Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 27: Lentsoe la Bohlale


Khaolo ea 27

Lentsoe la Bohlale

Tse ling tsa litlhohonolofatso tse kholohali tseo Ntat’a rona ea Maholimong a re nehileng tsona ke ’mele ea rona le masapo. O re nehile molao oa bophelo ho re thusa ho hlokomela ’mele. U tseba eng ka molao oa bophelo?

’Mele ea Rona E Ea Halalela

Le leng la mabaka a bohlokoa a ho tla lefats’eng ke ho amohela ’mele ea nama le masapo. Re hloka ’mele hore re be joaloka Ntat’a rona ea Maholimong. Ke ka ho ba le ’mele ea nama le masapo feela re ka ithutang lintho tseo re hlokang ho li tseba ho ba joaloka Eena. Re ka ba le bana. Re ka amohela lits’ebeletso tse hlokahalang hore re khutlele ho Ntat’a rona ea Maholimong. Ntle le ’mele, re ne re ke ke ra etsa lintho tsena.

Hobane meea e lula kahar’a ’mele, ’mele o ea halalela. Ha re na le tumelo ho Jesu Kreste ’me re leka ho mamela, Ntat’a rona ea Maholimong o romela Moea o Halalelang ho ba le rona. Moea o Halalelang a ke ke a lula le rona ha re sa mamele re bile re sa hlokomele ’mele ea rona.

Ha re shoa, meea ea rona e tla tsoa ’meleng. Ha Jesu a shoa, Moea oa Hae o ile oa tsoa ’meleng oa Hae. Kamor’a matsatsi a mararo, Moea oa Hae o ile oa kena kahar’a ’mele oa Hae hape a tsoha bafung. Jesu o ne a na le matla a ho tsoha bafung; ’me ka lebaka la sehlabelo sa Hae ho rona, le rona re tla tsoha bafung kamor’a hore re shoe. Meea le ’Mele ea rona li tla kopana hammoho hape. Jesu o ile a tseba hore re tla hloka ’mele ea nama le masapo e tla phela ka ho sa feleng hore re be joaloka Ntat’a rona ea Maholimong ’me re phele le Eena ka ho sa feleng.

Ntat’a rona ea Maholimong o batla re hlokomele ’mele ea rona. Ha re hlokomela ’mele ea rona, re ka phela hantle re tihile, ’me re etsa lintho tse ling tseo a batlang re li etse. Bohle re lokela ho etsa qeto ea hore na re hlokomela ’mele ea rona kapa re etsa lintho tse tlang ho e beha kotsing. Rea tseba hore ’mele ea rona e bohlokoa bophelong bona le bo tlang. Re lokeka ho batla ho e hlokomela. Ntat’a rona ea Maholimong ha a thabe ha re sa hlokomele ’mele ea rona.

Batsoali ke bona ba lokelang ho ruta bana ba bona hore ’mele ea bona ke mpho e halalelang e hlahang ho Ntat’a rona ea Maholimong ’me ba hlalose hore na hobaneng ’mele ea bona e le bohlokoa. Ha bana ba utloisisa na hobaneng ho le bohlokoa ho hlokomela ’mele ea bona, ba ke ke ba batla ho latela liteko tsa Satane.

Puisano

  • Hobaneng re na le ’mele ea nama le masapo?

  • Hobaneng ha ’mele ea rona e halalela?

  • Hobaneng ho le bohlokoa hore re rute bana ba rona bohlokoa ba ho hlokomela ’mele ea rona?

Ntat’a rona ea Maholimong O re Nehile Molao oa Bophelo

Ntat’a rona ea Maholimong o re boleletse lintho tse loketseng ’mele ea rona le lintho tse ling tse sa lokang bakeng sa eona. Sena se ngoliloe ka mangolong a halalelang ’me se bitsoa Lentsoe la Bohlale.

Ntat’a rona ea Maholimong o senotse Lentsoe la Bohlale ho Moporofeta Joseph Smith. Ke molao. Re lokela ho mamela molao ona hore re be le ’mele e tihileng le likelello.

Lentsoe la Bohlale le re ruta se loketseng ’mele ea rona. Re lokela ho ja le ho noa feela lintho tse loketseng ’mele ea rona. Re lokela ho ja litholoana, meroho le lijo thollo. Re lokela ho ja lijo tse lekaneng ’me se ke ra ja haholo. Ha rea lokela ho ja nama e ngata.

Puisano

  • Ke lijo life tse loketseng ’mele ea rona?

