Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 24: Letsatsi la Khumamelo


Khaolo ea 24

Letsatsi la Khumamelo

Ntat’a rona ea Maholimong o re bolelletse ho sebelisa letsatsi le le leng bekeng ho mo khumamela. Re fumana litlhohonolofatso tse ngata ha re etsa letsatsi leo la khalalelo.

Ntat’a rona ea Maholimong O re nehile Letsatsi la Khumamelo Ho re Thusa

Ntat’a rona ea Maholimong o ea tseba hore re na le mathata a mangata. Re tlameha ho etsa lintho tse ngata letsatsi le letsatsi. Re tlameha ho sebetsa hore re fumane lijo le liaparo. Re tlameha ho lokisa lijo tsa rona le ho etsa mesebetsi e meng letsatsi le letsaisi.

Kaha lintho tsena li ngata tseo re lokelang ho li etsa, ho bonolo ho lebala ka Ntat’a rona ea Maholimong. Hape ho bonolo ho lebala lintho tseo Ntat’a rona ea Maholimong a batlang re li etse. Re nahana haholo ka litlhoko tsa rona tsa letsatsi le letsatsi ho feta ho nahana ka Ntat’a rona ea Maholimong.

Ntat’a rona ea Maholimong o ea tseba re hloka nako ea ho nahana ka Eena. Re hloka nako ho ithuta seo a batlang hore re se etse. Ka lebaka lena, O re bolelletse ho qeta letsatsi le le leng bekeng ho phomola mesebetsing ea rona ’me re ithute ka Eena.

Ntat’a rona ea Maholimong o bopile lefats’e ka Jesu Kreste ka nako ea matsatsi a ts’eletseng. O bitsitse nako ena matsatsi. Ka letsatsi la bosupa, O ile a phomola mosebetsing oa ts’imoloho. O re boleletse hore re lokela ho phomola mesebetsing ea rona ea mehla letsatsi le le leng bekeng.

Ntat’a rona ea Maholimong O re Boleletse Na Letsatsi la Khumamelo ke Lefe

Ntat’a rona ea Maholimong o ile a bolella batho ba nakong ea boholo-holo ho sebelisa letsatsi la bosupa la beke ho mo khumamela. Letsatsi lena le ne le thusa batho ho hopola hore kamor’a ho bopa lefats’e, O ile a phomola ka letsatsi la bosupa.

Kamor’a hore Jesu a shoe, O ile a tsoha bafung ka letsatsi la pele la beke. Balateli ba Jesu ba sebelisa letsatsi la pele la beke e le letsatsi la khumamelo ho thusa batho ho hopola le ho hlompha letsatsi la tsoho ea bafu la Jesu. Re bitsa sena letsatsi la Morena. (Ka nako e ’ngoe Jesu o bitsoa Morena.) Hape re bitsa sena Sabatha.* Leha e le letsatsi le fapaneng la beke ho feta mehleng ea boholo-holo, e ntse e le letsatsi la bosupa. Re ntse re etsa mosebetsi oa rona o tloaelehileng matsatsi a ts’eletseng a beke. Ebe ka letsatsi la bosupa, re khumamela Ntat’a rona ea Maholimong.

Nakong ea rona, batho ba bangata ba sebelisa letsatsi la pele la beke, e leng Sontaha, e le letsatsi la khumamelo. Liketsahalong tse ’maloa, Ntat’a rona ea Maholimong o ile a bolella moporofeta hore batho ba Hae linaheng tse ling ba ka sebelisa letsatsi le leng e le letsatsi la khumamelo.

Setśoantśo
batho ba ea bina Kerekeng

Sontata ke letsatsi la khumamela.

