Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 9: Baporofeta


Khaolo ea 9

Baporofeta

Ke mang ea buang lebitsong la Ntat’a rona ea Maholimong lefats’eng kajeno, ea ka re bolellang seo Ntat’a rona ea Maholimong a batlang re se etse?

Moporofeta ke Monna Ea Buang Lebitsong la Ntat’a rona ea Maholimong

Ntat’a rona ea Maholimong o khetha monna ea tlang ho bua lebitsong la Hae lefats’eng. Monna enoa o bitsoa Moporofeta. Moporofeta o rata Ntat’a rona ea Maholimong ebile o etsa lintho tseo Ntat’a rona ea Maholimong a mo bolellang tsona. Ntat’a rona ea Maholimong o ruta moporofeta lintho tseo re lokelang ho li tseba le ho li etsa. Joale moporofeta o re bolella lintho tseo. Ha Moporofeta a bua lebitsong la Ntat’a rona ea Maholimong, o bolela lintho tseo Ntat’a rona ea Maholimong ka bo-eena a neng a tla li bua ha a bua le rona.

Tsena ke lintho tseo moporofeta a re bolellang tsona:

  • O re bolella hore Jesu ke Mora oa Ntat’a rona ea Maholimong, hore Jesu ke Mopholosi oa rona le hore lithuto tsa Jesu ke ’nete.

  • O re ruta lintho tseo Ntat’a rona ea Maholimong a itseng re li etse.

  • O re bolella hore re emise ho etsa lintho tse mpe.

  • O re bolella lintho tse tlang ho etsahala nakong e tlang.

Ntat’a rona ea Maholimong ke Eena feela ea ka khethang moporofeta. Batho ba ke ke ba khetha moporofeta. Motho a ke ke a ikhetha ho ba moporofeta. Ntat’a rona ea Maholimong o neha moporofeta matla a ho etsa mosebetsi oa Hae le ho bua lebitsong la Hae. Monna a ke ke a emela Ntat’a rona ea Maholimong ha a sena matla ana.

Puisano

  • Moporofeta o bua sebakeng sa mang?

  • Ke life lintho tseo moporofeta a re bolellang tsona?

Ntat’a rona ea Maholimong Esale A ntse A romela Baporofeta Ho re Thusa

Ntat’a rona ea Maholimong esale a tsotella bana ba Hae lefats’eng. Esale ho tloha nakong ea Adama, O ne a ntse a romella baporofeta ho thusa bana ba Hae. O romella baporofeta ho lemosa batho ka kotsi. O ba romella ho qobisa batho mathata. O ba romella ho thusa batho ho itukisetsa liketsahalo tse kholo. Bana ke baporofeta bao Ntat’a rona ea Maholimong a ileng a ba romela:

  1. Nohe: O ile a lemosa batho hore Ntat’a rona ea Maholimong o tla romela moroallo ho ba felisa ha ba sa emise ho etsa lintho tse mpe.

  2. Abrahama: O ile a mamela Ntate oa rona ea Maholimong ’me a ruta bana ba hae ho mamela Ntat’a rona ea Maholimong. Ntat’a rona ea Maholimong o ile a ts’episa Abrahama le litloholo tsa hae lintho tse ngata.

  3. Moshe: O ile a etella pele sechaba sa Israele ho se nts’a Egepeta ho se isa lefats’eng leo Ntat’a rona ea Maholimong a neng a ba lokiselitse lona.

Ntat’a rona ea Maholimong o ntse a romela baporofeta le nakong ea rona. E mong oa baporofeta ba phetseng e seng khale haholo e ne ele monna ea bitsoang Joseph Smith. O ne a lula United State of America. Ka 1820 Joseph Smith o ne a le lilemo li 14. Ka nako eo, batho ba bangata ba ne ba kena likereke tse fapaneng, ba ntse ba batla kereke ea ’nete. Joseph o ne a batla ho ba ea lokileng a fumane kereke ea ’nete ea Ntat’a rona ea Maholimong.

Ka letsatsi le leng Joseph o ne a bala buka e halalelang e bitsoang Bibele. O ile a bala moo ho thoeng ha u batla ho tseba ho hong, u botse Ntat’a rona ea Maholimong ’me Eena o tla u bolella. O ile a lumela hore Nta’ta rona ea Maholimong o fela a ka mo bolella lintho tseo a lokelang ho li etsa. O ile a nka qeto ea ho etsa thapelo e ikhethileng ho Ntat’a rona ea Maholimong.

