Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 32: Ho Phela Re le Malapa ka Ho sa feleng


Setśoantśo
Tempele ea Portland Oregon

Tempele e Portland, Oregon, USA.

Khaolo ea 32

Ho Phela Re le Malapa ka Ho sa feleng

Malapa a ka ba ’moho ka ho sa feleng, le kamor’a bophelo lefats’eng?

Molimo O Rerile hore Malapa a be ’Moho ka Ho sa feleng

Lelapa ke sehlopha sa batho se bohlokoahali lefats’eng. Malapa a rona lefats’eng lena a entsoe ka mokhoa oa malapa a rona maholimong. Re ne re le baholoane maholimong. Re ne re le bana ba Molimo. Molimo e ne e le moetapele oa lalapa la rona la maholimo. Re ile ra amohela tlhokomelo le tataiso ho hlaha ho batsoali ba rona ba maholimo.

Molimo o rometse e mong le e mong oa rona mona lefats’eng. O nehile batsoali boikarabello ba ho hlokomela bana ba Hae ha ba le lefats’eng. Batsoali ba lokela ho rata bana ba bona, ba ba fepe, ba ba apese le ho ba neha lehae. Ba lokela ho ruta bana ba bona ka Molimo le hore na ba ka ba joaloka Eena joang.

Molimo o entse hore malapa a be ’moho ka ho sa feleng. O nehile baetapele ba Kereke ea Hae tokelo ea ho tlama malapa ’moho ka ho sa feleng. Tlamahanyo ena e bitsoa tiiso ea bosafeleng. Tiiso ea bosafeleng e ka etsoa feela tempeleng. Litempele ke meaho e halalelang moo litho tsa kereke tse ts’epahalang li ka eang. Ha monna le mosali ba tiisitsoe ka ho sa feleng tempeleng ke ea nang le matla a boporista le matla a ikhethang a ho tiisa ha bosafeleng, lenyalo la bona ha le na ho fela ha ba shoa. Lenyalo la bona le tla ba teng ka ho sa feleng ha ba boloka lits’episo tseo ba li entseng tempeleng. Lena le bitsoa lenyalo la bosafeleng.

Ha monna le mosali ba sa tiisoa tempeleng, lenyalo le fela ha e mong oa bona a shoa. Ha re tiisitsoe tempeleng, re bile re latela Jesu Kreste ka bots’epehi ho fihlela qetellong ea maphelo a rona, malapa a rona a ka ba ’moho ka ho sa feleng.

Balekane ba ka ea tempeleng ho nehoa tiiso ea bosafeleng ha ele balateli ba ts’epahalang ba Jesu. Teng, ea nang le matla a boporista a bile a na le tokelo e ikhethang a ka ba tiisa e mong ho e mong. A ka boela a tiisa bana ba bona ho bona. Kamor’a hore ba tiisoe ha ’moho, ba ka ba ’moho ka ho sa feleng, haeba feela ba nyalane tempeleng ho tloha qalong.

Molimo o batla bana ba Hae bohle ho etsa moralo oa ho tiisoa ka ho sa feleng tempeleng le ho holisa lelapa le mamelang. Batsoali ba lokela ho tataisa bana ba bona hore ba lokele ho ea tempeleng ho tiisoa ka ho sa feleng ha ba nyaloa. Ha monna le mosali ba tiisitsoe tempeleng, bana bohle ba tla hlaha kamor’a tiiso ea bosafeleng ba tla be ba tiisitsoe.

Puisano

  • Molimo o entse joang hore re tle re be le malapa a rona ka ho sa feleng?

  • Hobaneng ha ho le bohlokoa hore re tiisoe ka ho sa feleng tempeleng?

Ke Feela Litho tsa Kereke tse Ts’epahalang tse ka Kenang Tempeleng

Litempele ke libaka tse halalelelang. Ke feela litho tsa Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno ba bonts’itseng tumelo ho Jesu Kreste ka ho mamela litaelo tsa Hae ba lumeletsoeng ho kena teng. Batho ba joalo ba lokeloa ke ho kena kahare ho tempele. Pele motho a kena kahar’a tempele, o tlameha e be e le setho sa Kereke bonyane nako ea selemo. Banna ba tlameha ho re ba be ba amohetse Boporista ba Melkisedeke.