Re ka Boloka Letsatsi la Morena le Halalela

Hona le lintho tse ngata tseo re ka li etsang ka letsatsi la Morena. Ntho ea bohlokoa eo re ka e etsang ke ho nahana ka Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu mots’eare. Re lokela ho nahana ka lintho tseo Ba batlang re li tsebe le ho li etsa. Tse ling tsa lintho tseo reka li etsang ka letsatsi la khumamelo tse tlang ho re thusa ho hopola le ho ithuta ka Ntat’a rona ea Maholimong ke:

  1. Ho bala mangolo a halalelang a rutang ka Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu.

  2. Ho thusa batho ba bang ho ithuta ka Kereke.

  3. Ho ruta ba malapa a rona ka Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu le ka tseo Ba batlang re li etse.

  4. Ho ba teng likopanong tsa Kereke le lihlopheng tseo re ithutang haholo ka evangeli. Re ka ithuta lipale ka Jesu le lithuto tse ling tsa evangeli, re ka ba ra bolellana ka lintho tseo Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu ba re etselitseng tsona.

  5. Ho phomola mosebetsing oo re o etsang matsatsing a mang a beke.

  6. Ho rapela.

  7. Ho hloela batho ba kulang le ho ba thusa ho ikutloa hantle.

  8. Ho ngola fats’e lintho tse etsahalang ho malapa a rona hore re tle re li hopole hamorao.

Litho tsa Kereke ea Jesu Kreste ba lokela ho ja selallo ka letsatsi la khumamelo. Ba ka itukisetsa ho seja ka ho nahana ka Jesu le lintho tseo a re etselitseng tsona. Ba lokela ho kopa Ntat’a rona ea Maholimong ho ba thusa ho hopola Jesu. Ha ba ja selallo, ba lokela ho hopola lits’episo tse halalelang tseo ba li entseng. Ba lokela ho nahana ka lintho tseo Ntat’a rona ea Maholimong a ba ts’episitseng tsona ha ba ka mamela Jesu.

Hona le lintho tse ngata tseo re ka li etsang ka letsatsi la khumamelo. Ha rea lokela ho sebetsa. Ha re a lokela ho etsa ba malapa a rona, basebeletsi, kapa liphoofolo tsa rona ho sebetsa. Re lokela ho bala lintho, ho shebella mananeo a seea-le-moea pono, kapa ho mamela ’mino tse tlang ho re sitisa ho nahana ka Ntat’a rona ea Maholimong Ha rea lokela ho ea lipapaling. Ha rea lokela ho reka kapa ho rekisa letho. Lintho tsena li ka bonahala li le bohlokoa, empa ha li re thuse ho nahana ka Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu ka letsatsi lena le halalelang.

Ho ka ba le linako tseo re tlamehang ho sebetsa ka letsatsi la khumamelo, empa re lokela ho leka ho se etse joalo. Ha ho sebetsa ho hlile ho hlokahala, re lokela ho leka ho nahana ka Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu ha re ntse re sebetsa.

Puisano

  • Re lokela ho etsa eng ka letsatsi la Morena?

  • Ke eng seo re sa lokelang ho se etsa ka letsatsi la khumamelo?

Ntat’a rona ea Maholimong O ea Re Hlohonolofatsa Ha re Boloka Letsatsi La Morena le Halalela

Morero oa letsatsi la khumamelo o ea ts’oana kamehla. Ke letsatsi la ho phomola mosebetsing oo re o etsang kamehla. Ke letsatsi la ho ithuta ka Ntat’a rona ea Maholimong le ho itlhophela bophelo le Eena. Ke letsatsi leo re ntlafatsang maphelo a rona ka ho ithuta haholo ka tseo Ntat’a rona ea Maholimong a batlang re li etse.

Letsatsi lena le lokile ho rona. Le re thusa ho hopola Ntat’a rona ea Maholimong le lebaka la ho ba teng hoa rona lefats’eng mona. Ha re etsa lintho tseo Ntat’a rona ea Maholimong a batlang re li etse ka letsatsi la Morena, re fumana litlhohonolofatso. Malapa a rona a ea thaba. ’Mele ea rona e ikutloa e khatholohile. Re atamela ho Ntat’a rona ea Maholimong le lithuto tsa Hae. Re tla utloa ts’usumetso ea Moea o Halalelang haholo har’a beke. Hobane re ile ra mamela, Ntat’a rona ea Maholimong o tla re thusa ho ba le lijo, liaparo, le lintho tse ling tseo re li hlokang. O tla re thusa ho ithuta haholo ka Eena ’me re thabe.

Puisano

  • Ke afe mabaka a ho boloka letsatsi la khumamelo le halalela?

Hatisa