Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 10: Mangolo a Halalelang


Khaolo ea 10

Mangolo a Halalelang

Ntat’a rona ea Maholimong o re nehile libuka tse halalelang tse ’ne ho re thusa. Na u tseba mabitso a libuka tsee?

Ntat’a rona ea Maholimong O re Bonts’a Lerato ka Ho re Neha Lingoliloeng tse Halalelang

Ntat’a rona ea Maholimong o boleletse baporofeta ho ngola litaba tseo a batlang re li tsebe. Lingoliloeng tsena li bitsoa mangolo a halalelang. Li a halalela hobane litaba tse ka hare ho tsona li tsoa ho Ntat’a rona ea Maholimong. Li kholo ebile li molemo ho feta eng kapa eng eo motho a ka e ngolang kantle le thuso ea Ntat’a rona ea Maholimong.

Ntat’a rona ea Maholimong o re nehile libuka tsena ho re thusa. Ka ho li bala re ka ithuta ka moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong ka rona. Re ka ithuta ka bophelo ba rona le Eena pele re tsoaloa. Re ka ithuta ka Jesu Kreste. Re ka ithuta lintho tseo re ts’oanelang ho li tseba le ho li etsa ho ba joaloka Ntat’a rona ea Maholimong.

Lingoliloeng tsena li re thusa ho ithuta hore Ntat’a rona ea Maholimong o oa re rata ’me o rata hore re etse lintho tse lokileng. Li re ruta ka batho ba bang ba ileng ba ithuta ka Ntat’a rona ea Maholimong. Ba re bolella hore O rata batho bohle. Re bala ka mangolong ana a halalelang hore ha batho ba khetha ho mamela Ntat’a rona ea Maholimong, ba ba le thabo ’me O oa ba thusa. Ha ba sa Mo mamele, ha ba thabe ebile ha ba fumane thuso ea Hae.

Puisano

  • Mangolo a halalelang ke eng?

  • Ke eng eo re ithutang eona mangolong a halalelang?

Re Na le Libuka Tse ’Ne tsa Mangolo A Halalelang

Libuka tse ’ne tsa mangolo a halalelang ke Bibele, Buka ea Mormone, Lithuto tsa Tumelo Le Lilekane, le Lehakoe la theko e Phahameng. Kaofela li na le mantsoe a Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu Kreste. Kaofela li ruta lithuto tsa ’nete tsa Ntat’a rona ea Maholimong le Morena Jesu Kreste.

Bibele

Bibele e na le mantsoe a Ntat’a rona ea Maholimong ao a a nehileng batho ho tloha nakong ea Adama ho fihlela nakong eo Ba-Apostola* ba Jesu ba neng ba phela. Mantsoe ana ke a hore re ithute le ho a latela le kajeno. Bibele e arotsoe ka likarolo tse peli. Ke Testamente ea Khale le Testamente e Ncha.

Testamente ea Khale e qala ka pale ea Ntat’a oa rona ea Maholimong ea ho etsa lefats’e a ba a romella monna le mosali ba pele lefats’eng. Testamente ea Khale e kenyelelitse lipale tsa baporofeta ba bangata joaloka Nohe, Abrahama, Isiraele, Moshe, Esaia le Elija. Lipale tsena li bolela ka moo Ntat’a rona ea Maholimong a neng a thusa batho ka teng ha ba etsa hantle. E hlalosa hape hore ha batho ba ne ba sa mamele baporofeta ba bile ba sa mamele lithuto tsa Ntat’a rona ea Maholimong, ba ne ba sa fumane thuso ea Hae.

Testamente e Ncha ke karolo ea bobeli ea Bibele. E bolela ka pale ea tlhaho le bophelo ba Jesu lefats’eng. E kenyelelitse lithuto tse monate tsa Jesu le lipale tse ngata tsa lerato la hae ho batho le ka moo a ileng A ba thusa ka teng. E hlalosa ka moo a ileng a bitsa Ba-Apostola ka hara balateli ba Hae le ka moo a ileng a ruta Ba-Apostola bao, ’me a ba neha matla a ho etsa mosebetsi oa Hae. Balateli ba Hae ba ile ba tseba hore ke Mopholosi. Hamorao lingoli li ile tsa mo bitsa Morena Jesu Kreste.