Ho bona hore na ba lokeloa ke ho ea tempeleng, banna le basali ba tlameha ho bua le mookameli oa lekalana. Ha mobishopo kapa mookameli oa lekalana a fumana motho ea joalo a lokeloa, o tla neha motho eo pampiri e tekennoeng e bitsoang lengolo le pakang tumello ea ho kena tempeleng. Joale setho sa setereke se ikemetseng kapa mookameli oa bong’osa ba kereke o tlameha le eena a botse motho eo lipotso. O tla tekena lengolo le pakang tumello ea ho kena tempeleng ha a fumane hore motho eo o ea lokeloa. Motho eo o nka lengolo le pakang tumello ea ho kena tempeleng ho ea tempeleng hore a kene teng.

Tsena ke lipotso tse batlang li ts’oana le tseo mobishopo kapa mookameli oa lekalana a li botsang e le ho etsa qeto ea hore na setho sa Kereke se lokeloa ke ho ea tempeleng:

  1. Na u na le tumelo ho Molimo; ho Mora oa Hae Jesu Kreste; le ho Moea o Halalelang?

  2. Na u amohela Mookameli oa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno joaloka moporofeta, ralipono, le mosenoli? Na u mo amohela e le eena feela ea nang le tokelo ho sebelisa linotlolo tsa boporista?

  3. Na u nehelana ho Kereke karolo ea leshome ea tseo u li fumanang?

  4. Na u mamela Lentsoe la Bohlale?

  5. Na u leka ho boloka bots’epehi le batho ba bang?

  6. Na u etsa mosebtsi oa hau kahar’a Kereke ka ho ba teng likopanong le ho mamela litaelo?

  7. Na u boloka molao oa bohloeki?

  8. Na u kile ua etsa sebe se seholo eaba ha u ipolele ho baetapele ba boporista bo nepahetseng?

Ho kena tempeleng ke tlotla e halalelang. Re tlameha ho lokeloa le ho ikemisetsa ho mamela ts’episo e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang le Molimo ka tempeleng. Re tlameha ho hopola hore tiiso ea bosafeleng e etsoang tempeleng e ea halalela. Ke eona feela tsela eo re ka bang ’moho le malapa ka ho sa feleng. Ke eona feela tsela eo re ka amohelang litlhohonolofatso tsohle tseo Molimo a nang le tsona bakeng sa rona. Bakeng sa thabo ea rona ea bosafeleng, ho bohlokoa haholo ho ea tempeleng ho tiisoa bosafeleng.

Puisano

  • Ke mang ea ka kenang tempeleng?

  • Ke life lintho tseo motho a ka li etsang ho lokeloa ke ho kena tempeleng?

  • Hobaneng ha ho le bohlokoa hore re ee tempeleng re tiisoe ka ho sa feleng?

Ho Hlophela Lelapa la Hau Ho Lula ’Moho Ka Ho sa feleng

Ho tiisoa bosafeleng tempeleng ho etsa hore re tle re phele re le malapa ka ho sa feleng, empa ho na le lintho tse ling tseo re lokelang ho li etsa haeba re batla tlhohonolofatso e kholo. Re tlameha ho leka ho latela Jesu ka bots’epehi. Re tlameha ho boloka lits’episo tseo re li etsang tempeleng. Re tlameha ho ithuta ho ba litho tsa malapa tse lokileng tse ratang le ho sebeletsana. Re tlameha ho rapela Molimo hore Moea o Halalelang a re thuse ho etsa liqeto tse nepahetseng nthong tsohle tseo re li etsang. Re lokela ho thusa malapa ho lokeloa ke ho lula le Molimo.

Puisano

  • Ntle le ho tiisoa bosafeleng tempeleng, keng seo lelapa le ka se etsang hore le tle le lule ’moho ka ho sa feleng?

Molimo O Entse Hore Re Tsebe Ho Pholosa Baholo-holo ba Rona

Limilione tsa bana ba Molimo li shoele li so utloe evangeli ea Hae. Ha ba ea amohela lits’ebeletso tse hlokehang hore ba ts’oareloe libe tsa bona le hore ba tle ba phele le Molimo hape. Molimo o rata bana bohle ba Hae ebile O batla bohle ba khutlele ho Eena, joale O entse tsela ea hore lits’ebeletso tsa evangeli li etsoe bakeng sa bona. Mosebetsi ona o tlameha ho etsoa tempeleng.

