Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 13: Tumelo ho Jesu Kreste


Setśoantśo
Healing the Blind Man, [Ho folisoa Monna oa Sefofu] ka Carl Heinrich Bloch

Monna oa sefofu o ne a ena le tumelo ea hore Kreste o tla mo folisa.

Khaolo ea 13

Tumelo ho Jesu Kreste

Re ka lumela ho Jesu Kreste joang leha re so mo bone?

Re Ka Lumela Ho Jesu Kreste Ra Mo Ts’epa

Ho ba le tumelo ho bolela hore re lumela ho motho kapa ntho eo re sa e boneng, ’me re etsa ho ea ka tumelo eo. Mohlala, sehoai se na le tumelo ea hore limela litla hola ha a lema peo ’me a e hlokomela. Joale o lema peo le ho e noesetsa le ho e hlokomela. Ha a etsa sena, limela li ea hola ’me li mo nehe lijo.

Ho ba le tumelo ho Jesu ho bolela ho lumela hore o ea phela ’me rea mo mamela, leha re sa ’mone. Tsena ke lintho tseo re li lumelang ka Jesu ha re lumela ho eena:

  1. Re lumela hore Ntat’a rona ea Maholimong o khethile Jesu ho re thusa ho latela moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong.

  2. Re lumela hore Jesu ke Mopholosi oa rona.

  3. Re lumela hore O tsoetsoe lefats’eng lena e le Mora oa Ntat’a rona ea Maholimong.

  4. Re lumela hore O tlile lefats’eng ho tla re ruta hore na reka khutlela joang ho Ntat’a rona ea Maholimong.

  5. Re lumela hore O oa re rata.

  6. Re lumela hore O sotlehile ka lebaka la libe tsa rona hore re bake le hore re se ke ra ahloloa ka lebaka la tsona.

  7. Re lumela hore O ile a shoa ’me a tsoha bafung.

  8. Re lumela hore lithuto tsa Hae ke ’nete.

  9. Re lumela hore ha re mamela Jesu re ka khutla ho ea phela le Ntat’a rona ea Maholimong.

Ho ba le tumelo ho Jesu Kreste ho bohlokoa tabeng ea ho khutlela ho Ntat’a rona ea Maholimong. Ha re na le tumelo ho Eena, re a Mo ts’epa ’me re batla ho ithuta ka Eena. Jesu ke eena feela ea ka re tataisang ho khutlela ho Ntat’a rona ea Maholimong. Ke feela ba lumelang ho Jesu ’me ba Mo mamela ba tla khutlela ho phela le Ntat’a rona ea Maholimong.

Puisano

  • Tumelo ke eng?

  • Tumelo ho Jesu ke eng?

  • Ke li fe lintho tseo re li lumelang ka Jesu?

  • Hobaneng re hloka ho ba le tumelo ho Jesu Kreste?

Jesu O Re Nehile Tsela Ea Ho Lumelo ho Eena

Jesu o re boleletse na re ka ithuta joang ka Eena le hore na re ka mo ts’epa joang. O re boleletse hore re bale mangolo a halalelang le hore re ithute ka tseo baporofeta ba li ngotseng ka Eena. O re kopile hore re mamele moporofeta ea phelang kajeno. Ha re etsa tsena, re ithuta haholoanyane ka Jesu.

Ha re ntse re ithuta ka Jesu, re lokela ho rapela. Re lokela ho kopa Ntat’a rona ea Maholimong ho re thusa ho utloisisa seo re se balang le ho se utloa ka Jesu. Ntat’a rona ea Maholimong o tla romela Moea o Halalelang ho re thusa ho utloisisa lintho tseo re ithutang tsona. Moea o Halalelang o tla re bolella hore Jesu ke Mora oa Ntat’a rona ea Maholimong, hore Jesu ke Mopholosi oa rona le hore lithuto tsa Jesu ke ’nete.

Moporofeta ea bitsoang Alma o itse ha re batla ho tseba na ntho ke ’nete kapa che, re lokela ho e hlahloba. O bapisitse hona le ho jala peo. Ha re lema peo e ntle re e tsotella, e tla hola, ’me re tla tseba hore e ne e le peo e ntle. Ha peo e sa mele, re tla tseba hore e ne e le peo e mpe. Ha re batla ho tseba hore na lithuto tsa Jesu ke ’nete, re lokela ho ithuta tsona le ho li mamela.

