Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 28: Boshome le Seabelo


Khaolo ea 28

Boshome le Seabelo

Boshome le seabelo ke eng, ’me Ntat’a rona ea Maholimong o re hlohonolofatsa joang ha re li fana ka ho rata?

Ntat’a rona ea Maholimong O re Boleletse Ho Patala Boshome

Boshome ke karolo ea leshome ea chelete le lintho tse ling tseo re li fumanang. Ntat’a rona ea Maholimong o boleletse batho khale-khale ho patala boshome. Abrahama, Jakobo le ba bang ba ile ba mamela taelo ena.

Ha re fumana kapa ho amohela chelete, re lokela ho nehelana ka ’ngoe-leshomeng e le boshome. Ha re na le liphoofolo kapa lijalo, re ka patala boshome. Re nehelana ka ’ngoe-leshomeng la liphoofolo tse ncha tse hlahileng selemong. Haeba ho khoneha, ho ena le ho nehela ka lijalo le liphoofolo ho Kereke, re lokela ho li rekisa hore re fane ka chelete ho Kereke. Re patala boshome ho mobishopo kapa mookameli oa lekalana. Haeba re sa tsebe hore na re lokela ho patala bokae, re lokela ho botsa mobishopo kapa mookameli oa lekalana ho re thusa ho utloisisa molao oa boshome.

Ha re patala boshome, re thusa ho hasa evangeli lefats’eng lohle. Boshome bo sebelisoa ho aha meaho ea Kereke, ho hatisa libuka, le ho patala lintho tse ling tse hlokehang Kerekeng ea ’nete ea Jesu.

Le bana ba lokela ho patala boshome. Ba tla ithuta ho etsa sena ha ba bona batsoali ba bona ba patala boshome. Ha ba qala ho patala boshome ba sa le banyenyane, ba tla bo patala ha ba holile ba na le malapa.

Puisano

  • Re bolelloa ho lefa bokae e le boshome?

  • Re ka etsa joang ho ruta bana ba rona ho patala boshome?

Re Bonts’a Lerato ho Ntat’a rona ea Maholimong ha re Patala Boshome

Re lokela ho patala boshome ka ho rata hore Ntat’a rona ea Maholimong a bo amohele le ho re hlohonolofatsa ka bona. Re lokela ho patala boshome hobane re batla ho bo patala.

Ha re sena thahasello ea ho patala boshome, re lokela ho nahana ka litlhohonolofatso tsohle tseo Ntat’a rona ea Maholimong a re nehileng tsona. Ka ho patala boshome ka ho rata, re bonts’a hore re rata Ntat’a rona ea Maholimong le batho ba bang.

Puisano

Ntat’a rona ea Maholimong O re Ts’episitse ho Re Hlohonolofatsa ha Re Patala Boshome

Ntat’a rona ea Maholimong o thaba ha re patala boshome. O ts’episitse ho re hlohonolofatsa ha re bo patala. O boletse hore O tla re neha litlhohonolofatso tse ngata tseo re ke keng ra tseba hore re etsa eng ka tsona. O boletse hore re ke ke ra timetsoa ka bokhopo ha re patala boshome ka lerato.

Ntat’a rona ea Maholimong o tla re hlohonolofatsa hore re mo tsebe ka mokhoa o ntlafetseng. O tla re hlohonolofatsa ha re tseba haholo ka evangeli. O tla re neha matla a ho phela ho ea ka lithuto tsa evangeli letsatsi ka leng le ho thusa malapa a rona ho phela evangeli. O oa thaba ha re thusa ba bang ho ithuta ka evangeli.

Ha re patala boshome, re ithuta ho laola chelete ea rona ka mokhoa o ntlafetseng re sa inahane bo rona. Re lokela ho behella ka thoko boshome ho tseo re li fumaneng, ’me re tla fumana hore Ntat’a rona ea Maholimong o tla re hlohonolofatsa hore re laole se setseng hore ho lekane litlhoko tsa rona.

Puisano

  • Ke litlhohonolofatso life tse tharo tseo re li amohelang ha re patala boshome?

Re Thusa Batho ba Bang ha re Patala kabelo ea Ho itima

Joaloka litho tsa Kereke, re itima letsatsi le le leng khoeling. Sena se bolela ho se je mekhahlelo e ’meli ea lijo. Ha re je kapa ho noa letho lihora tse 24. Re lumela hore ho itima ho re thusa ho ba le moea o tihileng.

Ntat’a rona ea Maholimong o re bolelletse ho nehelana ka kabelo ho bitsoang kabelo ea ho itima. Kabelo ena e lokela ho ba seo re ka beng re se nts’itse bakeng sa lijo tseo re sa li jang ka letsatsi la ho itima. Re lokela ho nehelana ka se fetang ha eba re na le hona. Ntat’a rona ea Maholimong o tla re hlohonolofatsa ha re etsa joalo. Likabelo tsena li sebelisoa ho fana ka lijo, bolulo, liaparo, le lintho tse ling ho batho ba hlokang. Ha re patala kabelo ea ho itima re bonts’a lerato ho bana ba bo rona.

Re nehelana ka kabelo ea ho itima ho mobishopo kapa mookameli oa lekalana, ’me eena o sebelisa chelete ena ho thusa ba hlokang le ba hlokang thuso e ikhethileng. Ntat’a rona ea Maholimong o boletse hore ha re thusa ba hlokang O tla re hlohonolofatsa. O tla araba lithapelo tsa rona ha re hloka thuso. O tla re thusa ho utloisisa evangeli ka mokhoa o ntlafetseng le ho re tataisa kamehla.

Kereke e sebelisa boshome le kabelo:

  1. Ho ruta evangeli ho ba bang.

  2. Ho aha le ho hlokomela litempele, likereke le meaho e meng ea Kereke.

  3. Ho hatisa libuka tsa thuto le lintho tse ling tseo batho ba Kereke ba li hlokang ho ithuta ka evangeli le ho etsa mosebetsi oa Ntat’a rona ea Maholimong.

  4. Ho thusa ba sitoang ho itlhokomela.

Puisano

  • Re ka bonts’a Ntat’a rona ea Maholimong teboho joang ka litlhohonolofatso tsohle tseo a re nehileng tsona?

  • Hobaneng ho patala boshome ho etsa hore re thabe?

Setśoantśo
mosali o ea rapela

Boshome le thapelo li tlisa litlhohonolofatso.

Hatisa