Testamente e Ncha e bolela ka mahlomola a Jesu le hore na o shoeletse batho bohle joang. Testamente e Ncha e qetella ka lipale tsa ka moo Ba-Apostola ba Hae ba ileng ba ruta ba bang ka Eena, le ka litaba tse tlang ho etsahala pele Jesu a tla hape, le qetello ea lefats’e.

Batho ba lefats’e ha ba ka ba amohela Ba-Apostola empa ba ile ba ba ts’eha, ba ba hlorisa, ba ba bolaea. Ha Ba-Apostola le baporofeta ba se ba shoele, ho ne ho se motho ea setseng ho ngola lentsoe la Ntat’a rona ea Maholimong.

Bibele ke mantsoe a Ntat’a rona ea Maholimong ha feela e fetoletsoe ka mokhoa o nepahetseng.

Buka ea Mormone

Buka ea Mormone e na le lithuto tsa Ntat’a rona ea Maholimong ho batho ba neng ba phela tikolohong ea Amerika. Likarolo tsa litaba tsena li ngotsoe lilemong tse 2000 pele Jesu Kreste a hlaha. Karolo e ’ngoe e qala lilemong tse ka bang 600 pele ho Jesu Kreste ’me li felle lilemong tse 400 kamora hore A hlahe. Buka ena e kenyeletsa lithuto tsa bohlokoa tsa Ntat’a rona ea Maholimong. Buka ea Mormone e ngotsoe ho thusa batho ba mehleng eo le ba kajeno hore Jesu ke Mopholosi oa Lefats’e.

Boholo ba Buka ea Mormone bo bolela ka sehlopha sa batho se ileng sa nka leeto la ho tloha Jerusalema hoea tikolohong ea Amerika. Ba ile ba nka leeto lena lelilemong tse 600 pele Jesu Kreste a hlaha. Ba ile ba etelloa pele ke moporofeta ea bitsoang Lehi le mora oa hae Nefi. Ba babeli ba baholoane ba Nefi ba ne ba le khopo ba sa mamele ntate oa bona. Ba ne ba bitsoa Lamane, le Lemuele.

Ha Lehi a shoa, ba lelapa la hae ba ile ba arohana ka likoto tse peli. Batho ba ileng ba latela Nefi ba ile ba ipitsa Ba-Nefi. Balateli ba Lamane le Lemuele ba ile ba bitsoa Ba-Lamane. Lihlopha tsena li ile tsa hola tsa eba sechaba se sengata. Ba-Nefi le Ba-Lamane ba ile ba loants’ana lilemo tse ngata. Ntat’a rona ea Maholimong o ile a hlohonolofatsa le ho sireletsa batho ba neng ba mamela litaelo tsa Hae.

Ntat’a rona ea Maholimong o ile a khetha baporofeta ba bangata ho ruta le ho etella batho ba Hae pele Amerika. Lipale tsa bophelo ba bona le lithuto tsa bona li fumanoa ka har’a Buka ea Mormone. Ba bang ba baporofeta ba bohlokoa ka bukeng ena ke Nefi, Jakobo, Benjamine, Alma, Mormone le Moroni. Banna bana kaofela ba ngotse ka nalane ea batho ba Ntat’a rona ea Maholimong ba Amerika. Mormone o ile a nka lipale tsena tse ngotsoeng ke baporofeta a etsa buka.

Baporofeta ba ile ba bolella batho hore Jesu otla etela lefats’e la bona kamor’a hore a qete mosebetsi oa Hae Jerusalema. Jesu Kreste o itlhahisa ho batho Amerika. O ile a ba ruta evangeli* ea Hae le lintho tseo ba tlamehang ho li etsa hore ba tle ba khutlele ho Ntat’a rona ea Maholimong.

Batho ba ile ba lumela ho Jesu ba mo hlompha ka lilemo tse ngata. Ba ne ba lokile ba phela ka khotso. Ba ile ba qala ho lebala Jesu. Ba emisa ho mamela baporofeta. Ba etsa lintho tse khopo.

E mong oa baporofeta ba ho qetela, Mormone, o ile a fana ka nalane ea batho ba hae, Ba-Nefi ho mora oa hae Moroni. Kamor’a hore batho ba hae ba bolaoe ntoeng e kholo le Ba-Lamane, Moroni o ile a pata nalane eo baporofeta ba e ngotseng ka batho ba hae thabeng.