Tumelo ho Jesu ho bolela ho feta hore feela re lumela ho eena. Ho bolela ho Mo ts’epa haholo hoo re batlang ho mamela eng kapa eng eo A re laelang ho e etsa. Ke ba mamelang Jesu feela ba nang le tumelo e tiileng ho eena. ’Me ha re mo mamela, tumelo ea rona ho Eena e ba e tiileng. Re ithuta hore lithuto tsa Hae li tsoa ho Ntat’a rona ea Maholimong eseng ho motho.

Ha re sa mamele Jesu, tumelo ea rona ho eena e ba e fokolang. Ha re etsa lintho tseo a re laelang hore re li etse, tumelo ea rona e ea hola. Tumelo ea rona e ka tsoelapele ho hola ho fihlela re eba le tsebo ea hore O oa phela, joaloka ha eka rea mo bona.

Puisano

  • Re ka ba le tumelo ho Jesu joang leha re so mo bone?

  • Hobaneng re lokela ho mamela Jesu hore re be le tumelo ho eena?

Re Ka Amohela Leseli Le Leholo le Matla Ha Re Na Le Tumelo Ho Jesu

Baporofeta bao re balang ka bona ka hare ho mangolo a halalelang ba ne ba na le tumelo e tihileng ho Jesu. Tumelo ena e ba nehile matla a ho thusa batho ba bona. Hobane ba ne ba na le tumelo ho Jesu, ba ne ba na le matla a ho etsa lintho tseo ba neng ba ke ke ba li etsa ka bo bona.

Pele Jesu a tsoaloa lefats’eng, Ntat’a rona ea Maholimong o ile a mo laela ho bolella moporofeta ea bitsoang Noe ho aha sekepe hobane Ntat’a rona ea Maholimong o ne atlo romela likhohola tse matla ha batho ba khopo ba nakong ea Noe ba sa bake. Batho ha ba ka ba baka. Noe o ile a lumela Jesu ’me a aha sekepe. Ha likhohola li fihla, batho bohle ba ileng ba hana ho baka ba ile ba bolaoa; empa Noe le lelapa la hae ba ile ba bolokeha ka har’a sekepe hobane ba ile ba lumela Jesu ’me ba entse seo a ba boleletseng sona.

Moshe e ne e le moporofeta ea ileng a nts’a batho ba hae bokhobeng. Ntat’a rona ea Maholimong o ile a romela Jesu ho thusa Moshe hobane Moshe o ne a lumela ho Jesu ’me o ile a etsa lintho tseo Jesu a mo boleletseng hore a li etse.

Ha Jesu a ntse a phela lefats’eng, mosali o ile a ba le tumelo e kholo ho eena. O ne a ile a kula nako e telele, ’me a lumela hore ha a ka ama liaparo tsa Jesu, o tla fola. Jesu o ne a tsamaea har’a lets’oele la batho. O ile a sututsa har’a lets’oele ho leba ho Eena ’me a ama liaparo tsa Hae. O ile a fola hang. Jesu o ile a mo bolella hore tumelo ea hae e mo pholositse.

Moporofeta Joseph Smith o bile le tumelo ho Jesu Kreste. O ile a bala ka har’a Bibele hore Ntat’a rona ea Maholimong o tla araba lithapelo ha re lumela hore o tla etsa joalo. Joseph o ile a rapela Ntat’a rona ea Maholimong. Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu ba ile ba itlhahisa ho Joseph. Ntat’a rona ea Maholimong o ile a bolella Joseph ho utloa Jesu ’me a mo mamele. Joseph o ile a mamela Jesu ’me a tseba ho amohela Buka ea Mormone le ho thusa ho tsosolosa Kereke ea Jesu Kreste.

Jesu o tla re thusa ha re na le Tumelo ho eena. O tla re thusa ka mathata a rona. O tla re thusa ha re nyahama. O tla re thusa ho hlola sebe. Re tla khona ho thusa ba malapa a rona le ba bang.

Ha re na le tumelo ho Jesu, re qala ho latela moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong. Re qala ho phela le ho etsa lintho tse tlang ho re thusa ho khutlela ho Ntat’a rona ea Maholimong. Ha re ntse re tsoelapele, ka letsatsi le leng re tla phela le Eena ka ho sa feleng.

Puisano

  • Ke leseli le matla tsa mofuta o feng tseo re ka bang le tsona ha re na le tumelo ho Jesu?

Hatisa