Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 22: Ho Mamela


Setśoantśo
Baptism of Christ [Kolobetso ea Kreste], ka Greg Olsen

Jesu o ile a mamela Ntate oa Hae ka ho kolobetsoa.

Khaolo ea 22

Ho Mamela

Ntat’a rona ea Maholimong o re boleletse lintho tseo re lokelang ho li etsa hore re thabe re be re khutlele ho Eena. Re ka ithuta joang ho etsa lintho tsee?

Ntat’a rona ea Maholimong O Re Nehile Melao Hobane O Oa Re Rata

Ntat’a rona ea Maholimong o batla re thabe lefats’eng mona hobane O oa re rata. O batla re khutle re ilo phela le Eena hore re tle re be le nyakallo eo a nang le eona. Re ka etsa sena ha feela re sebelisa bokhoni ba rona boo a re nehileng bona hore re be joaloka Eena.

Ntat’a rona ea Maholimong o tseba seo re lokelang ho se etsa hore re be joaloka Eena. O re nehile litaelo tse re bolellang seo re lokelang ho se etsa. O re bolella tseo re sa lokelang ho li etsa.

Taelo e ’ngoe le e ’ngoe eo Ntat’a rona ea Maholimong a re nehileng eona ke molemong oa ho re thusa. Litaelo tsena e ka ba tataiso bophelong ba rona, ’me ha re li mamela re tla ba le thabo.

Bohle re robile litaelo tsa Ntat’a rona ea Maholimong. Kaha re robile litaelo tsa Ntat’a rona ea Maholimong, re entse sebe. Hobane re entse sebe, re ile ra arohana le Ntat’a rona ea Maholimong. Kahlolo e lokelang libe tsa rona ke ho arohanngoa le Ntat’a rona ea Maholimong ka ho sa feleng.

Empa Ntat’a rona ea Maholimong o oa re rata. O entse tsela ea ho patala kotlo ea libe tsa rona. O rometse Mora oa Hae Jesu, ho patala kotlo ea libe tsa rona. Jesu o patetse kotlo eo, ’me re ka khutlela ho Ntat’a rona ea Maholimong ka ho ba le tumelo ho Jesu. Ho ba le tumelo ho Jesu ho bolela ho mo ts’epa le ho ba balateli ba mamelang. Ba nang le tumelo ho Jesu ba mamela litaelo tsa Hae. Mohato oa pele oa ho khutlela ho Ntat’a rona ea Maholimong ke ho ba le tumelo ho Jesu le ho Mo mamela ka bots’epehi. Joale ha re tsoelapele re beha tumelo ho Jesu o tla re thusa ho mamela litaelo tsohle tsa Ntat’a rona ea Maholimong ’me Ntat’a rona ea Maholimong o tla re ts’oarela libe tsa rona.

Tse ling tsa litaelo tsa Jesu ke tsa litho tsohle tsa Kereke. O fana ka tsena ka har’a mangolo a halalelang ka baporofeta ba Hae. Litaelo tse ling O fana ka tsona ho batho ka bo mong ka Moea o Halalelang. Mohlala, mangolo a halalelang le baporofeta ba re bolella hore litho tsohle tsa Kereke li lokela ho thusa ho ruta evangeli ho ba bang. Empa Moea o Halalelang o tla ruta e mong le e mong oa rona seo re ka se etsang ka bo mong ho ruta evangeli ho ba malapa a rona, metsoalle, le bahaisane. Ha re bala mangolo a halalelang, re mamela mantsoe a baporofeta, re latela ts’usumetso ea Moea o Halalelang, kamehla re tla tseba seo re lokelang ho se etsa.

Puisano

  • Litaelo tsa Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu li re bonts’a lerato la bona joang?

  • Re ka tseba joang seo Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu Ba batlang re se etse?

Taelo e ’Ngoe Le e ’Ngoe ea Ntat’a rona ea Maholimong e Bohlokoa

Re lokela ho ikemisetsa ho etsa tsohle tseo Jesu a re laelang ho li etsa. Litaelo tsa hae tsohle li bohlokoa ’me li re thusa hore re itlhophele ho phela le Ntat’a rona ea Maholimong. Bibele e bolela ka pale ea monna ea neng a bitsoa Naamane. O ne a kula haholo ’me a batla moporofeta ea bitsoang Elisha hore a mo folise. O ile a tloha ha hae a ea naheng eo Elisha a neng a phela ho eona. Elisha o ile a romela motho ho bolella Naamane ho hlapa makhetlo a supileng nokeng ea Jordane, ’me o tla fola.

