Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 4: Re Na Le Bolokolohi Ba Ho Khetha


Khaolo ea 4

Re Na Le Bolokolohi Ba Ho Khetha

Kaofela ha rona re etsa likhetho letsatsi le leng le le leng. Ntat’a rona ea Maholimong O re nehile tokelo ea ho ikhethela. Hobaneng re ts’oanela ho leka ho etsa likhetho tse nepahetseng?

Ntat’a rona ea Maholimong O re Neha Tokelo ea Ho Khetha

Maholimong re ne re na le bolokolohi ba ho khetha. Re ne re na le bolokolohi ba ho latela Jesu kapa Satane. Boholo ba bana ba Ntat’a rona ea Maholimong bo ile ba khetha ho latela Jesu. Ba bang ba ile ba latela Satane. Ntat’a rona ea Maholimong o ile a lokolla bana ba Hae bohle ho etsa khetho ea bona.

Ntat’a rona ea Maholimong o re nehile tokelo ea ho ikhethela le mona lefats’eng. Ha a tla lefats’eng o entse hore re lebale bophelo boo re bo phetseng le Eena. Re ne re hloka ho ithuta ho ikhethela ha re se pela Hae.

Puisano

  • U ikutloa joang ha u qobelloa ho etsa se seng?

  • U ikutloa joang ha motho e mong a o lumella ho ikhethela lintho tseo u batlang ho li etsa?

Moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong O Ka Sebetsa Ha fela Re ka Ba Le Bolokolohi Ba Ho Khetha

Karolo ea moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong e ne ele ho re romela lefats’eng moo ho tlang ho ba le lintho tse mpe le tse ntle. O batla re khethe botle. Satane o leka ho re susumetsa ho khetha bobe. Re na le bolokolohi ba ho khetha lipakeng tsa botle le bobe.

Ha re etsa likhetho tse nepahetseng, re ba monyetleng oa ho etsa lintho tseo Ntat’a rona ea Maholimong a batlang hore re li etse. Ha re etsa lintho tseo Ntat’a rona ea Maholimong a batlang re li etse re ba joaloka eena. Re fumana ka bo rona lintho the nepahetseng tseo re ts’oanelang ho li etsa. Re utloisisa ka mokhoa o ntlafetseng lintho tse re thabisang le tse re koatisang.

Ha re ne re sa khone ho ikhethela, re ne re sa tlo fumana monyetla oa ho ba joaloka Ntat’a rona ea Maholimong. Re ne re ke ke ra khona ho ikhethela lintho tse ntle. Re ne re tla sitoa bo bonts’a Ntat’a rona ea Maholimong lerato la rona ho eena le hore ruri re batla ho mo latela.

Puisano

  • Hobaneng re tlameha ho ba le tokelo ea ho khetha?

Ho Khetha Ho Mamela Ntat’a rona ea Maholimong Ho Etsa Hore Re Thabe

Likhetho tse nepahetseng li re tlisetsa litholoana tse ntle; likhetho tse fosahetseng li re tlisetsa litholoana tse bosula. Ha re khetha ho mamela Ntat’a rona ea Maholimong re tla thaba le ho ba batho ba betere. Ha re khetha ho se Mo mamele, re tla sulafalloa ’me re ke ke ra ba batho ba betere.

Ha re etsa likhetho tse nepahetseng, rea bona hore re thaba ka lebaka la tsona. Re ithuta hore re ts’oanela ho etsa lintho tse ngata tse ntle. Ha re bona hore ho khetha lintho tse lokileng ho ea re thabisa, re batla ho etsa likhetho tse ling tse ngata tse lokileng. Re labalabela haholo ho loka. Re ka etsa likhetho tse nepahetseng ha bonolo hobane re na le tsebo ea hore litholoana tsa tsona li molemo ho rona. Re ithuta lintho tseo re ts’oanelang ho li tseba le ho li etsa ho ba joaloka Ntat’a rona ea Maholimong.

Ha re etsa likhetho tse fosahetseng, re ea hlora re tlaloa le ke lihlong. Ha re tsoelapele ho etsa lintho tse fosahetseng, Satane o ba le matla holim’a rona. Ho ba thata ho khetha botle. Re emisa ho leka ho latela moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong.

Puisano

  • Nahana ka tse ling tsa likhetho tseo u li entseng. Litholoana e bile tse joang?

  • U ka khetha joang ho ba le thabo le ho khutlela ho lula le Ntat’a rona ea Maholimong?

  • Ho etsa khetho e nepahetseng ho u thusa joang ho etsa likhetho tse ling tse nepahetseng?

  • Ho khetha lintho tse fosahetseng ho u thibela joang ho etsa likhetho tse nepahetseng nakong e tlang?

Ntat’a rona ea Maholimong O tla Re Thusa Ho Etsa Likhetho Tse Lokileng

Ntat’a rona ea Maholimong o batla re etse likhetho tse lokileng hore re ithute lintho tseo a li tsebang, re etse lintho tseo a li etsang, re be le lintho tseo a nang le tsona. O oa tseba hore re tla thaba re be re khutle re ilo lula le Eena ha re khetha ho etsa hantle.

Ntat’a rona ea Maholimong o batla ho re thusa ho etsa likhetho tse lokileng. Ka thuso ea Hae, re ka khetha ho etsa tsohle tseo a re laetseng hore re li etse. Ha re Mo kopa, O tla re thusa ho hlola liteko tsa Satane. O tla re neha matla a ho khetha botle. O tla re thusa ho latela moralo oa Hae ’me re be joaloka Eena.

Puisano

  • Hobaneng Ntat’a rona ea Maholimong a batla re etse likhetho tse nepahetseng?

  • Na O tla re qobella ho etsa botle? Hobaneng?

Hatisa