Tse ling tsa lits’ebeletso tse etsoang tempeleng ke tsa ba shoeleng ’me ke kolobetso, ho nehelana ka mpho ea Moea o Halalelang, le tiiso ea bosafeleng ea malapa ka ho sa feleng. Kaha lits’ebeletso tsena lia hlokeha bakeng sa bohle ba batlang ho lula le Molimo hape, re ka etsa mosebetsi ona bakeng sa baholo-holo ba rona.

Puisano

  • Ke ka tsela efe eo ba shoelelng ntle le ho utloa evangeli ba amohelang lits’ebeletso tse hlokehang ho khutlela ho Molimo?

  • Ke mang ea ikarabellang ho bona hore lits’ebeletso tse hlokehang li etsetsoa ba shoeleng?

Ba Phelang ba Etsetsa ba Shoeleng Lits’ebeletso

Hona le lintho tseo re ka li etsang hore lits’ebeletso li etsetsoe maloko a rona a shoelelng. Re lokela ho ba tseba ka mabitso, matsatsi le libaka tsa tlhaho le tsa ho shoa. Ha re sa fumane lintlha tsena, re ka nna ra ba tseba ka lingoliloeng joaloka ha re tseba tsa lelapa (ntate, ’m’e, le bana ba bona).

Mosebetsi oa ho fumana mabitso a baholo-holo ba rona ba shoeleng le lintlha tsohle ka bona e bitsoa leloko, kapa nalane ea lelapa.

Ho na le foromo tse peli tse bitsoang leloko la leloko le lingoliloeng tsa lelapa tsa sehlopha, moo u ka ngolang lintlha tsena. U ka fumana liforomo tse qopilitsoeng ho moetapele oa boporista. O tla u thusa ho ngola lintlha tsena. Joale u ka nka kapa ho romela lintlha tsena tempeleng, moo lits’ebeletso li tla etsoa.

Haeba ho se na oa leloko la hau ea phelang ea ka bang le lintlha tseo re li hlokang, re ka li fumana ho lingoliloeng tsa ’muso, ho lingoliloeng tsa Kereke moo baholo-holo ba rona ba neng ba kena, mabitleng, kapa sebakeng sefe kapa sefe moo lintlha li fumanehang.

Ha re lokeloa, re ka ea tempeleng ho etsa lits’ebeletso bakeng sa ba maloko a rona. Haeba re sa khone ho ea tempeleng, ba bang ba ka etsa lits’ebeletso bakeng sa bona. Re lokela ho ea tempeleng khafetsa hore re etse lits’ebeletso bakeng sa ba shoeleng.

Puisano

  • Ke eng e lokelang ho etsoa pele re ka etsa lits’ebeletso tempeleng bakeng sa baholo-holo ba rona ba shoeleng?

  • Ke li fe lintlha tse hlokehang hore lits’ebeletso li etsoe?

  • Ke mang ea ka etsang lits’ebeletso bakeng sa baholo-holo ba rona ba shoeleng?

Linalane tsa Botho Li Bohlokoa

Ha re bala se ngotsoeng ke e mong oa lelapa ka eena, re tseba le ho rata motho eo ho feta. Ntle le ho ithuta ka maloko a rona a shoeleng le ho ba etsetsa lits’ebeletso, re lokela ho boloka lingoliloeng tsa maphelo a rona. Re lokela ho ngola ka batsoali ba rona, tlhaho ea rona, le lintho tse etsahetseng ho rona nakong ea ho phela ha rona. Re lokela ho ngola menahano ea rona hore bana ba rona le litloholo ba tle ba tsebe haholo ka rona ’me ba tle ba khothalle ho etsa lintho tse lokileng tseo re li entseng.

Molimo o ile a bolella Adama ho ngola lingoliloeng tsa bophelo ba hae bakeng sa bana ba hae. Baporofeta le bona ba ngola lingoliloeng tse joalo, ’me le rona re lokela ho etsa joalo. Ka ho bala lingoliloeng tsa Adama le tseo baporofeta ba li ngotseng, re ithuta ka litlhohonolofatso le litaelo tseo ba ileng ba li fumana ho hlaha ho Molimo. Sena se re thusa ho etsa se lokiling. Re lokela ho thusa bana ba rona ka ho boloka lingoliloeng tsa maphelo a rona.

Puisano

  • Hobaneng ha Molimo a ile a bolella batho ba Hae ho boloka lingoliloeng tsa maphelo a bona?

  • Ke litlhohonolofatso li fe tse ka tlang ho bana ba hau le litloholo tsa hau tse tsoang lingoliloeng tsa hau tsa botho?

Hatisa