Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 3: Mopholosi oa Rona


Khaolo ea 3

Mopholosi oa Rona

Ke mang a le mong ea ka re tataisang ho khutlela ho Ntat’a rona ea Maholimong? Hobaneng re ne re tlameha ho mo latela?

Re ne re hloka Moetapele

Ntat’a rona ea Maholimong o ile a tseba hore ha re le lefats’eng ha re na ho hopola bophelo ba rona le Eena maholimong. Re ne re ke ke ra tseba lintho tseo re tlamehang ho li etsa hore re khutlele ho Eena. O ile a tseba hore re tla etsa libe. Ka lebaka la libe tsa rona, re ne re tla otloa ka ho arohanngoa le Eena ka ho sa feleng. ’Me ha re shoa re ne re tla hloka ’mele ea nama le masapo.

Re ne re tla hloka motho ho re thusa ka mathata ana. Motho enoa o ne a tla re ruta seo re tlamehang ho se etsa hore re khutlele ho Ntat’a rona ea Maholimong. O ne atla re thusa ho hlola lintho tse mpe tseo re neng re tla li etsa. O ne a tla etsa tsela bakeng sa rona hore re be le ’mele ea nama le masapo hape kamora hore re shoe. Motho enoa ene e tla ba Mopholosi. Ke Eena feela ea neng a tla re thusa ho phema kotlo ea lintho tse mpe tseo re li entseng. Ke Eena feela ea neng a tla re thusa ho mamela Ntat’a rona ea Maholimong. Ke Eena feela ea neng a tla etsa tsela bakeng sa rona hore re be le ’mele ea nama le masapo hape kamora lefu.

Puisano

  • Ke afe mathata ao Ntat’a rona ea Maholimong a tsebileng hore re tla kopana le oona lefats’eng?

  • Hobaneng re hloka Mopholosi ho re thusa?

Ntat’a rona ea Maholimong O Khethile Jesu Ho ba Mopholosi oa Rona

Ntat’a rona ea Maholimong o oa re rata, ’me O tsebile hore re tla hloka thuso. O ile a tseba hore re tla sareloa ha re sena ’mele oa nama le masapo ’me re ne re tla sitoa ho khutla re ilo lula le Eena ka ho sa feleng. Re ne re hloka ea ka re thusang. Ntat’a rona ea Maholimong o ne a batla eo e kabang Mopholosi oa rona. Ba babeli ba baholoane ba rona ba ile ba khetha ho ba Bapholosi ba rona.

Moholoane oa rona ea moholo, Jesu a kopa Ntat’a rona ea Maholimong ho romela Eena. O ile a re o tla latela moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong. A re O tla tla lefats’eng a re rute lintho tseo re ts’oanelang ho li etsa hore re khutlele ho Ntat’a rona ea Maholimong. A re O tla shoa ka lebaka la libe tsa rona. O ne a tla etsa tsela bakeng sa rona hore re phele hape kamora hore re shoe. O ne a tla re lumella ho ikhethela ho mamela kapa ho se mamele Ntat’a rona ea Maholimong.

Jesu o ne a tseba hore ho bohlokoa hore re ikhethele lintho tseo re tlang ho li etsa. Ha motho e mong a ne a ka re qobella ho mamela, re ne re tla sitoa ho ithuta le bo ba joaloka Ntat’a rona ea Maholimong. Jesu o ne a batla hore Ntat’a rona ea Maholimong a fuoe khanya le tlotlo eohle.

Satane eo a neng a bitsoa Lucifere, le eena o ile a kopa Ntat’a rona ea Maholimong ho khetha eena hore ebe Mopholosi oa rona. A re o tla tla lefats’eng a qobelle batho seo ba tlamehang ho se etsa. A re ha ho le ea mong oa rona ea tla lahleha. O ne a ke ke a re lumella ho ikhethela. E le moputso oa hae, o ne a batla khanya le tlotlo eohle eo Ntat’a rona ea Maholimong a nang le eona.

Hobane Ntat’a rona ea Maholimong o oa re rata, a khetha Jesu ho ba Mopholosi oa rona. Ka lebaka lena, Jesu o bitsoa Jesu Kreste. Kreste e bolela ea khethiloeng ke Ntat’a rona ea Maholimong ho ba Mopholosi. Ntat’a rona ea Maholimong o ile a khetha Jesu e seng Satane hobane O ne a sa batle ha re ka lahleheloa ke tokelo ea rona ea ho ikhethela. O ile a tseba hore retla etsa lintho tse lokileng hobane re batla, eseng hobane re qobelloa ke motho.

Puisano

  • Ke eng seo Jesu a neng a batla ho re etsetsa sona?

  • Ke eng seo Satane a neng a batla ho re etsetsa sona?

  • Hobaneng Ntat’a rona ea Maholimong a khethile Jesu ho ba Mopholosi oa rona?

Setśoantśo
Christ at Emmaus[Kreste Emmause], ka Carl Heinrich Bloch

Ntat’a rona ea Maholimong o khethile Jesu ho ba Mopholosi.

Jesu ke Mopholosi oa rona le Moetapele

Ha Ntat’a rona ea Maholimong a khetha Jesu, Satane o ile a halefa haholo. O ile a susumetsa karolo ea ’ngoe borarong ea meea maholimong ho mo latela. ’Moho ba loana khahlanong le Jesu le balateli ba bae. Ba ne ba batla ho qobella Ntat’a rona ea Maholimong ho amohela moralo oa Satane. Ntat’a rona ea Maholimong o ile a etsa hore Satane le balateli ba hae ba tlohe maholimong.

Satane le balateli ba hae ha ba ka ba fumana ’mele oa nama le masapo. Ba ke ke ba hlola ba khutlela ho phela le Ntat’a rona ea Maholimong. Ke ba amohetseng Jesu feela ba tla ba le ’mele ea nama le masapo.

Rea tseba, hobane re na le ’mele oa nama le masapo hore re amohetse Jesu hore e be Mopholosi oa rona. Re ile ra khetha lintho tse lokileng maholimong. Re ts’oanela ho tsoelapele ho khetha lintho tse lokileng le mona lefats’eng. Re tlameha ho latela Jesu. Ke Eena feela ea tlang ho re ruta kamoo re ka khutlelang ho Ntat’a rona ea Maholimong. A ka re thusa ho hlola lintho tse mpe tseo re li etsang ’me A re thusa ho etsa lintho tse lokileng ho fihlela re eba joaloka Ntat’a rona ea Maholimong.

Ntat’a rona ea Maholimong o batla re latele Jesu ’me re Mo mamele. O oa tseba hore Jesu o tla re ruta kamehla tsela ea Ntate oa rona ea ho etsa lintho, hore ha re mamela Jesu re mamela Ntat’a rona ea Maholimong. Taelo kapa molaetsa o tsoang ho Jesu ke taelo kapa molaetsa o tsoang le ho Ntat’a rona ea Maholimong.

Puisano

  • Re tseba joang hore re khethile Jesu ho ba Mopholosi oa rona?

  • Ke mang a le mong ea ka re tataisang ho khutlela ho Ntate ea Maholimong?

  • Hobaneng re tlameha ho latela Jesu?

Hatisa