Naamane o ne a halefile ha a bolelloa ho etsa seo. O ile a ipotsa na hobaneng a lokela ho ea nokeng ea Jordane, empa ho ntse ho na le linoka tse ngata moo a phelang. Empa le ha a ne a halefile, Naamane o ile a khetha ho mamela. Ka ha o ile a mamela, o ile a fola. Ha a ne a sa mamela, a ka be a sa folisoa.

Batho ba bang ba nahana hore ho thata ho mamela litaelo tsa Jesu. Ho kile hoa eba le monna ea bitsoang Nefi, eo eena le baholoane ba hae ba ileng ba kopuoa ho etsa se seng se thata. Jesu o ile a ba bolella ho khutlela Jerusalema ho nka mangolo a halalelang a bohlokoa. Baholoane ba hae ba ile ba re ba ke ke ba etsa seo. E ne ele ntho e thata. Nefi o ile a re o tla etsa seo Jesu a neng a batla a se etse. O ile a bolela hore ha Jesu a re bolella ho etsa se seng, ho sa tsotellehe na se thata hakae, O re thusa ho se etsa.

Jesu o re boleletse hore re lokela ho sebetsa hore re be joaloka eena le Ntat’a rona ea Maholimong. A k’abe a sa re bollella ho etsa sena ntle le hore O oa tseba re ka se etsa.

Jesu o ts’oana le Ntat’a rona ea Maholimong ha a na libe. Bohle re sitiloe, empa re ka ba joaloka Ntat’a rona ea Maholimong ka ho ba le tumelo ho Jesu le ka pako.

Ka nako e ’ngoe ha re na ho utloisisa lebaka la tse ling tsa litaelo tsa Jesu. Empa haeba re rata Jesu ebile re a mo ts’epa, re tla etsa seo a re bolellang ho se etsa. Re tla mamela le ha re sa utloisise na hobaneng re bolelloa ho etsa se seng. Adama le Eva ba entse sena. Jesu o ile a bolella Adama le Eva ho etsa sehlabelo* ho Ntat’a rona ea Maholimong. Ka letsatsi le leng lengeloi le ile la tla ho Adama la mo botsa hore na hobaneng a etsa sehlabelo. Adama o ile a bolela hore ha a tsebe na hobaneng, ntle le hore Jesu o mo bolelletse hore a se etse. Lengeloi le ile la bolella Adama lebaka la molao eaba le ruta Adama evangeli. Jesu o ile a thabisoa ke Adama hobane Adama o ile a Mo mamela le pele a tseba lebaka la molao.

Re lokela ho mamela litaelo tsa Jesu hobane re mo rata re bile re batla ho Mo mamela. Ntat’a rona ea Maholimong o boletse hore O thabisoa ke ba ratang ho mamela Jesu. O halefisoa ke ha bana ba hae ba sa mamele Jesu hofihlela se seng se ba qobella ho mamela. Ntat’a rona ea Maholimong o batla bana ba Hae ba ithute ho rata Jesu le ho Mo mamela, hobane ke eona feela tsela eo ba ka khutlelang ho Eena ka eona.

Puisano

  • Hobaneng ho le bohlokoa ho mamela Jesu le litaelo tsa hae leha ho bonahala li le thata ho mameleha?

  • Hobaneng re lokela ho mamela litaelo leha re sa li utloisise?

  • Hobaneng ha ho le bohlokoa ho mamela hobane re batla ho mamela?

Ha re Rata Ntat’a rona ea Maholimong, Re Batla Ho Mamela Jesu

Jesu o ile a etsa tsohle tseo Ntat’a rona ea Maholimong a neng a batla a li etse. Jesu o ile a mamela Ntat’a rona ea Maholimong hobane a mo rata. Satane o ile a leka Jesu hore a se mamele Ntat’a rona ea Maholimong. Jesu ha a kaba a etsa lintho tseo Satane a ileng a leka hore a li etse.

