Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 12: Topollo ea Jesu Kreste


Khaolo ea 12

Topollo ea Jesu Kreste

Jesu o hlokofalitsoe haholo ka lebaka la libe tsa rona. Hobaneng ha A ile a khetha ho re shoela?

Ntat’a rona ea Maholimong O Rometse Jesu Lefats’eng Ho Ba Mopholosi oa Rona

Re ts’oanela ho ba le ’mele oa nama le masapo hore re ts’oane le Ntat’a rona ea Maholimong, empa Ntat’a rona ea Maholimong o ile a tseba hore bohle re tla shoa ’me re lahleheloe ke ’mele hobane Adama le Eva ba sitiloe ho mamela Ntat’a rona ea Maholimong. Ka ho ja tholoana eo Ntat’a rona ea Maholimong a ba boleletseng hore ba seke ba eja, qetellong ba ne ba tla shoa ’me le bohle ba tsoaloang ka mor’a bona ba ne ba tla shoa. Ntat’a rona ea Maholimong o ile a tseba hore ha rele Lefats’eng re tla etsa libe ’me re ne re tla sitoa ho khutlela ho Eena. Re ne retla hloka thuso ea ho lefella libe tsa rona le hore re ikokobetse hore re tle re khutlele ho Ntat’a rona ea Maholimong. Re ne re tla hloka thuso ea hore re boele re be le nama le masapo hape kamora hore re shoe. Jesu o itse O tla re thusa. E be Mopholosi oa rona.

Re ne re hloka motho ea senang libe ho lefella libe tsa rona. Jesu ke Eena feela ea neng a ka etsa sena. O ne a sena sebe. O ne a na le matla holim’a lefu, joale O ne a ka re thusa ho ba le ’mele hape kamor’a hore re shoe. O ne a re rata haholo. O ne a itukiselitse ho hlokofatsoa ka lebaka la libe tsa rona hore re hloeke. O ne a itukiselitse ho re shoela hore re tle re boele re phele hape. Sehlabelo seo Jesu a re etselitseng sona se bitsoa Topollo.

Puisano

  • Hobaneng ho ne ho hlokahala hore Ntat’a rona ea Maholimong a romelle Jesu lefats’eng?

Sehlabelo sa Jesu se Re Bonts’a ka Moo Eena le Ntat’a rona ea Maholimong ba Re Ratang ka Teng

Ntat’a rona ea Maholimong o re ratile hoo abileng a romela Mora oa Hae Jesu lefats’eng a ba a Mo lumella ho hlokofatsoa le ho shoa bakeng sa rona. Jesu o re rata haholo hoo a bileng a hlokofatsoa a shoa ka lebaka la rona. Jesu o ile a tseba hore otla hlokofatsoa haholo. E ne ele bohloko boo a ileng a batla a sitoa ho bo mamella. Empa O ne a batla hore re be joaloka Ntat’a rona ea Maholimong.

Jesu o ile a ea sebakeng se bitsoang Serapa sa Gethesemane. Teng O ile a rapela Ntat’a rona ea Maholimong A kopa thuso. O ile a kopa Ntat’a rona ea Maholimong, hore haeba ho ka etsahala, A se ke a hlokofala. Empa O ile a re O tla etsa seo Ntat’a rona ea Maholimong a neng a batla a se etse. Jesu o ne a sa qobelloa ho re shoela. O khethile ho hlokofatsoa hobane e ne ele karolo ea moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong hore re tle re hlatsuoe libe tsa rona.

Gethesemane, Jesu o ile a hlokofatsoa ka lebaka la libe tsa motho joaloka ha eka ke tsa Hae. Ho hlokofatsoa hoa Hae bakeng sa libe tsena e ne ele ketso e kholo ho feta ka moo re ka utluisisang. Bohloko bo ne le matla hoo a neng a thothomela. Mali a ile a tsoa hohle ’meleng oa Hae.

Kamor’a moo, batho ba khopo ba ile ba mo nka ba mo isa ho babusi ba Jerusalema. Teng ba ile ba Mo ts’oela ka mathe ba Mo otla. Ba ile ba etsa korone ea mehloare ba e beha hloohong ea Hae. Ba ile ba Mo ts’eha ba etsa metlae ka Eena.

