa batle Moea o Halalelang ho re ruta, A ke ke a re bolella letho. Re tla ba le bophelo bo betere ha re latela lithuto tsa Moea o Halalelang.

Puisano

  • Moea o Halalelang o ile oa thusa Adama le Eva joang?

  • Re ka etsa joang ho fumana thuso ea Moea o Halalelang?

Hatisa