Taelo ea Pele ea Bohlokoahali ke Ho Rata Ntat’a rona ea Maholimong

Ha re rata Ntat’a rona ea Maholimong, re tla batla ho Mo Mamela joaloka ha Jesu a entse. Re ka rata Ntat’a rona ea Maholimong haholo ha re ka ithuta haholo ka Eena. Re hloka ho ithuta ka Eena le tseo a re etsetsang tsona. Re ithuta sena ka ho bala mangolo a halalelang le ka ho mamela baetapele ba Kereke ea Jesu Kreste. Ha re rata Ntat’a rona ea Maholimong, re tla rata le Jesu ka lebaka la seo Jesu a se entseng ho re thusa ho khutlela ho Ntat’a rona ea Maholimong. Re ithuta ho rata Jesu ka ho etsa lintho tseo a re laelang ho li etsa. Ha lerato la rona ho Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu le hola, ho mamela litaelo tsa bona ho ba bonolo.

Taelo e Kholo ea Bobeli ke Ho Rata Batho Bohle

Jesu o re boleletse ho rata le ho thusa batho ba bang. O re boleletse ho ts’oara batho ba bang ka tsela eo re batlang hore ba re ts’oare ka eona. O itse ha rea lokela ho bua tse mpe ka bona. Re lokela ho ba ts’oarela liphoso tsa bona. Re ka thusa ba bang ka hohle ka moo re khonang.

Ha re rata Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu, re rata ba bang re be re ba thuse. Ha re rata le ho sebeletsa Jesu le batho ba bang, ho mamela litaelo tsohle tsa Ntat’a rona ea Maholimong ho ba bonolo.

Puisano

  • Ke li fe litaelo tse kholo tse peli?

  • Mohlala oa Jesu o ka re thusa joang ho mamela litaelo tsa Ntat’a rona ea Maholimong?

  • Re ka ithuta joang ho rata Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu re batle ho mamela litaelo tsa Bona?

Tlhohonolofatso e ’Ngoe Le e ’Ngoe e Tlisoa ke Mamelo

Ntat’a rona ea Maholimong o oa re hlohonolofatsa ha re mamela litaelo tsa Hae. O ts’episa tlhohonolofatso bakeng sa taelo e ’ngoe le e ’ngoe eo re e mamelang. Nako eohle ha re mamela taelo, re amohela tlhohonolofatso ea ho e mamela. Ha re sa mamele taelo, re ke ke ra lebella ho amohela tlhohonolofatso e ts’episitsoeng.

Tse ling tsa litlhohonolofatso tse tlisoang ke ho mamela litaelo tsa Ntat’a rona ea Maholimong ke thabo, bolokolohi bo se nang ts’oho, bophelo bo botle, le leseli le lengata le bokhoni. Tlhohonolofatso e kholo eo Ntat’a rona ea Maholimong a re ts’episitseng eona ke hore re ka ba joaloka Eena ra ba ra phela le Eena ka ho sa feleng. Re ka fumana litlhohonolofatso tsena ka ho mamela litaelo tsa Hae tsohle.

Ha re leka ka bots’epehi ho mamela litaelo tsa Ntat’a rona ea Maholimong, ho bohlokoa ho hopola hore re ka li etsa ka thuso ea Jesu. Re lokela ho hopola hore ha re sa mamele, Ntat’a rona ea Maholimong o tla re ts’oarela ha re beha tumelo ho Jesu Kreste re bile re baka. Kaha re sitiloe bohle, re lokela ho leboha ka Topollo ea Jesu Kreste. Hobane ka Topollo ea Hae, Ntat’a rona ea Maholimong a ka re ts’oarela le ho re hlohonolofatsa a ba a re thusa ho mamela. Re ne re ke ke ra lokeloa ke litlhohonofatso tsa Ntat’a rona ea Maholimong ka bo rona.

Puisano

  • Ke litlhohonolofatso life tse ka tlang ho uena ka lebaka la mamelo ho Ntat’a rona ea Maholimong?

  • Jesu o re thusa joang ho fumana litlhohonolofatso tsee?

  • Re ka amohela limpho tse kholo tsa Ntat’a rona ea Maholimong joang?

Hatisa