Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 5: Jesu o Entse Lefats’e


Setśoantśo
Lefats’e

Khaolo ea 5

Jesu o Entse Lefats’e

Ke mang ea entseng lefats’e? Hobaneng A le entse?

Re ne re hloka Lefats’e

Karolo ea moralo oo Ntat’a rona ea Maholimong a re hlaloselitseng ona ke hore re ts’oanela ho tloha leholimong nako e itseng. Re ne re hloka ho tloha ho Eena hore re fumane ’mele oa nama le masapo le ho lekoa e le hore re bonts’e hore na re tla etsa likhetho tse nepahetseng. O ne a hloka motho ea ka etsang sebaka sena bakeng sa rona. O khethile Jesu ho se etsa.

Puisano

  • Hobaneng ha Molimo a ile a rera ho etsa lefats’e bakeng sa rona?

Jesu o Entse Lefats’e

Jesu o entse lefats’e. O entse motseare le bosiu. O entse letsatsi, khoeli, le linaleli. O arotse metsi ho lefats’e le omileng, a etsa maoatle, matsa, le linoka. O ile a lema mohloa, lifate, lipalesa, le limela tsa mefuta eohle lefats’eng. A beha liphoofolo, litlhapi, linonyana le lihahabi lefats’eng. Ha Jesu a entse tsena tsohle, lefats’e le ne le lokile hore batho ba ka phela ho lona.

Ntat’a rona ea Maholimong o ile a etsa monna le mosali. Monna o ile a rehoa Adama, mosali a rehoa Eva. Bobeli ba ne ba na le ’mele oa nama le masapo joaloka Ntat’a rona ea Maholimong. Mosebetsi ona kaofela oa ho etsa lefats’e le ho beha lintho tse phelang ho lona o bitsoa Popo. Ntat’a rona ea Maholimong o ile a thabisoa ke lefats’e le tsohle tseo a neng a laetse Jesu ho li beha teng.

Puisano

  • Adama le Eva ba ne ba fapane joang le lintho tseo Molimo a li bopileng?

Popo ea Ntat’a rona ea Maholimong e Bonts’a Ho Re Rata

Re phela lefats’eng le letle leo Ntat’a rona ea Maholimong a laetseng Jesu ho le etsa. Letsatsi le re neha mofuthu le khanya. Pula e etsa hore limela li hole ebile e re neha metsi a ho noa. Limela le liphoofolo tse lefats’eng li re neha lijo le liaparo.

Jesu o entse tsena tsohle bakeng sa rona, ka taelo ea Ntat’a rona ea Maholimong. Ha re sheba hore O re etselitse tsena tsohle, re hlokomela hore Ntat’a rona ea Maholimong o oa re rata ebile O oa re tsotella.

Puisano

  • Nahana ka lintho tseo Ntat’a rona ea Maholimong a re etselitseng tsona.

  • Re tseba joang hore Ntat’a rona ea Maholimong, o oa re rata ebile O oa re tsotella?

Re Ka Bonts’a Teboho ea Rona ka Lefats’e

Re ts’oanela ho hopola hore Ntat’a rona ea Maholimong o re etselitse lefats’e. Ha a thabe ha re sa hopole seo. Re ka mo bonts’a teboho ea rona ka ho sebelisa ka hloko lintho tse lefats’eng. Ha rea ts’oanela ho senya eng kapa eng e lefats’eng. Re ts’oanela ho hlokomela lefats’e le ho le boloka le hloekile. Re ts’oanela ho leboha Ntat’a rona ea Maholimong ka lefats’e lena le letle ha re mo rapela. Re bonts’a teboho ea rona hape ka ho etsa lintho tseo a batlang hore re li etse.

Puisano

  • Re ka bonts’a Ntat’a rona ea Maholimong joang hore re motlotlo ka lefats’e?

Hatisa