Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 15: Kolobetso


Khaolo ea 15

Kolobetso

Ho kolobetsoa ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tseo u ka li etsang lefats’eng. Ke hobaneng kolobetso e le bohlokoa? Ke tsela e fe e nepahetseng ea ho kolobetsoa?

Ntat’a rona ea Maholimong O Re Laetse Ho Kolobetsoa

Ho kolobetsoa ho bolela ho kenngoa ka har’a metsi nakoana le ho nts’uoa ke motho ea nang le tokelo ea ho kolobetsa. Kolobetso ke karolo ea moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong ka rona. O re laela ho kolobetsoa ho bonts’a hore re lumela ho Jesu Kreste, le hore rea mo rata re batla ho mo mamela, le hore re baketse libe tsa rona.

Jesu o tsebile hore Ntat’a rona ea Maholimong o laetse bana bohle ba hae ho kolobetsoa. Ha Jesu a le lefats’eng, O ile a kolobetsoa. O entse sena hobane a batla ho mamela Ntat’a rona ea Maholimong. O ne a batla ho re bonts’a hape hore re lokela ho mamela Ntat’a rona ea Maholimong ’me re kolobetsoe.

Motho e mong le e mong ea lilemo li robeli, ea utloisisang botle le bobe, ea nang le tumelo ho Jesu a bile a bakile, o lokela ho kolobetsoa. Bana ba ka tlaase ho lilemo tse robeli ha ba hloke ho kolobetsoa. Ntat’a rona ea Maholimong ha a ba ahlole ka tseo ba li etsang. Le batho ba phelang le bokooa ba kelello, ba sa tsebeng ho hlalohanya botle kapa bobe ha ba hloke ho kolobetsoa. Ba bang bohle ba lokela ho kolobetsoa haeba ba batla ho khutlela ho phela le Ntat’a rona ea Maholimong.

Jesu o re boleletse hore na re kolobetsoe neng. O boleletse balateli ba hae ho kolobetsa batho kamor’a hore ba ithute ka Eena, ba lumele ho Eena ’me ba bakile libeng tsa bona. O nehile ba bang ba banna ba ka hare ho Kereke ea Hae tokelo ea ho kolobetsa batho.

Puisano

  • Hobaneng Ntat’a rona ea Maholimong a batla re kolobetsoe?

  • Hobaneng Jesu a ile a kolobetsoa?

  • Ke mang a hlokang ho kolobetsoa?

Setśoantśo
John Baptizing Jesus[Johanne O Kolobetsa Jesu], ka Harry Anderson

Jesu Kreste o kolobelitsoe ke Johanne Mokolobetsi.

Ho Kolobetsoa Ke E ’ngoe ea Lintho tsa Bohlokoa Tseo Re ka li Etsang

Ka ho kolobetsoa, re bonts’a Ntat’a rona ea Maholimong hore re batla ho latela moralo oa hae bakeng sa rona. Re ts’episa ho amohela Jesu joaloka moetapele oa rona re be re mamele lintho tsohle tseo a re bolellang hore re li etse. Re ts’episa ho mo hopola kamehla le tseo a re etselitseng tsona.

Ha re beha tumelo ho Jesu Kreste, re baka libeng tsa rona, ’me re kolobetsoa, Ntat’a rona ea Maholimong o re ts’oarela libeng tsa rona. O ts’episa hore re ka khutla ho lula le Eena. O re amohela ho ba litho tsa Kereke ea Jesu. O romela Moea o Halalelang ho re thusa ho ithuta haholoanyane ka Eena le hore re etse lintho tse lokileng. Re amohela litlhohonolofatso tsena ha re tsoelapele ho etsa lintho tseo re ts’episang ho li etsa ha re kolobetsoa.

Re fumana litlhohonolofatso tsena ha feela re kolobelitsoe. Ke eona feela tsela ea rona ea ho khutlela ho Ntat’a rona ea Maholimong. Ke eona feela tsela eo re bang litho tsa Kereke ea Jesu Kreste. Ke eona feela tsela eo re ka nehoang Mpho ea Moea o Halalelang, e leng tokelo ea ho ba le Moea o Halalelang ho re thusa maphelong a rona. Mpho ena re e neoa kamor’a hore re kolobetsoe. Tsena tsohle li ea hlokahala hore re khutlele ho phela le Ntat’a rona ea Maholimong.

Puisano

  • Ke ts’episo efe eo re e etsang ho Ntat’a rona ea Maholimong ha re kolobetsoa?

  • Ke ts’episo efe eo Ntat’a rona ea Maholimong a re etsetsang eona ha re kolobetsoa?

  • Ke hobaneng kolobetso e le bohlokoa?

Re Lokela Ho Itlhophela Ho Kolobetsoa

Re lokela ho etsa lintho tse itseng pele re ka kolobetsoa. Re lokela ho ithuta ka Jesu Kreste le ho lumela ho Eena, re bake libeng tsa rona, re be re etse lintho tseo Jesu a re laelang ho li etsa.

Puisano

  • Ke eng seo re lokelang ho se etsa ho itlhophela kolobetso?

Setśoantśo
Monna o oa kolobetsoa

Re tlameha ho kolobetsoa ka ho kenngoa metsing ho re re ts’oareloe libe.

Kolobetso E Re Neha Qalo E Ncha

Kolobetso e re neha monyetla oa ho qala bophelo bo bocha re sena sebe. Jesu o kile a re ho ts’oana le ho tsoaloa la bobeli. O itse ntle le hore re tsoaloe moeeng, re ke ke ra khutlela ho phela le Ntat’a rona ea Maholimong.

E mong oa balateli ba Jesu, eo lebitso la hae e neng e le Paulose, o itse re lokela ho qala bophelo bo bocha kamor’a kolobetso. O itse ha re kena metsing a kolobetso, ho ts’oana le ho pata libe tsohle tsa rona. Ha re tsoa ka metsing, re tsoa re hloekile, re le bacha ’me re lokile hore re qale bophelo bo bocha. Kolobetso ke qalo ea tsela e khutlelang ho Ntat’a rona ea Maholimong.

Hatisa