Babusi ba ile ba bolella masole ho thakhisa Jesu. Ba ile ba Mo jarisa sefapano sa patsi se seholo ho ea moo A tlang ho shoela. Ba ile ba Mo fanyeha sefapanong ka ho kokotela maoto le matsoho a Hae ka lipekere. Sefapanong, O ile a qete ho hlokofaletsoa kotlo ea ho se mamele ha Adama le bakeng sa libe tsa rona.

O ile a tloheloa a fanyehiloe moo lihora tse ngata. Esita le ha a ne a hlokofalitsoe, ebile batho ba bang ba etsa metlae ka Eena, O ne a khutsitse a mameletse. Qetellong, O ile a bolella Ntat’a rona ea Maholimong hore a nke Moea oa Hae ’me eaba O oa shoa.

Jesu o ne a na le matla a ho itokolla lefung. O ne a ka tsoelapele ho phela, empa O ile a khetha ho shoa hore re tle re ilo phela le Ntat’a rona ea Maholimong.

Ha Jesu a shoa, Moea oa Hae o ile oa tsoa ’meleng oa Hae. Ka letsatsi le boraro kamor’a hore a shoe, Moea oa Hae O ile oa khutlela ’meleng oa Hae ’me a phela hape. Ho khutlela ha moea ’meleng ho bitsoa tsoho.

Jesu o ile a itlhahisa ho Ba-Apostola ba Hae le ho batho ba bang kamor’a tsoho ea Hae. O ile a bonts’a Ba-Apostola ba Hae mats’oao a sihiloeng ke lipekere matsohong a Hae. Ba ile ba a ts’oara ’me ba tseba hore e fela moetapele oa bona Jesu, a phela hape. O ile a bua le ho ja le bona.

Puisano

  • Ntat’a rona ea Maholimong o re bonts’a lerato la Hae joang?

  • Jesu o re bonts’itse lerato la Hae joang?

Setśoantśo
Christ in Gethsemane, [Kreste Gethesemane] ka Harry Anderson

Thabeng ea Gethesemane le hamorao sefapanong, Jesu o ile a inkela ho eena libe tsa batho bohle.

Jesu O Entse Khonahalo Ea Hore Re Hlatsuoe Libe

Ke Jesu feela ea neng a ka patalla libe tsa rona. Re fumana meputso e felletseng ea sehlabelo sa Hae ka ho lumela hore O oa phela le ka ho boloka litaelo tsa Hae. Re tlameha ho soabela libe tsa rona. Ha rea tlameha ho li pheta hape. Re tlameha ho latela lithuto tsa Jesu Kreste. Ebe Ntat’a rona ea Maholimong O re ts’oarela libe.

Puisano

  • Hobaneng u hloka Jesu ho u thusa ho hlola libe tsa hau?

  • Keng seo u hlokang ho se etsa hore Topollo ea Jesu e patalle libe tsa hau?

Setśoantśo
Christ on the Cross [Kreste Sefapanong], ka Carl Heinrich Bloch

Jesu o shoele sefapanong bakeng sa batho bohle.

Jesu O Entse Hore Ho Etsahale Hore Bohle Re Tle Re Be Le ’Mele Hape

Jesu o shoele ka boikhethelo ba Hae ’me e ile ea eba motho oa pele oa ho tsoha bafung. Jesu ke Eena feela a neng ana le matla a ho Itsosa bafung. O entse hore le rona re tle re tsohe bafung.

Le ha re tla shoa, re tla tsoha hape. Ha re shoa, meea ea rona e tla tsoa ’meleng. Empa ka ha Jesu o hlotse lefu, meea le ’mele ea rona li tla kopana hape ka ho sa feleng. Re ke ke ra shoa hape. Ena ke mpho eo Jesu a e fileng e mong le e mong ea tsoetsoeng lefats’eng.

Puisano

  • Jesu o entse joang hore re tle re be le ’mele hape?

  • Ke bo mang ba tlang ho tsosoa bafung?

Hatisa