Ka letsatsi le leng Joseph o ile a leba morunyaneng ho ea rapela. Ha a ntse a rapela, khanya e fetisang ea letsatsi e ile ea theoha leholimong. Ka har’a khanya ena o ile a bona Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu Kreste. Ntat’a rona ea Maholimong a supa Jesu a re: “Enoa Ke Mora oa Ka Ea Ratoang. Mo Mamele!”

Joseph o ile a mamela tsohle tseo Jesu a ileng a mo bolella tsona ’me a mamela le litaelo tseo Jesu a ileng a mo fa tsona.

Ha Joseph a hola, Ntat’a rona ea Maholimong o ile Aa mo khetha ho ba moporofeta. E bile Moporofeta ea matla. O ile a ruta batho ka lintho tsohle tseo Ntat’a rona ea Maholimong a neng a li batla.

Joseph Smith o ile a shoa ka 1844. Kamor’a hore a shoe, Ntat’a rona ea Maholimong o ile A khetha moporofeta e mong. Kajeno, ha moporofeta a shoa, Ntat’a rona ea Maholimong o khetha monna ea tlang ho bua lebitsong la Hae lefats’eng.

Ntat’a rona ea Maholimong o rometse baporofeta nakong ea rona.

Setśoantśo
Moporofeta Joseph Smith

Joseph Smith

Setśoantśo
Brigham Young

Brigham Young

Setśoantśo
John Taylor

John Taylor

Setśoantśo
Wilford Woodruff

Wilford Woodruff

Setśoantśo
Lorenzo Snow

Lorenzo Snow

Setśoantśo
Joseph F. Smith

Joseph F. Smith

Setśoantśo
Heber J. Grant

Heber J. Grant

Setśoantśo
George Albert Smith

George Albert Smith

Setśoantśo
David O. McKay

David O. McKay

Setśoantśo
Joseph Fielding Smith

Joseph Fielding Smith

Setśoantśo
Harold B. Lee

Harold B. Lee

Setśoantśo
Spencer W. Kimball

Spencer W. Kimball

Setśoantśo
Ezra Taft Benson

Ezra Taft Benson

Setśoantśo
Howard W. Hunter

Howard W. Hunter

Setśoantśo
Gordon B. Hinckley

Gordon B. Hinckley

Setśoantśo
Thomas S. Monson

Thomas S. Monson

Setśoantśo
Russell M. Nelson

Russell M. Nelson

Puisano

  • Ke baporofeta ba fe bao Ntat’a rona ea Maholimong a ileng a ba khetha?

  • Moporofeta Joseph Smith o ile a etsa eng?

Hona Le Moporofeta Lefats’eng Kajeno

Ntat’a rona ea Maholimong o rata bana ba Hae, ba leng lefats’eng kajeno. O ea tseba hore re na le mathata a mangata. O rometse moporofeta hore thusa. O bua le moporofeta kajeno joaloka ha a ile a bua le baporofeta ba fetileng. Ntat’a rona ea Maholimong o fa moporofeta litaelo bakeng sa batho bohle lefats’eng. Moporofeta ke eena feela ea ka amohelang litaelo ho hlaha ho Ntat’a rona ea Maholimong bakeng sa lefats’e lohle.

Moporofeta ea phelang kajeno ke monna e moholo. O rata Ntat’a rona ea Maholimong ’me O batla ho mo mamela. Ntat’a rona ea Maholimong o bolella moporofeta lintho tseo a batlang hore re li tsebe le ho li etsa.

Puisano

  • Hobaneng Ntat’a rona ea Maholimong a rometse moporofeta kajeno?

  • Moporofeta o fumana litaelo sebakeng sa mang?

  • Hobaneng re lokela ho lumela tsohle tsena tseo moporofeta a re bolellang tsona?

Ntat’a rona ea Maholimong O Re Thusa Ho Mamela Litaelo Tseo A li fang Moporofeta

Ntat’a rona ea Maholimong o re laetse ho mamela moporofeta oa Hae ha a bua lebitsong la Hae. Ha re mamela litaelo tsa Ntat’a rona ea Maholimong tseo A li fang moporofeta, re ithuta ho ba joaloka Eena. Re ithuta lintho tseo re lokelang ho li etsa. Re ka ithuta ho rarolla mathata ha re na le oona. Ntat’a rona ea Maholimong o tla re thusa, ’me re tla fumana khotso lipelong tsa rona.

Puisano

  • Hobaneng re lokela ho lumela tsohle tseo moporofeta a re bolellang tsona?

  • Ntat’a rona ea Maholimong o tla re thusa joang ha re etsa lintho tseo a laelang moporofeta ho re bolella tsona?

Hatisa