Ntat’a Rona Ea Maholimong O Re Boleletse Se Sa Lokelang ’Mele ea Rona

Ntat’a rona ea Maholimong o ile a tseba hore Satane o tla re susumetsa ho sebelisa ’mele ea rona hampe. Ntat’a rona ea Maholimong o re boleletse lintho tse ling tse sa lokelang ’mele ea rona. Ho noa joala ha hoa lokela ’mele ea rona. Ntat’a rona ea Maholimong o re laetse hore re se noe joala le lino tse ling tse nang le joala. Lintho tsena li ka baka bokuli ’me tsa tlisa ho se thabe ka lapeng. Ha batho ba noa lintho tsena, ha ba nahane hantle. Lino tsena li etsa hore batho ba khethe lintho tse mpe, ho bua leshano, ho senya chelete, le ho roba molao oa bohloeki. Ha mosali oa moimana a noa joala, a ka utloisa lesea le so hlahe bohloko. Batho ba noang joala ba baka mathata a mangata.

Ntat’a rona ea Maholimong o re boleleletse hore koae e kotsi ’meleng ea rona. Ha rea lokela ho tsuba kapa ho hlafuna koae. Bo-rasaense ba netefalitse hore koae e baka bokuli ’me e ka ba kotsi ho masea a so hlahe.

Ntat’a rona ea Maholimong o re boleletse hore re se ke ra noa kofi le tee. Ha rea lokela ho noa kofi le tee hobane li na le lithethefatsi tse kotsi. Ha rea lokela ho sebelisa lithethefatsi, ntle le tse litlhareng tseo re li fuoang ke lingaka.

Ntat’a rona ea Maholimong o re boleletse hore joala, koae le lithethefatsi li ka re thusa ha re tseba ho li sebelisa ka nepo. O boletse hore joala bo ka sebelisoa feela ho hlatsoa ’mele ea rona. Koae e ka sebelisoa ho folisa maqeba likhomong. Lithethefatsi li ka thusa ho re folisa ha re kula. Empa pele re leka ho sebelisa lintho tsena, re lokela ho ithuta ho batho ba bohlale hore na li sebelisoa joang. Ha re li sebelisa ka mokhoa o fosahetseng, li ka ba kotsi.

Ha rea lokela ho noa eng kapa eng e sa lokelang ’mele ea rona. Lentsoe la Bohlale le re bolella tse ling tsa lintho tse kotsi. Ke molao oa bohlokoa.

Lentsoe la Bohlale le re ruta ha le re bolelle lintho tsohle tseo re sa lokelang ho li sebelisa. Re lokela ho utloisisa hore ntho efe kapa efe e kotsi ’meleng ea rona kapa likelellong tsa rona, leha e sa boleloa ka ho Lentsoe la Bohlale, ha e ea lokela ho sebelisoa. Re lokela ho hlokomela ’mele ea rona ka litsela tse ling, joaloka ho e hlatsoa khafetsa hore e lule e hloekile le ho ikoetlisa le ho phomola ho lekaneng.

Puisano

  • Re tseba joang hore lintho tse ling ha lia lokela ’mele ea rona?

  • Ke life lintho tseo re sa lokelang ho li noa kapa ho li ja ’meleng ea rona?

  • Ho phomola le ho ikoetlisa ho amana joang le molao oa bophelo oa Ntat’a rona ea Maholimong?

  • Re boloka ’mele ea rona e hloekile joang?

Litlhohonolofatso Tse Kholo Li Tla ha Re Mamela Molao oa Bohlale

Ha re mamela Molao oa Bohlale, Ntat’a rona ea Maholimong o tla hlohonolofatsa ’mele ea rona ho tiha ho feta ka moo e neng e ka ba ka teng ha re ne re sa mamela taelo ena. Re tla etsa mosebetsi oa hae ka tsela e ntlafetseng lefats’eng mona. O boletse hore ha re mamela molao o na re tla matha empa ha re na ho khathala re be re tsamae re sa ilibane. Hona ke tlhohonolofatso e kholo.

Ntat’a rona ea Maholimong o ts’episitse ho re hlohonolofatsa ka bohlale bo boholo le leseli ha re mamela Lentsoe la Bohlale. Moea o Halalelang o re senolela lintho tse ngata tsa bohlokoa tseo re ka beng re sa li tseba. Satane ha a na ho ba le matla holim’a rona. Ha re mamela Lentsoe la Bohlale, re tla phela hantle re itukisetsa bophelo ba bosafeleng* le Ntat’a rona ea Maholimong.

Puisano

  • Litlhohonolofatso Tse Kholo Li Tla ha Re Mamela Lentsoe la Bohlale?

Hatisa