Nalane e ile ea lula e patiloe thabeng lilemo tse makholo-kholo. Qetellong, ka 1820, Ntat’a rona ea Maholimong o ile a khetha Joseph Smith ho ba moporofeta oa Hae ’me a romela Moroni ea tsositsoeng* ho bonts’a Joseph moo nalane e patiloeng teng. Joseph o ile a fetolela nalane ho Sekhooa. Kajeno e tsebahala ka lebitso la Buka ea Mormone.

Buka ea Mormone e ngotsoe ho bonts’a batho hore Ntat’a rona ea Maholimong o tseba le ho rata batho bohle lefats’eng. Buka ea Mormone e ruta hore Jesu ke Mopholosi oa batho bohle lefats’eng le hore ke Mora oa Ntat’a rona ea Maholimong.

Lithuto tsa Tumelo le Lilekane

Lithuto tsa Tumelo le Lilekane ke mantsoe a Ntat’a rona ea Maholimong ho batho ba kajeno. E na le litaelo tsa ho hlophisa Kereke ea Jesu Kreste. E hlalosa mesebetsi ea litho le baetapele. E na le lithuto tse ileng tsa lahleha nakong e fetileng tsa batho ba lefats’e. E hlalosa lithuto tse ling tsa Bibele.

Lithuto tsa Tumelo le Lilekanee na le melaetsa bakeng sa rona ba phelang nakong ena. E hlokomelisa batho ka lintho tse tlang ho tla ha re sa mamele Ntat’a rona ea Maholimong. E bolella batho hape ka lintho tse ntle tseo Ntat’a rona ea Maholimong a re lokiselitseng tsona ha re ka Mo mamela.

Lehakoe la Theko e Phahameng

Lehakoe la Theko e Phahameng ena le buka ea Moshe, buka ea Abrahama, le lingoliloeng tsa Joseph Smith.

Buka ea Moshe e kenyelelitse lipono tseo Ntat’a rona ea Maholimong a li nehileng Moshe. E hlalosa Popo ea lefats’e. E kenyeletsa lithuto tse ileng tsa lahleha tsa Bibele.

Buka ea Abrahama e bolela ka Popo ea lefats’e le ka Ntat’a rona ea Maholimong le matla a hae.

Lingoliloeng tsa Joseph Smith li bolela ka kamoo Ntat’a rona ea Maholimong a ileng a bitsa Joseph Smith. Li kenyelelitse liphetolelo tse ling tsa Bibele le lipolelo tse hlalosang tse ling tsa litumelo tsa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno. Lipolelo tsena li bitsoa Lintlha tsa Tumelo.

Moporofeta oa Ntat’a rona ea Maholimong ea phelang kajeno le eena o ngola litaba tseo Ntat’a rona ea Maholimong a mo bolellang tsona. Ntat’a rona ea Maholimong o ne a bolella baporofeta ba khale litaba tse kholo tsa bohlokoa. Ntat’a rona ea Maholimong o ntse a tsoelapele ho bolella ba kajeno litaba tse kholo tsa bohlokoa.

Puisano

  • Ke life libuka tse ’ne tse halalelang tseo re nang le tsona kajeno?

  • Ke hobaneng ha libuka tsee li le bohlokoa ho rona?

Ntat’a rona ea Maholimong O tla Re Thusa Ho Ithuta Mangolo a Halalelang

Ka mangolong a halalelang, Ntat’a rona ea Maholimong o re ruta ka moralo oa Hae oa hore re tle re khutlele ho Eena. Ka ho ithuta mangolo a halalelang re ka ithuta lintho tseo a batlang hore re ithute tsona le ho li etsa. Ha re sa ithute mangolo a halalelang, re ke ke ra tseba se ka har’a oona. Re ke ke ra tseba seo Ntat’a rona ea Maholimong a batlang re se etse.

Re ts’oanela ho ithuta mangoloa halalelang kamehla. Re ts’oanela ho balla ba malapa a rona mangolo a halalelang. Re ts’oanela ho thusa ba malapa a rona ho utloisisa mangolo a halalelang. Re ts’oanela ho ruta bana ba rona hore tsena ke libuka tse halalelang tse tsoang ho Ntat’a rona ea Maholimong. Re ts’oanela ho ba thusa ho tseba se ka har’a libuka tsena le ho li ananela.

Puisano

  • Ntat’a rona ea Maholimong o tla re thusa joang ha re bala mangolo a halalelang?

Hatisa